Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w21 October maq. 29-31
  • 1921​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1921​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BABOLELI BA SEBETE
  • BORAPELI BA LELAPA LE HO ITHUTA BIBELE
  • BUKA E NCHA!
  • MOSEBETSI O LARILENG KA PELE
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba mo Mamelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • 1922​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Liqeto Tse Etsang Hore Motho a Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
w21 October maq. 29-31

1921 Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

“KE MOSEBETSI ofe o potlakileng oo re lokelang ho o etsa selemong see?” Molula-Qhooa oa January 1, 1921 o ile oa botsa Liithuti Tsa Bibele potso ena. Karabo ea potso eo e ne e qotsitsoe lengolong la Esaia 61:​1, 2, e neng e ba hopotsa ka mosebetsi oa bona oa ho bolela litaba tse molemo. “Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo . . . , ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo oa rona.”

BABOLELI BA SEBETE

Liithuti Tsa Bibele li ne li lokela ho ba sebete e le hore li etse mosebetsi oa boboleli. Mosebetsi oa tsona e ne e le ho bolella batho ba bonolo “litaba tse molemo” le ho bolella batho ba khopo ka “letsatsi la phetetso.”

Mora oa bo rona J. H. Hoskin ea neng a lula Canada, o ile a bolela litaba tse molemo ka sebete ho sa tsotellehe khanyetso. Maqalong a selemo sa 1921, o ile a kopana le moruti oa kereke ea Wesele. Mora oa bo rona Hoskin o ile a qalisa moqoqo oa hae ka ho re: “Re lokela ho lumellana ka Mangolo empa haeba re sa lumellane linthong tse ling, re lokela ho qetella moqoqo oa rona re ntse re e-na le khotso.” Empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Mora oa bo rona Hoskin o hopola se ileng sa etsahala, o re: “Re buile nako e seng kae feela eaba moruti eo o khahlela lemati hoo ke neng ke nahana hore khalase ea lemati e ne e tla pshatleha.”

Moruti eo o ile a mo omanya a re: “Ke hobane’ng ha u sa bue le bahetene?” Mora oa bo rona Hoskin o ile a itholela eaba ha a ntse a tsamaea oa ipotsa hore na ebe o ntse a sa bue le mohetene na.

Letsatsing le latelang ha moruti eo a ntse a rera kerekeng ea hae, o ile a bua Mora oa bo rona Hoskin hampe. Mora oa bo rona Hoskin o re: “Moruti eo o ile a bolella litho tsa kereke ea hae hore ke motho ea leshano ho feta batho ba motseng oo kaofela ebile ke lokela ho bolaoa.” Ho sa tsotellehe taba eo, o ile a tsoela pele a bolella batho ba bangata litaba tse molemo. O re: “Ha ke e-s’o thabele mosebetsi oa boboleli hakaalo. Hape batho ba bang ba ne ba re: ‘Rea tseba hore u etsa mosebetsi oa Molimo.’ Ba ne ba boela ba ithaopela ho mpha lintho tseo ke neng ke li hloka.”

BORAPELI BA LELAPA LE HO ITHUTA BIBELE

E le ho thusa batho hore ba utloisise Bibele haholoanyane, Liithuti Tsa Bibele li ne li hatisa makasine oa The Golden Agea o neng o e-na le lipotso tse arajoang ke Bibele. Makasineng oo ho ne ho e-na le lipotso tsa Bibele bakeng sa bacha tseo batsoali ba neng ba ka buisana le bana ba bona ka tsona. Batsoali ba ne ba “botsa bana ba bona lipotso tsena ’me ba ba thusa hore ba fumane likarabo ka Bibeleng.” Ho ne ho e-na le lipotso tse ling tse ba rutang ka Bibele tse kang, “Bibele e na le libuka tse kae?” Le “Na Mokreste e mong le e mong o lokela ho lebella hore o tla hlorisoa ka tsela e itseng?” Lipotso tsena li ne li hlomella bana hore e be baboleli ba sebete.

Ho ne ho boetse hape ho e-na le lipotso tsa Bibele le likarabo bakeng sa batho ba neng ba e-na le tsebo e eketsehileng ka Bibele. Likarabo li ne li fumaneha bukeng ea pele ea Studies in the Scriptures. Babali ba bangata ba ile ba ithuta lintho tse ngata ho tsoa lipotsong tseo empa ka li 21 tsa December 1921, makasine oa The Golden Age o ile oa tsebisa hore lipotso tseo ha li sa tla hlola li e-ba teng. Ke hobane’ng ha ho entsoe phetoho eo?

BUKA E NCHA!

