Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 September maq. 2-7
  • “Le Etse Lintho Tseo Lentsoe la Molimo le li Buang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Etse Lintho Tseo Lentsoe la Molimo le li Buang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • IPHE NAKO EA HO BALA LENTSOE LA MOLIMO
  • NAHANISISA KA SEO U SE BALANG
  • E-BA LE LIPAKANE TSEO U KA KHONANG HO LI FINYELLA
  • LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO HORE LE U “THUSE”
  • Batla Bohlale ka ho Bala Bibele Kamehla
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • U ka Etsa’ng Hore u Thabele ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 September maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 36

PINA EA 89 Mamela ’Me U Hlohonolofatsoe

“Le Etse Lintho Tseo Lentsoe la Molimo le li Buang”

“Le etse lintho tseo lentsoe la Molimo le li buang ’me le se ke la . . li utloa feela.”—JAK. 1:22.

NTLHA-KHOLO

Sehlooho sena se tl’o re thusa hore re se ke ra thabela ho bala Lentsoe la Molimo feela letsatsi le letsatsi empa re nahanisise ka seo re se balang le ho sebelisa seo re ithutang sona.

1, 2. Bahlanka ba Molimo ba thabisoa ke eng? (Jakobo 1:​22-25)

JEHOVA le Mora oa hae ba batla hore re thabe. Mongoli oa Pesaleme ea 119:2 o ile a re: “Ho thaba batho ba etsang lintho tseo a ba hopotsang tsona, ba mo batlang ka lipelo tsohle tsa bona.” Jesu o ile a re: “Ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.”—Luka 11:28.

2 Rona batho ba Jehova, re batho ba thabileng. Re thabisoa ke eng? Mabaka a mangata a etsang hore re thabe, empa la bohlokoa ke hobane re bala Lentsoe la Molimo kamehla ’me re leka ka hohle ho sebelisa seo re ithutang sona.—Bala Jakobo 1:​22-25.

3. Re fumana melemo efe ha re sebelisa seo re se balang Lentsoeng la Molimo?

3 Ho na le melemo eo re e fumanang ha re ‘etsa lintho tseo lentsoe la Molimo le li buang.’ Ka mohlala, ha re sebelisa seo re ithutang sona, re thabisa Jehova ’me seo se etsa hore re thabe. (Moek. 12:13) Ha re mamela keletso e ka Lentsoeng la Molimo, re ba le kamano e ntle le Bakreste-’moho le ba lelapa. Ho ka etsahala hore ebe u na le bopaki ba sena. Ho feta moo, re qoba mathata a mangata a hlahelang batho ba sa mameleng Jehova. Re lumellana le seo Morena Davida a ileng a se bua ka mor’a hore a bue ka molao, litaelo le likahlolo tsa Jehova pineng ea hae. O ile a re ka tsona: “Ea li mamelang o fumana moputso o moholo.”—Pes. 19:​7-11.

4. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho se bonolo ho etsa lintho tseo Lentsoe la Molimo le li buang?

4 ’Nete ke hore ha se kamehla ho leng bonolo ho etsa lintho tseo Lentsoe la Molimo le li buang. Kahoo, re lokela ho ipha nako ea ho bala le ho ithuta Bibele e le hore re utloisise seo Jehova a batlang hore re se etse. A re boneng hore na ke eng e ka re thusang hore re bale Bibele kamehla. Re tla boela re bue ka lintho tse ka re thusang hore re nahane ka seo re se balileng le ho sebelisa seo re ithutileng sona.

IPHE NAKO EA HO BALA LENTSOE LA MOLIMO

5. Re phathahane ka eng?

5 Boholo ba batho ba Jehova ba phathahane haholo. Re qeta nako e ngata re etsa lintho tseo Bibele e reng ke tsa bohlokoa. Ka mohlala, ba bang ba rona rea sebetsa e le hore re itlhokomele re be re hlokomele ba malapa a rona. (1 Tim. 5:8) Boholo ba Bakreste ba hlokomela ba malapa ba kulang kapa ba tsofetseng ’me kaofela ha rona re qeta nako re itlhokomela. Ho ekelletsa moo, re na le likabelo tseo re lokelang ho li phetha ka phuthehong. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho lula re e etsa ke ho bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso ka cheseho. Kahoo, ha u nahana ka lintho tseo uena u lokelang ho li etsa, u ka fumana nako ea ho bala Bibele kamehla, ho thuisa ka seo u se balang le ho sebelisa seo u ithutileng sona joang?

6. U ka etsa’ng hore ho bala Bibele ebe eona ntho e tlang pele? (Sheba setšoantšo.)

6 Ha pesaleme ea pele e bua ka motho ea thabileng e re: “O thabela molao oa Jehova, o bala molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona bosiu le motšehare.” (Pes. 1:​1, 2) Kahoo, ho bala Bibele ke e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo” eo Mokreste e mong le e mong a lokelang ho e etsa. (Bafil. 1:10) Ho hlakile hore re lokela ho ipha nako ea ho bala Bibele. U lokela ho bala Bibele neng? Ho itšetlehile ka maemo a hao. Mor’abo rona Victor o re: “Le hoja ke sa rate ho tsoha hoseng, ke rata ho bala Bibele hoseng hobane ha ho na lintho tse ngata tse ntšitisang ebile ka nako eo kelello ea ka e hlaphohetsoe hape ke khona ho tsepamisa mohopolo.” Mohlomong le uena boemo ba hao bo tšoana le ba Victor. Ipotse, ‘Ke nako efe e molemo eo nka khonang ho bala Bibele ka eona?’

Morali oa bo rona o ntse a bala Bibele ka kichineng ha moralinyana oa hae a robetse ka kamoreng e pel’a kichine.

Ke nako efe e loketseng ea hore u bale Bibele kamehla? (Sheba serapa sa 6)


NAHANISISA KA SEO U SE BALANG

7, 8. Ke eng e ka re sitisang ho rua molemo ka ho feletseng ha re bala Bibele? Fana ka mohlala.

7 ’Nete ke hore re ka bala boitsebiso bo bongata empa re be re sa nahanisise ka bona. Na u kile oa bala ntho e itseng ebe ka mor’a nakoana oa lebala hore na u ne u ntse u bala ka eng? Kaofela ha rona re kile ra etsahalloa ke ntho e tšoanang. Ka masoabi, sena se ka etsahala le ha re bala Bibele. Mohlomong u ipehetse pakane ea ho bala likhaolo tse itseng tsa Bibele ka letsatsi. Kannete rea u babatsa. Re lokela ho tšepahalla lipakane tseo re ipehetseng tsona. (1 Bakor. 9:26) Leha ho le joalo, ho bala Bibele e mpa e le qalo. Ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa e le hore re rue molemo ho eona.

8 Nahana ka papiso ena: Lijalo li hloka pula e le hore li hole. Empa ha pula eo e ka na ka sekhahla, ha e li thuse hobane metsi aa li khama. Ha pula e sa ne ka sekhahla, mobu o tl’o khona ho monya metsi ebe lijalo li rua molemo. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho qoba ho bala Bibele kapele, hoo re sa khoneng ho nahanisisa ka seo re se balang le ho se sebelisa.—Jak. 1:24.

Mor’abo rona o ntse a bala Bibele. Litšoantšo: 1. Pula e na ka matla ’me e etsa hore lijalo li se ke tsa hola hantle. 2. Pula e na hantle feela ’me e etsa hore lijalo li hole hantle.

Joalokaha mobu o hloka nako hore o monye metsi a pula, le rona re hloka nako ea hore re nahanisise le ho sebelisa seo re ithutang sona ka Lentsoeng la Molimo (Sheba serapa sa 8)


9. Re ka etsa’ng haeba re hlokomela hore re se re e-na le tloaelo ea ho bala Bibele kapele feela re feta?

9 U ka etsa’ng haeba u tloaetse ho bala Bibele kapele feela u feta? Kha moea, u iphe nako ea ho nahana ka seo u se balang kapa seo u sa tsoa se bala. Taba ena ha e thata. U ka leka ho eketsa nako eo u balang ka eona e le hore u iphe nako ea ho nahanisisa, kapa oa khetha ho bala litemana tse ’maloa feela e le hore ka nako e setseng u khone ho nahana ka seo u se balileng. Mor’abo rona Victor eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ke bala litemana tse ’maloa feela ka letsatsi, mohlomong khaolo e le ’ngoe feela. Kaha ke bala hoseng, ke khona ho lula ke nahanisisa ka seo ke se balileng letšehare lohle.” Ho sa tsotellehe hore na u bala neng, ntho ea bohlokoa ke hore u bale ka lebelo le u loketseng, le tla u thusa hore u rue molemo ho seo u se balang.—Pes. 119:97; sheba lebokose le reng “Lipotso Tseo u ka Ipotsang Tsona.”

Lipotso Tseo u ka Ipotsang Tsona

E le hore u rue molemo, ipotse lipotso tse latelang ha u ntse u bala Bibele:

  • Tlaleho ee e nthuta eng ka Jehova?

  • Litemana tsee li nthusa joang ho utloisisa molaetsa oa Bibele?

  • Nka sebelisa see joang bophelong ba ka?

  • Nka sebelisa litemana tsee joang hore ke thuse batho ba bang?

10. Fana ka mohlala o bontšang hore na u ka etsa’ng hore u sebelise seo u se balang. (1 Bathesalonika 5:​17, 18)

10 Etsa bonnete ba hore u sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona ho sa tsotellehe hore na u bala Bibele neng le hore na u qeta nako e kae u ntse u e bala. Ha u ntse u bala litemana tse itseng, u ka ipotsa, ‘Nka sebelisa seo ke ithutang sona joang kajeno kapa nakong e tlang?’ Ka mohlala, a re re u ntse u bala 1 Bathesalonika 5:​17, 18. (E bale.) Ka mor’a hore u bale litemana tsena tse peli, u ka ema hanyane ’me oa ipotsa: ‘Thapelo ea ka e tebile hakae, hona ke rapela hakae ka letsatsi?’ U ka boela oa nahana ka lintho tseo u ka lebohang Jehova ka tsona. Mohlomong u ka leboha Jehova ka lintho tse tharo tseo a u etselitseng tsona bophelong. Leha u ka nka metsotso e ’maloa feela u nahanisisa ka seo u se balileng ka Bibeleng, seo se ka u thusa hore u be motho ea etsang seo Lentsoe la Molimo le se buang. Nahana feela hore na u tla rua molemo hakae ha u etsa lintho tsena letsatsi le letsatsi ha u bala Bibele. Kannete u tla phetha seo Lentsoe la Molimo le se buang. Empa ho thoe’ng haeba ho bonahala eka u na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho sebeletsa ho tsona?

E-BA LE LIPAKANE TSEO U KA KHONANG HO LI FINYELLA

11. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling u ka ikutloa u nyahame ha u bala Bibele? Fana ka mohlala.

11 Ka linako tse ling ha u bala Bibele, u ka ikutloa u nyahama ha u hlokomela hore ho na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Nahana ka sena: Ha re re u ntse u bala Bibele, ’me khaolo eo u e balang e bua ka hore u se ke oa khetholla batho ba bang. (Jak. 2:​1-8) Joale, oa hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tseleng eo u tšoarang batho ba bang ka eona ’me u etsa qeto ea hore u tla etsa liphetoho. Ha u etsa joalo, u tla be u etsa hantle! Joale letsatsing la bobeli, u bala litemana tse buang ka bohlokoa ba ho laola tsela eo u buang ka eona. (Jak. 3:​1-12) Oa hlokomela hore ka makhetlo u ee u bue lintho tse seng hantle ho batho ba bang. Kahoo, u etsa qeto ea hore u tla bua lintho tse hahang batho ba bang. Letsatsing la boraro, u bala litemana tse lemosang ka ho ba motsoalle oa lefatše. (Jak. 4:​4-12) Le teng oa hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tseleng eo u khethang boithabiso ka eona. Letsatsing la bone, u ka ’na oa ikutloa u nyahame ha u nahana ka lintho tse ngata tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona.

12. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho nyahama ha u ntse u bala Bibele ’me u hlokomela hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa teng? (Sheba naletsana.)

12 Haeba u hlokomela hore u lokela ho etsa liphetoho kapa ho ntlafatsa linthong tse ngata, u se ke oa nyahama. Sena se bontša hore u motho ea ikokobelitseng ebile u na le sepheo se setle. Ha u bala Bibele u se ke oa ithetsa. E bale ka sepheo sa hore e u thuse ho ntlafatsa tsela eo u phelang ka eona. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u motho ea ikokobelitseng.a Hopola hore re lokela ho lula re apara “botho bo bocha.” (Bakol. 3:10) Ke’ng e tla u thusa hore u lule u etsa lintho tseo Lentsoe la Molimo le li buang?

