Lihlooho Tse Ling Tseo u ka li Fumanang ho Molula-Qhooa
Boholo ba bara le barali ba bo rona ba sebelisa JW Library® app ho lokisetsa liboka ’me ba thabela kamoo e ba lebisang sehloohong se itseng ka ho khetheha sa Molula-Qhooa o ithutoang. Molula-Qhooa o ithutoang o boetse o na le lihlooho tse ling tseo u ka li balang tse thehiloeng Bibeleng. U ka sebelisa JW Library app joang ho fumana lihlooho tsee e le hore li u tsoele molemo?
Ka tlas’a sehlooho se seng le se seng sa Molula-Qhooa o ithutoang ho na le sehloohoana se reng “Bala Lintlha Tse Ling.” Ka tlas’a sehloohoana seo tobetsa linki e reng “Lihlooho tse ling tse makasineng ena.” Tobetsa sehlooho se reng “Tse ka Hare” e le hore u fumane nomoro le sehlooho seo u se batlang ’me u khethe sehlooho seo u thabelang ho se bala.
Leqepheng le qalang la JW Library app tlas’a karolo e reng “What’s New,” u ka daonlouda Molula-Qhooa ha o se o fumaneha. U ka bula makasine oo u ileng oa u daonlouda ’me u shebe tlas’a karolo e reng “Tse ka Hare,” ho bona lihlooho tsohle tse teng tse tla u tsoela molemo.