Buka ea The Harp of God

Karete e bontšang moo u lokelang ho bala teng

Likarete tse nang le lipotso

Bara ba bo rona ba etellang pele ba ile ba hlokomela hore baithuti ba Bibele ba bacha ba ne ba hloka ho ithuta ’nete ea Bibele ka tsela e hlophisehileng. Kahoo, ka November 1921 buka e ncha ea The Harp of God e ile ea lokolloa. Batho ba neng ba nka buka eo ba ne ba boela ba ngolisa hore ba kenele lenaneo la ho ithuta Bibele ba le bang la The Harp Bible Study Course. Lenaneo lena la ho ithuta u le mong le ne le thusa batho hore ba utloisise hore “Molimo o ne a batla hore batho ba phele lefatšeng ka ho sa feleng.” Lenaneo leo le ne le hlophisitsoe ka tsela efe?

Ha motho a ne a nka buka eo, o ne a boetse a fumana le karete e nyane e mo bolellang hore na a bale maqephe afe bukeng eo. Ebe bekeng e latelang, o fumana karete e ’ngoe hape e nang le lipotso mabapi le lintho tseo a li balileng. Qetellong ea karete eo ho ne ho ngotsoe maqephe a latelang ao a neng a lokela ho a bala bukeng.

Lenaneo lena le ne le nka libeke tse 12 ’me moithuti o ne a fumana karete beke le beke e rometsoeng ke phutheho e haufi. Hangata mosebetsi ona oa ho romela likarete o ne o etsoa ke batho ba seng ba holile kapa ba neng ba se ba sa khone ho etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Ka mohlala, morali oa bo rona Anna K. Gardner oa Millvale Pennsylvania, U.S.A., o re: “Ha buka ea The Harp of God e lokolloa, e ile ea thusa ausi oa ka Thayle haholo ea neng a e-na le bothata ba ho tsamaea hore le eena a khone ho etsa ho eketsehileng hobane o ne a khona ho romela likarete tse nang le lipotso beke e ’ngoe le e ’ngoe.” Ha motho a ne a se a qetile lenaneo la ho ithuta Bibele a le mong, ho ne ho romeloa motho ho tsoa phuthehong hore a mo etele le ho mo thusa hore a ithute Bibele ka ho eketsehileng.

Morali oa bo rona Thayle Gardner o lutse holim’a wheelchair

MOSEBETSI O LARILENG KA PELE

Ha selemo se fela, Mora oa bo rona J. F. Rutherford o ile a romela lengolo liphuthehong. O ile a re: “Mosebetsi oa ’Muso o fihlile le libakeng tse hole ’me o thusitse batho ba bangata ho feta selemo le ha e le sefe pele.” Eaba o eketsa ka ho re: “Empa mosebetsi o mongata o ntse o lokela ho etsoa. Kahoo, khothalletsang ba bang hore le bona ba inoese ka nkho mosebetsing ona.” Liithuti Tsa Bibele li ile tsa kenya seo tšebetsong hang-hang. Ka selemo sa 1922 li ile tsa phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka sebete ho feta leha e le neng pele.

Metsoalle e Sebete

Liithuti Tsa Bibele li ile tsa bontšana lerato la bara ba motho ka hore li thusane. E ne e le metsoalle e sebete e “tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola,” joalokaha re tla bona tlalehong e latelang.​—Liprov. 17:17.

Ka Labobeli la li 31 tsa May 1921, monna e mong oa morabe oa batho ba batšo ea lulang motseng oa Tulsa, Oklahoma, U.S.A., o ile a kenngoa teronkong hobane a ne a qosetsoa hore o ile a hlasela mosali ea mosoeu. Ka mor’a ketsahalo eo banna ba basoeu ba ka holimo ho sekete ba ile ba loantša sehlopha se senyenyane sa banna ba batšo. Ntoa eo e ile ea nama hoo e ileng ea fihla sebakeng se bitsoang Greenwood, e leng moo batho ba bangata ba batšo ba neng ba lula teng. Matlo le likhoebo tse ka holimo ho 1 400 li ile tsa nkuoa ka mahahapa le ho chesoa. Litlaleho li bontša hore batho ba 36 ba ile ba shoa empa e ka ’na eaba ho ile ha shoa ba ka bang 300. Moferefere ona hamorao o ile oa bitsoa Tulsa Race Massacre.

Mora oa bo rona Richard J. Hill, e leng e mong oa Liithuti Tsa Bibele ea motšo ebile e le moahi oa Greenwood, ha a hopola se ileng sa etsahala o re: “Bosiung boo ha ho ne ho e-na le moferefere, re ne re le libokeng joaloka kamehla. Ka mor’a seboka re ile ra utloa molumo oa lithunya o tsoang toropong, re ile ra ba ra il’o robala ho ntse ho lla lithunya.” Ka Laboraro la 1 June hoseng, boemo bo ne bo mpefetse le ho feta. “Batho ba bang ba ile ba tla ho rona ’me ba re haeba re batla ho pholoha re lokela ho ea Holong ea Sechaba.” Mora oa bo rona Hill, mosali oa hae le bana ba bona ba bahlano ba ile ba balehela Holong eo ea Sechaba. Hoo e ka bang banna le basali ba batšo ba ka bang 3 000 ba ile ba sireletsoa ke masole a neng a rometsoe ke ’muso hore a il’o thibela ntoa Holong eo.

Hoo e ka bang ka nako eo, mora oa bo rona Arthur Claus ea mosoeu o ile a etsa qeto e neng e mo hloka sebete. O re: “Ha ke ne ke utloa ka se neng se etsahala Greenwood, ke ile ka etsa qeto ea ho ea ho motsoalle oa ka e leng Mora oa bo rona Hill ho il’o bona hore na o ntse a ea joang.”

Mora oa bo rona Arthur Claus o thusitse bana ba 14 hore ba ithute Bibele ba sebelisa buka ea The Harp of God

Ha a fihla ho mora oa bo rona Hill o ile a kopana le moahisane ea mosuoe a tšoere sethunya. Moahelane eo le eena e ne e le motsoalle oa mora oa bo rona Hill, o ne a nahana hore mora oa bo rona Arthur e ne e le e mong ea neng a baka moferefere. O ile a bua a halefile a re: “U behoa ke’ng mona?”

Ha mora oa bo rona Arthur a hopola se ileng sa etsahala o re: “Haeba ke ne ke mo file karabo eo a neng a sa e thabele a ka be a ile a nthunya. Ke ile ka mo kholisa hore ke motsoalle oa Mora oa bo rona Hill le hore ke lula ke tla mona ka makhetlo.” Mora oa bo rona Arthur le moahisane ba ile ba khona ho sireletsa thepa ea mora oa bo rona Hill hore e se ke ea nkuoa.

Hamorao mora oa bo rona Arthur o ile a fumana hore mora oa bo rona Hill le lelapa la hae ba ne ba le Holong ea Sechaba. Mora oa bo rona Arthur o ile a bolelloa hore batho ba batšo ba ne ba sa lokela ho tloha moo ntle le haeba molaoli oa lebotho e leng Barrett a ne a ka re ba tlohe. Mora oa bo rona Arthur ha a hopola o re: “Ho ne ho se bonolo ho bua le molaoli eo oa lebotho. Ha ke ne ke mo bolella hore ke batla ho ntša lelapa leo ka hare ho Holo ea Sechaba, o ile a re: ‘Na u tla thusa lelapa lee le ho le hlokomela ka lintho tseo le li hlokang?’ Ke ile ka lumela ke sa hlathe koana le koana.”

Ka mor’a ho fumana tumello mora oa bo rona Arthur o ile a potlakela Holong ea Sechaba. O ile a bontša ofisiri pampiri ea tumellano eo a e fumaneng eaba ofisiri o bua ka ho makala o re: “Ha eka pampiri ee e saennoe ke molaoli oa lebotho tje! Na oa tseba hore ke uena motho oa pele oa hore u tl’o lata batho kajeno?” Mora oa bo rona Arthur le ofisiri ba ile ba fumana Mora oa bo rona Hill le lelapa la hae. Kaofela ba ile ba kena ka koloing ea Mora oa bo rona Arthur ’me ba ea hae.

“Ha hona motho ea bohlokoa ho feta e mong ho bahlanka ba Molimo ba inehetseng”

Mora oa bo rona Claus o ile a etsa bonnete ba hore Mora oa bo rona Hill le lelapa la hae ba sireletsehile. Mohlala oa mora oa bo rona Claus oa ho bontša sebete le lerato la bara ba motho o ile oa khahla batho ba bangata. Mora oa bo rona Arthur ha a hopola o re: “Moahisane ea ileng a thusa ho sireletsa thepa ea mora oa bo rona Hill o ile a hlompha Lipaki ho feta leha e le neng pele. Batho ba bangata ba ile ba khahloa ke molaetsa oa Bibele hobane ba ile ba hlokomela hore bahlanka ba Molimo ha ba khetholle motho ho ea ka morabe kapa setso sa hae le hore ha ho na motho ea bohlokoa ho feta e mong har’a bona.”

a Makasine oa The Golden Age o ile oa fuoa lebitso la Consolation ka selemo sa 1937 eaba ka 1946 o bitsoa Tsoha!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela