Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp21 no. 2 maq. 10-12
  • U ka Etsa’ng e le Hore U Phele Lefatšeng le Lecha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng e le Hore U Phele Lefatšeng le Lecha?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RE LOKELA HO ‘TSEBA MOLIMO’ E LE HORE RE PHOLOHE
  • BALA BIBELE, LENTSOE LA MOLIMO KAMEHLA
  • RAPELA MOLIMO HORE A U THUSE
  • Ke Lintho Life Tseo Molimo a li Entseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • U ka Phela Lefatšeng le Lecha la Molimo la Khotso
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Bafu ba ka Boela ba Phela!
    Tsoha!—2008
  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
wp21 no. 2 maq. 10-12

U ka Etsa’ng e le Hore U Phele Lefatšeng le Lecha?

Lihloohong tse fetileng, re ithutile hore haufinyane Molimo o tla felisa mathata ’ohle le batho bohle ba khopo. Re ka kholiseha hore lintho tsena li tla etsahala. Hobane’ng? Hobane Lentsoe la Molimo e leng Bibele le re:

“Lefatše lea feta.”​—1 JOHANNE 2:17.

Re ka kholiseha hore ho tla ba le batho ba tla pholoha hobane temana ea Bibele eo re buileng ka eona ka holimo e re:

“Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”

Re lokela ho etsa thato ea Molimo e le hore re pholohe. E le hore re tsebe hore na thato ea Molimo ke efe, ntho ea pele eo re lokelang ho e etsa ke hore re mo tsebe.

RE LOKELA HO ‘TSEBA MOLIMO’ E LE HORE RE PHOLOHE

Litšoantšo: 1. Mooki o lutse fatše sepetlele, o khathetse hape o nyahame. 2. O nkile khufu ka moo ho jeloang ’me o bona mosebsetsi ’moho le eena a bala makasine a thabaile. 3. Mosebetsi ’moho le eena o mo balla temana ea Bibele hape o mo fa kareke ea boitsebiso ea jw.org.

Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete.” (Johanne 17:3) Re lokela ho ‘tseba Molimo’ e le hore re pholohe ha batho ba khopo ba felisoa. Ho tseba Molimo ha ho bolele feela ho lumela hore o teng kapa ho tseba lintlha tse seng kae ka eena. Re lokela ho ba metsoalle ea hae. Ka mohlala, e le hore u be motsoalle oa motho u lokela ho qeta nako u e-na le eena. Ho joalo le ka ho ba motsoalle oa Molimo. Hlokomela lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng tse ka re thusang hore re be metsoalle ea Molimo.

’Nete eo re Ithutang Eona ka Bibeleng

Mooki eo o hae o shebile websaete ea jw.org.

Re ithuta hore Molimo o ne a batla hore re phele Paradeiseng.

O ile a bopa batho ba pele e leng Adama le Eva ’me a ba beha sebakeng se setle se bitsoang tšimo ea Edene. Ba ne ba se na sebe ’me Molimo o ne a ba fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e hloka e le hore ba thabele bophelo. Ba ne ba ka phela ka ho sa feleng. Haeba ba ne ba ka lula e le metsoalle ea Molimo, ba ne ba ke ke ba shoa. Ka masoabi ha baa ka ba mamela taelo e bonolo eo Molimo a neng a ba file eona.

Re ithuta hore na ke hobane’ng ha re e-na le mathata.

Kaha Adama ha aa ka a mamela Molimo, eena le batho bohle ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.” (Baroma 5:12) Bana bohle ba Adama ba futsitse sebe ho eena joalokaha motho a ka futsa ntho e itseng ho batsoali ba hae. Ka lebaka leo, rea tsofala ebile rea shoa.

Re ithuta seo Molimo a re etselitseng sona ho re thusa.

Bibele e re: “Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši [a le mong], e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:​16) Molimo o ile a romela Jesu lefatšeng hore a tl’o re shoela. Ha ntate e mong oa India ea lilemo li 86 ea bitsoang Prabhakar a bua ka lerato leo Jehova a re bontšitseng lona o ile a re: “Ketso ena e mpontšitse hore Jehovaa o nthata haholo ebile lerato la hae le mpha tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.”

Re ithuta kamoo re ka ananelang seo Molimo a re etselitseng sona.

Bibele e re re lokela ho “boloka litaelo tsa hae [Molimo]” ho bontša hore re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. (1 Johanne 2:3) Kaha Jehova oa re rata, o re bontšitse lintho tseo re ka li etsang e le hore re thabele bophelo hona joale. (Esaia 48:17, 18) Molimo ha a batle hore re utloe bohloko. O re tšepisitse hore haeba re mamela melao ea hae, re tla thabela bophelo hona joale ebile re tla phela ka ho sa feleng nakong e tlang.

BALA BIBELE, LENTSOE LA MOLIMO KAMEHLA

Mooki o lutse fatše ka ntle ka nako ea khefu ’me o shebile leholimong ka mor’a ho bala Bibele.

U ka pholoha bofelo ba lefatše haeba u rapela Molimo hore a u thuse ebile u etsa thato ea hae.

Re hloka lijo e le hore re phele empa Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”​—Matheu 4:4.

Mehleng ena mantsoe a Jehova a ngotsoe ka Bibeleng. Ha u ntse u bala buka eo e halalelang, u tla ithuta hore na ke lintho life tseo Molimo a li entseng nakong e fetileng, tseo a li etsang hona joale le tseo a tla li etsa nakong e tlang.

RAPELA MOLIMO HORE A U THUSE

Ke’ng eo u ka e etsang haeba u batla ho mamela Molimo empa u utloa ho le thata ho tlohella ho etsa lintho tseo a reng li fosahetse? U ka thusoa ke ho tseba Molimo.

Nahana ka mohlala oa ’mè e mong ea bitsoang Sakura, ea neng a etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele o ile a hlokomela molao oa Molimo o reng re ‘balehele bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:18) O ile a rapela Molimo hore a mo fe matla ’me o ile a tlohella ho etsa boitšoaro boo bo bobe. Empa o ntse a lokela ho loantša bothata bona. O re: “Ha ke tleloa ke menahano e fosahetseng, ke rapela Jehova hobane kea tseba hore nke ke ka khona ho loantša bothata bona ntle le hore a nthuse. Ho rapela ho nthusitse hore ke be motsoalle oa Jehova.” Batho ba limilione kajeno ba ntse ba ithuta ka Molimo joaloka Sakura. Molimo o ba fa matla ao ba a hlokang e le hore ba fetole tsela eo ba phelang ka eona ’me ba phele ka tsela e tla mo thabisa.​—Bafilipi 4:13.

Ha u ntse u ithuta ka Molimo ’me u mo tseba haholoanyane, u tla ba motsoalle oa hae. (Bagalata 4:9; Pesaleme ea 25:14) Ha u etsa joalo u tla tšoaneleha hore u phele lefatšeng le lecha la Molimo. Lefatše leo le lecha le tla ba joang? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

a Bibele e re lebitso la Molimo ke Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela