Ke Hobane’ng ha Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Ntse li Tsoela Pele?
Bibele e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lintoa li le teng le hore na ke hobane’ng ha li tsoela pele.
SEBE
Molimo o ile a bopa batsoali ba rona ba pele e leng Adama le Eva ba tšoana le eena. (Genese 1:27) Sena se ne se bolela hore ba ne ba e-na le makhabane a tšoanang le a Molimo a kang khotso le lerato. (1 Bakorinthe 14:33; 1 Johanne 4:8) Leha ho le joalo, Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo ’me ba ile ba etsa sebe. Ka lebaka leo, kaofela ha rona re futsitse sebe le lefu. (Baroma 5:12) Sena se etsa hore re lule re nahana le ho etsa lintho tse mpe.—Genese 6:5; Mareka 7:21, 22.
PUSO EA BATHO
Molimo ha a re bopa hore re ipuse. Bibele e re: “Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ka lebaka leo mebuso ea batho e ke ke ea khona ho felisa lintoa le liketsahalo tse sehloho.
SATANE LE BADEMONA BA HAE
Bibele e bontša hore “lefatše lohle le busoa ke Satane.” (1 Johanne 5:19) Satane o khopo ebile ke ’molai. (Johanne 8:44) Eena le bademona ba hae ba susumetsa hore ho be le lintoa le liketsahalo tse sehloho.—Tšenolo 12:9, 12.
Batho ba ke ke ba felisa lintoa le liketsahalo tse sehloho empa Molimo eena o tla khona