13. Ke tsela efe e molemo e ka u thusang hore u etse liphetoho tseo u lokelang ho li etsa? (Sheba setšoantšo.)

13 Ho e-na le hore u leke ho ntlafatsa lintho tsohle tseo u fumaneng hore u hloka ho etsa liphetoho ho tsona, leka ho sebeletsa ho e le ’ngoe ka nako. (Liprov. 11:2) U ka leka sena: Ngola lintho tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona, ebe ka mor’a moo u khetha e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka qalang ka tsona, ebe tse ling u tla li bona hamorao. U lokela ho qala ka life?

Litšoantšo: 1. Morali oa bo rona o ngola leqhetsoaneng ha a ntse a bala Bibele a le mong. 2. O beha leqhetsoana leo botong. Leqhetsoana leo le ngotsoe: “Bekeng ena, ithute ka bonolo, Liproverbia 15:1.”

Ho e-na le hore u leke ho ntlafatsa lintho tsohle tseo u fumaneng hore u hloka ho etsa liphetoho ho tsona, leka ho sebeletsa ho e le ’ngoe ka nako (Sheba serapa sa 13 le 14)


14. U ka qala ka ho etsa eng?

14 U ka qala ka ntho eo ho leng bonolo hore u sebeletse ho eona kapa u ka khetha ho sebeletsa nthong eo u haellang haholo ho eona. Ha u se u khethile ntho eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona, u ka etsa lipatlisiso u sebelisa lingoloa tsa rona, mohlomong u ka sebelisa Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Kopa Jehova hore a u fe ‘tabatabelo le matla a hore u etse lintho tse mo khahlisang.’ (Bafil. 2:13) Ka mor’a moo, u sebelise seo u ithutileng sona. Ha u hlokomela hore u khonne ho ntlafatsa nthong e le ’ngoe eo u neng u batla ho sebeletsa ho eona, seo se ka etsa hore u bone hore u ka khona ho ntlafatsa ho tse ling.

LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO HORE LE U “THUSE”

15. Bahlanka ba Jehova ba fapane joang le batho ba reng ba bala Bibele? (1 Bathesalonika 2:13)

15 Batho ba bang ba re ba se ba balile Bibele ka makhetlo a mangata. Empa na kannete ba lumela seo Bibele e se buang? Na baa e sebelisa bophelong ba bona? Ka masoabi, karabo ke che. Empa bahlanka ba Jehova bona ba nka Bibele e le ea bohlokoa. Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, re nka Bibele “e le lentsoe la Molimo hobane kannete ke lona.” Re etsa sohle seo re ka se khonang ho sebelisa seo Bibele e se buang bophelong ba rona.—Bala 1 Bathesalonika 2:13.

16. Ke eng e ka re thusang hore re etse lintho tseo Lentsoe le li buang?

16 Ha se kamehla ho leng bonolo ho bala le ho sebelisa seo re ithutang sona ka Lentsoeng la Molimo. Mohlomong re ka thatafalloa ke ho fumana nako ea ho e bala kapa re ka e bala re tatile ebe ha re nahanisise ka seo re ithutang sona. Maemong a mang re ka utloa re nyahamisoa ke lintho tse ngata tseo re lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Haeba u bona eka bothata ba hao bo tšoana le thaba, tseba hore u ka e hloa ka thuso ea Jehova. E se eka re ka ikemisetsa ho amohela thuso ea Jehova le ho se lebale seo re ithutileng sona ’me re etse lintho tseo Lentsoe le li buang. Re tla lula re thabile haeba re bala Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa bophelong ba rona.—Jak. 1:25.

KE ENG E TLA RE THUSA HORE RE . . .

  • iphe nako ea ho bala Bibele?

  • nahanisise ka seo re se balang?

  • sebelise seo re se balang?

PINA EA 94 Re Ananela Lentsoe la Molimo

a Shebella video ea Seo Bacha ba Bang ba se Buang—Ho Bala Bibele ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela