LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Lula u Latela Lenaneo la Hao la ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
Na u thatafalloa ke ho latela lenaneo la hao la ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ka lebaka la lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa? (Josh. 1:8) Haeba ho joalo, leka e ’ngoe ea litlhahiso tsena:
E-ba le ntho e tla lula e u hopotsa. Etsa hore fono ea hao e u hopotse ha e le nako ea ho bala Bibele.
Beha Bibele ea hao moo u tla lula u e bona. Haeba u sebelisa Bibele e hatisitsoeng, e behe moo u tla khona ho e bona habonolo letsatsi le letsatsi.—Deut. 11:18.
Mamela Bibele e rekotiloeng. Ha u ntse u etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi, mamela Bibele e rekotiloeng. Morali oa bo rona Tara eo e leng pula-maliboho ebile e le motsoali ea sebetsang bosiu o re: “Ha ke mamela Bibele e rekotiloeng ha ke ntse ke etsa mesebetsi ea ka tlung, seo se nthusa hore ke khone ho bala Bibele letsatsi le letsatsi.”
U se ke oa tela. Haeba ho e-ba le lintho tse u sitisang hore u bale Bibele letsatsing leo, pele u robala bala litemana tse ’maloa etsoe sejo senyane ha se fete molomo.—1 Pet. 2:2.