Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp25 no. 1 maq. 10-13
  • Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Tla Felisoa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Tla Felisoa Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOLIMO U TLA FELISA MEBUSO EA BATHO
  • MOLIMO U TLA FELISA SEBE
  • MOLIMO U TLA FELISA SATANE LE BADEMONA BA HAE
  • Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ke Hobane’ng ha Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Ntse li Tsoela Pele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
wp25 no. 1 maq. 10-13
Lesole lea nahana ’me le lutse holim’a maloanlahla a toropo e sentsoeng ke ntoa.

Batho ba ke ke ba felisa lintoa

Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Tla Felisoa Joang?

Bibele e re ha se batho ba tla felisa “lintoa lefatšeng lohle” empa ke Molimo.—Pesaleme ea 46:9.

MOLIMO U TLA FELISA MEBUSO EA BATHO

Molimo u tla felisa mebuso ea batho ka ntoa eo Bibele e e bitsang Armagedone.a (Tšenolo 16:16) Ka nako eo, “marena a lefatše lohle” a tla bokelloa bakeng sa “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 16:14) Ka mora ntoa ea Molimo ea Armagedone, ho ke ke ha e-ba le lintoa hape.

’Musob oa Molimo o tla nkela mebuso ea batho sebaka, o tla busa o le leholimong ’me o ke ke oa felisoa le ka mohla. (Daniele 2:44) Molimo u khethile mora oa hae Jesu Kreste hore e be eena morena ’musong oo. (Esaia 9:​6, 7; Matheu 28:18) ’Muso ona, ke oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle. (Matheu 6:​9, 10) Batho ba mefuta eohle ba tla momahana tlas’a puso ea Jesu lefatšeng lohle.

Ho fapana le babusi ba lefatše, Jesu a ke ke a sebelisa matla a hae ho etelletsa lithahasello tsa hae pele. Kaha haa leeme ebile u ahlola ka toka, ha ho na motho ea tla tšoenyeha ka hore u tla tšoaroa ka ho hloka toka ka lebaka la morabe, naha eo a tsoang ho eona le setso sa hae. (Esaia 11:​3, 4) Hape ho tla be ho sa hlokahale hore batho ba loanele litokelo tsa bona. Hobane’ng? Hobane Jesu u tla be a tsotella motho e mong le e mong. “U tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi”. . . . U tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang.”—Pesaleme ea 72:​12-14.

’Muso oa Molimo o tla felisa libetsa tse kotsi lefatšeng. (Mikea 4:3) O tla boela o felise batho ba khopo ba hanang ho khaotsa ho loana le ba sitisang khotso ea ba bang. (Pesaleme ea 37:​9, 10) Motho e mong le e mong ho sa tsotellehe hore ke ntate, ’mè kapa ngoana u tla ikutloa a sireletsehile hohle moo a leng teng lefatšeng.—Ezekiele 34:28.

Batho ba tla phela ha monate tlas’a ’muso oa Molimo. O tla felisa mathata a bakang lintoa joalo ka bofutsana, tlala le ho hloka bolulo. Motho e mong le e mong u tla ba le lijo tse ngata tse nang le phepo a be a thabele ho lula sebakeng se sireletsehileng.—Pesaleme ea 72:16; Esaia 65:​21-23.

’Musong oa Molimo lintho tse bohloko tse bakiloeng ke lintoa li tla felisoa. Sena ha se akarelletse maqeba fela empa le bohloko boo batho ba bo utloileng ka lebaka la lintho tse bohloko tse etsahetseng nakong ea lintoa. Le ba seng ba hlokahetse ba tla tsosoa ’me ba phele hape lefatšeng. (Esaia 25:8; 26:19; 35:​5, 6) Malapa a tla boela a kopane hape a ke ke a hlola a hopola lintho tse etsahetseng nakong ea lintoa, hobane “lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

MOLIMO U TLA FELISA SEBE

Ha ’Muso oa Molimo o busa holim’a lefatše lohle, batho bohle ba tla rapela Molimo oa ’nete feela e leng Jehovac, “Molimo ea lerato le ea fanang ka khotso.” (2 Bakorinthe 13:11) Nakong eo batho ba tla ithuta ho phelisana ka khotso. (Esaia 2:​3, 4; 11:9) Bohle ba mamelang Molimo ba ke ke ba hlola ba e-ba le sebe empa ba tla phethahala.—Baroma 8:​20, 21.

MOLIMO U TLA FELISA SATANE LE BADEMONA BA HAE

’Muso oa Molimo o tla felisa Satane le bademona ba hae hobane ke bona ba susumetsang batho hore ba loane. (Tšenolo 20:​1-3, 10) Ntle le ho tšusumetso ea bona e khopo, “khotso e tla ba ngata.”—Pesaleme ea 72:7.

U ka kholiseha hore tšepiso ea Molimo ea ho felisa lintoa le liketsahalo tse sehloho e tla phethahala. Molimo o batla ho felisa lintoa ’me u na le bokhoni ba ho etsa joalo.

  • Molimo u na le bohlale le matla a hlokahalang ho felisa lintoa le liketsahalo tse sehloho. (Jobo 9:4) Ha ho na letho leo a hlolehang ho le etsa.—Jobo 42:2.

  • Molimo haa rate ho bona batho ba utloile bohloko. (Esaia 63:9) Hape “o hloile bohle ba ratang ntoa.”—Pesaleme ea 11:5.

  • Molimo u lula a tšepahala ’me a ke ke a bua leshano.—Esaia 55:​10, 11; Tite 1:2.

Molimo u tla tlisa khotso ea sebele e sa feleng nakong e tlang

Lelapa le thabileng le lutse holim’a leralla paradeising ’me lipere li fula haufinyane.

Molimo u tla felisa lintoa

Ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse lintoa?

U ka ’na oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse lintoa ho fihlela hona joale. Ho fumana karabo ea potso eo, sheba video ea sehlooho se re’ng Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mathata? ho jw.org/st.

a Bala sehlooho se re’ng: “Ntoa ea Armagedone Ke’ng?” ho jw.org/st.

b Sheba video ea sehlooho se re’ng: ’Muso oa Molimo Ke’ng? ho jw.org/st.

c Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela