3 | Lipale Tsa Batho ba ka Bibeleng li ka u Thusa
BIBELE E BUA KA . . . Basali le banna ba tšepahalang ba neng ba ‘ikutloa joaloka rona.’—JAKOBO 5:17, BIBELE E HALALELANG.
Taba ee e Bolela’ng?
Bibele e na le lipale tse ngata tsa banna le basali ba ileng ba ikutloa ka litsela tse sa tšoaneng. Ha re ntse re bala lipale tsa bona, re tla fumana hore ho na le motho ea ileng a ikutloa ka tsela eo re e ikutloang ka eona.
Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?
Kaofela ha rona re hloka ho tseba hore batho ba bang ba utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona. Empa batho ba nang le khatello ea maikutlo ba hloka ho tseba taba ena le ho feta. Ha re bala Bibele, re ithuta ka batho ba ileng ba nahana le ho ikutloa ka tsela eo re ikutloang ka eona. Kahoo, rea hlokomela hore ha re bang hobane batho ba bang le bona ba ile ba e-ba le khatello ea maikutlo joaloka rona.
Bibele e na le mantsoe a mangata a batho ba neng ba ikutloa ba le bang ebile ba tšoenyehile. Na u kile oa utloa ho le thata hoo u seng u sa khone ho mamella? Moshe, Elia le Davida ba ile ba ikutloa ka tsela ena.—Numere 11:14; 1 Marena 19:4; Pesaleme ea 55:4.
Bibele e bua hape ka mosali e mong ea bitsoang Anna ea ileng a “utloa bohloko haholo” hobane a ne a sa khone ho ba le bana ebile mosali e mong oa monna oa hae o ne a mo soma.—1 Samuele 1:6, 10.
Bibele e boetse e bua ka monna emong ea bitsoang Jobo. Le hoja a ne a e-na le tumelo e matla, o ile a e-ba le khatello ea maikutlo ’me o ile a re: “Ke hloile bophelo ba ka, ha ke sa batla ho phela.”—Jobo 7:16.
Ho ithuta hore na banna le basali bana ba hlahang ka Bibeleng ba ile ba etsang ha ba nahana ka lintho tse fosahetseng, ho tla re thusa hore re fumane matla a ho mamella mathata.