Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w20 November maq. 8-11
  • Jehova o Tla U Hlohonolofatsa ha U Khutlela Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Tla U Hlohonolofatsa ha U Khutlela Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEBAKA SE SETLE SA HO ETSA BARUTUOA
  • BA THABISOA KE HO ETSA BATHO BARUTUOA
  • BA BONA HA JEHOVA A BA TŠEHETSA
  • BA THABELA HO THUSA BATHO HO INEHELA HO JEHOVA
  • “RE ENTSE NTHO E NEPAHETSENG”
  • “Ke Ithutile Lintho Tse Ngata ho Batho ba Bang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Leeto le Thabisang Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Hao
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
w20 November maq. 8-11
Mor’abo rona Onésime le morali’abo rona Géraldine ba bua le morekisi e mong ka Bibele.

Mor’abo rona Onésime le morali’abo rona Géraldine

Jehova o Tla U Hlohonolofatsa ha U Khutlela Hae

BARA le barali babo rona ba bangata ba ileng ba tloha linaheng tsa habo bona ho ea batla mesebetsi e patalang hantle linaheng tse ling ba se ba khutletse habo bona. Ba falleletse libakeng tseo ho tsona ho hlokahalang bahoeletsi ba bangata hobane ba rata Jehova ebile ba rata batho. (Mat. 22:​37-39) Ke lintho life tseo ba ileng ba li tela, hape ba ile ba fumana litlhohonolofatso life? A re fumaneng likarabo ka ba ileng ba tloha naheng ea Cameroon e ka bophirimela ho Afrika.

SEBAKA SE SETLE SA HO ETSA BARUTUOA

Ka 1998 mor’abo rona Onésime o ile a falla habo Cameroon. O qetile lilemo tse 14 a phela naheng e ’ngoe. Ka le leng ha a le libokeng, o ile a utloa puong ho buuoa ka papiso e amanang le mosebetsi oa boboleli. Sebui se ile sa re: “Haeba batho ba babeli ba tšoasa litlhapi libakeng tse peli tse fapaneng ebe e mong o tšoasa litlhapi tse ngata ho feta e mong, na ea tšoasang litlhapi tse nyenyane o ne a ke ke a ea moo litlhapi li leng ngata?”

Papiso eo e ile ea etsa hore mor’abo rona Onésime a nahane ka ho khutlela habo Cameroon ho ea thusa bahoeletsi ba moo hobane batho ba bangata ba ne ba batla ho ithuta Bibele. Empa ho na le lintho tseo a ileng a tšoenyeha ka tsona. Na ebe o ne a tla tloaela ho phela habo hape empa a qetile lilemo tse ngata a le naheng e ’ngoe? E le hore a bone hore na a ka khona, o ile a chakela Cameroon a qeta likhoeli tse tšeletseng. Eaba ka 2012, oa khutla a se a il’o lula teng.

Mor’abo rona Onésime o re: “Ke ile ka tlameha ho tloaela mocheso o ntšang koena bolibeng le maemo a bophelo a moo. Ha ke le libokeng ke ile ka tlameha ho tloaela ho lula holim’a libenche tse kukunelang hape.” Empa mor’abo rona Onésime o bua mantsoe ana a thabile: “Ha ke ne ke mamela ka hloko libokeng ke ne ke lebala thuoe! ka litulo tse lulehang hamonate tsa liholo tseo ke neng ke tsoa ho tsona.”

Ka 2013, mor’abo rona Onésime o ile a nyala morali’abo rona Géraldine, ea ileng a khutlela Cameroon ka mor’a ho qeta lilemo tse robong a phela Fora. Kaha thato ea Molimo e ne e tla pele bophelong ba bona, ba ile ba fumana litlhohonolofatso life? Mor’abo rona Onésime o re: “’Na le mosali oa ka re ile ra ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso eaba re ea Bethele. Selemong se fetileng liithuti tse 20 phuthehong ea rona li ile tsa kolobetsoa. Hona joale kea utloa hore ke sebakeng se setle sa ho etsa batho barutuoa. (Mar. 1:​17, 18) Morali’abo Géraldine o mo tlatsa ka ho re: “Ke fumane litlhohonolofatso tse ngata ka tsela eo ke neng ke sa nahana.”

BA THABISOA KE HO ETSA BATHO BARUTUOA

Morali’abo rona Judith le mor’abo rona Sam-Castel ba lebopong ba bua le ntate e mong ka Bibele.

Morali’abo rona Judith le mor’abo rona Sam-Castel

Morali’abo rona Judith o ne a falleletse Amerika empa o ne a batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane. O re: “Ka linako tsohle ha ke chaketse Cameroon, ke ne ke lla ha ke lokela ho tsamaea hobane ke ne ke siea batho ba bangata bao ke neng ke se ke qalile ho ithuta Bibele le bona.” Empa o ne a tsila-tsila ho khutlela Cameroon. O ne a e-na le mosebetsi o patalang hantle o neng o mo nolofalletsa ho patalla ntate oa hae ea neng a le Cameroon bakeng sa thuso ea lingaka eo a e hlokang. Empa morali’abo rona Judith o ile a tšepa Jehova eaba o khutlela Cameroon. Oa lumela hore o ile a utloa a hlolohetsoe makhulo a matala ao a neng a phela ka har’a ’ona ha a le Amerika. O ile a kopa Jehova hore a mo thuse ho tloaela maemo a habo, hape molebeli e mong oa potoloho le mohats’ae ba ile ba mo khothatsa.

Ha morali’abo rona Judith a sheba moo a tsoang o re: “Ka lilemo tse tharo, ke ile ka thabisoa haholo ke ho thusa batho ba bane hore ba kolobetsoe.” Morali’abo rona Judith o ile a qala ho sebeletsa Jehova e le pula-maliboho e khethehileng. Hona joale eena le molekane oa hae mor’abo rona Sam-Castel ba etsa mosebetsi oa bopotolohi. Empa ho ile ha etsahala’ng ka ntate oa morali’abo rona Judith? Eena le ba lelapa labo ba ile ba khona ho fumana sepetlele naheng e ’ngoe se neng se ikemiselitse ho patalla litšenyehelo tsa opereishene ea ntate oa hae. Litaba tse monate ke hore opereishene e ile ea pasa.

BA BONA HA JEHOVA A BA TŠEHETSA

Mor’abo rona Victor le morali’abo rona Caroline ba pakela ntate e mong phakeng.

Morali’abo rona Caroline le mor’abo rona Victor

Mor’abo rona Victor o ile a fallela Canada. Ka mor’a hore a bale sehlooho se seng sa Molula-Qhooa se buang ka thuto e phahameng o ile a nahana haholo ka thuto eo a e khethileng. Eaba o tlohella ho ea univesithi, o khetha sekolo seo ho sona a ileng a etsa thuto e khutšoanyane ea mosebetsi oa matsoho. O re: “Thuto eo e ile ea ’nolofalletsa ho fumana mosebetsi kapele le hore ke be pula-maliboho, e leng ntho eo esale ke batla ho e etsa.” Hamorao mor’abo rona Victor o ile a nyala morali’abo rona Caroline eaba ba chakela Cameroon. Ha ba ne ba etetse ofisi ea lekala e Cameroon ba ile ba khothalletsoa ho nahana ka hore na ebe ba ka se sebeletse moo Cameroon. Mor’abo rona Victor o re: “Re ne re se na lebaka la ho hana. Hape re ne re ka khona ho ea Cameroon kaha re ne re se na lintho tse ngata tse re tlammeng maoto le matsoho.” Le hoja morali’abo rona Caroline a ne a e-na le mathata a bokuli, ba ile ba etsa qeto ea ho falla.

Ka bobeli e ile ea e-ba bo-pula-maliboho e le hore ba ka thusa batho bao ba ba fumanang tšimong ba thahasellang molaetsa oa Bibele. Ba ile ba qeta nako ba phela ka chelete eo ba ipoloketseng eona. Ka mor’a moo ba qeta likhoeli tse seng kae ba sebetsa Canada eaba ba khona ho khutlela Cameroon e le hore ba tsoele pele ka bopula-maliboho. Jehova o ile a ba hlohonolofatsa joang? Ba ile ba ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso, ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me hona joale ba sebeletsa Jehova mosebetsing oa kaho. Mor’abo rona Victor o re: “Ho tlohela bophelo bo mabotho-botho boo re neng re bo phela ho ile ha re thusa ho bona ha Jehova a re hlokomela.”

BA THABELA HO THUSA BATHO HO INEHELA HO JEHOVA

orali’abo rona Stéphanie le mor’abo rona Alain ba bua le ’mè e mong ka Bibele ba le litoroling.

Morali’abo rona Stéphanie le mor’abo rona Alain

Ka 2002 mor’abo rona Alain ea neng a kena univesithi e ’ngoe e Jeremane, o ile a bala pampitšana ea Bacha​—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lona? Litaba tsa pampitšana eo li ile tsa mo susumelletsa hore a batle ho etsa lintho bocha. Ka 2006 o ile a ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi eaba o abeloa ho ea habo Cameroon.

Ha a le moo o ile a fumana mosebetsi oo ho oona a theohelang ka matsatsi. Hamorao a fumana mosebetsi o patalang hantlenyana empa o ne a tšoenyehile ka hore mosebetsi oo o tla fokotsa nako eo a e qetang a sebeletsa Jehova. Kahoo, eitse ha a kopuoa hore e be pula-maliboho e khethehileng, o ile a lumela ntle le ho tsila-tsila. Mong’a hae o ile a re o tla eketsa mokholo oa hae empa mor’abo rona Alain a ema a tiile qetong ea hae. Hamorao o ile a nyala morali’abo Stéphanie ea neng a qetile lilemo a phela Fora. Morali’abo rona Stéphanie o ile a hlaheloa ke mathata afe ka mor’a hore a fallele Cameroon?

O re: “Ke ile ka ba le mathata a ’maloa a bokulo empa ka khona ho fumana pheko eo ke e hlokang eaba kea fola.” Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka lebaka la mamello ea bona. Mor’abo rona Alain o re: “Ha re ea tšimong motseng o mong o hole o bitsoang Katé, re ile ra fumana batho ba ’maloa ba neng ba batla ho ithuta Bibele. Hamorao re ile ra khona ho ithuta Bibele le bona ka fono. Ba babeli ho bona ba ile ba kolobetsoa eaba ho ba le sehlopha sa bahoeletsi.” Morali’abo rona Stéphanie o eketsa ka ho re: “Ha ho na ntho e thabisang ho feta ho ithuta Bibele le batho ho fihlela ba be ba inehela ho Jehova. Ntho eo e re thabisitse ka makhetlo a mangata haesale hoba re fihle mona.” Hona joale mor’abo rona Alain le morali’abo rona Stéphanie ke bapotolohi.

Melemo ea ho Sebeletsa Jehova U le Naheng ea Heno

Mor’abo rona Alain o re: “Re ne re se re ntse re tseba batho ba moo le setso sa teng. Batho ba ne ba sa re belaelle joalokaha ba ne ba ka belaella batho ba tsoang linaheng tse ling ’me ho ne ho le bonolo ho buisana le bona.”

Morali’abo rona Stéphanie o re: “Re ne re ka itsamaela habonolo feela re bile re khona ho fihla libakeng tseo ho tsona batho ba linaha tse ling ba fihlang ho tsona ka thata.”

“RE ENTSE NTHO E NEPAHETSENG”

Mor’abo rona Léonce le morali’abo rona Gisèle ba pakela ’mè e mong ba le borokhong.

Mor’abo rona Léonce le morali’abo rona Gisèle

Morali’abo rona Gisèle o ile a kolobetsoa ha a ntse a le sekolong sa bongaka se Italy. O ile a khahloa ke banyalani ba babeli ba bo-pula-maliboho ba neng ba mo khannela thuto hobane ba ne ba phela bophelo bo bobebe, kahoo o ile a batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Eaba o qala ho ba pula-maliboho ea kamehla ha a haba ho qeta sekolong.

Morali’abo rona Gisèle o ne a batla ho khutlela Cameroon e le hore a sebeletse Jehova haholoanyane a le moo empa ho ne ho e-na le lintho tse neng li mo tšoenya. O re: “Ke ne ke tlameha ho nyahlatsa tokelo ea ka ea molao ea ho ba moahi oa Italy, hape ke ne ke tl’o arohana le metsoalle ea ka le ba lelapa leso ba neng ba phela Italy.” Empa le har’a maemo ao, morali’abo rona Gisèle o ile a khutlela Cameroon ka May 2016.

Ka mor’a nakoana o ile a nyaloa ke mor’abo rona Léonce eaba ofisi ea lekala ea Cameroon e ba khothalletsa hore ba fallele toropong ea Ayos e neng e e-na le tlhoko e kholo ea bahoeletsi.

Bophelo ba toropo ea Ayos bo ne bo le joang? Morali’abo rona Gisèle o re: “Hangata re ne re qeta libeke re se na motlakase ’me re sa khone ho chacha lifono tsa rona. Boholo ba nako re ne re sa li sebelise. Ke ile ka ithuta ho phehela fatše ’me re ne re nka likiribae le litoche ho ea kha metsi selibeng bosiu ha batho ba se bangata.” Ke eng e ileng ea ba thusa ho mamella? Morali’abo rona Gisèle o re: “Moea oa Jehova o ile oa re thusa ho mamella, hape ’na le mohats’a ka re ne re tšehetsana. Ho feta moo, beng ka rona le metsoalle ea rona ba ne ba re khothatsa ’me ka linako tse ling ba re fa le chelete.”

Na morali’abo rona Gisèle o thabetse hore ebe o ile a khutlela Cameroon? O re: “Kannete ke thabile! Qalong ho ne ho nyolosetsa ebile re nyahame empa eitse hoba mathata ao a fete ’na le mohats’aka re ile ra bona hore re entse ntho e nepahetseng. Re tšepa Jehova ebile re utloa re se re mo rata le ho feta.” Mor’abo rona Léonce le morali’abo Gisèle ba ile ba ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso ’me hona joale e se e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana.

Joalokaha batšoasi ba litlhapi ba bontša sebete le har’a maemo a thata e le hore ba tšoase litlhapi tse ngata, Bakreste ba khutlelang linaheng tsa habo bona le bona ba ithaopela ho intša sehlabelo e le ho thusa batho ba ratang Molimo ba amohelang molaetsa oa Bibele. Re kholisehile hore Jehova o tla hopola Bakreste bana ba sebetsang ka thata a be a ba putse ka lebaka la lerato leo ba ileng ba le bontša bakeng sa lebitso la hae. (Neh. 5:​19; Baheb. 6:​10) Haeba u lula naheng e ’ngoe ’me naheng ea heno ho na le tlhoko e kholo ea bahoeletsi, na u ka khona ho khutla? Haeba u etsa joalo, Jehova o tla u hlohonolofatsa.​—Liprov. 10:22.

Ba Khonne Joang?

Haeba u ntse u nahana ho khutlela naheng ea heno, hlokomela lintho tse ileng tsa thusa bara le barali babo rona ba hlahang sehloohong sena.

  • U ka lebella’ng?

    Mor’abo rona Alain o re: “U lebelle hore ba lelapa leno le metsoalle ea hao ba tla leka ho u hatella kapa ho u khothalletsa hore u se ke oa khutlela hae. U tšepe Jehova.”

  • U ka itlhopha joang?

    Morali’abo rona Gisèle o re: “Ha ke lumele ho na le nako eo nkileng ka rapela hakana bophelong ba ka.”

    Morali’abo rona Géraldine o re: “Ke ile ka ipolokela chelete e le hore ke tle ke khone ho itjara.”

    Morali’abo rona Stéphanie o re: “Ke ile ka ea ngakeng ho ea hlahlojoa hore na ke ntse ke phetse hantle.”

  • U ka etsa’ng ho iphelisa?

    Morali’abo rona Géraldine o re: “Qalong ke ne ke phela ka chelete eo ke neng ke e bolokile. Eaba ke etsa mosebetsi oa botichere sekolong se seng se phahameng. Hamorao ke ile ka ithuta ho etsa sesepa le ho se rekisa.”

    Morali’abo rona Gisèle o re: “Ntho e ’ngoe eo re neng re e etsa ho fumana chelete ke ho etsa lipompong tsa lebese ebe re li rekisetsa mabenkele.”

    Mor’abo rona Onésime o re: “Ke ne ke etsa mosebetsi oa ho fetolela Inthaneteng.”

  • U ka ipaballa joang?

    Morali’abo rona Géraldine o re: “Ke ile ka khetha ho lula sebakeng se sireletsehileng moo ke leng haufi le ba bang ba Bakreste-’moho le ’na.”

    Morali’abo rona Gisèle o re: “Ha ho mohla ke eang tšimong ke le mong.”

    Morali’abo rona Stéphanie o re: “Ha ke tsoele ka ntle ke le mong bosiu, hape ha ke tsamaee ke apere kapa ke nkile lintho tse turu.”

    Morali’abo rona Judith o re: “Ha kea ka ka bolella batho ba bangata hore ke tsoa naheng e ’ngoe. Hape ke ne ke etsa lintho joaloka motho e mong le e mong hore ho bonahale hore ke tšoana le bona.”

  • U ka etsa’ng hore u lule u thabile hape u cheseha?

    Mor’abo rona Victor o re: “Re ile ra ithuta ho tenyetseha. Re ne re lula re ikhopotsa hore na re tletse’ng mona hape re tsepamisa likelello tsa rona linthong tse ntle.”

    Mor’abo rona Alain o re: “Ke ile ka tlameha ho ithuta ho khotsofala.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela