Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 March maq. 26-31
  • Le ka Mohla Letsoho la Jehova ha le Lekhutšoanyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ka Mohla Letsoho la Jehova ha le Lekhutšoanyane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE HO SE ILENG SA ETSAHALLA MOSHE LE BAISERAELE
  • U KA SEBETSANA JOANG LE MATHATA A LICHELETE?
  • HA RE RERA HORE NA RE TLA ITLHOKOMELA JOANG NAKONG E TLANG
  • Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 March maq. 26-31

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 13

PINA EA 4 “Jehova ke Molisa oa ka”

Le ka Mohla Letsoho la Jehova ha le Lekhutšoanyane

“Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane?”—NUM. 11:23, nal.

NTLHA-KHOLO

Sehlooho sena se tl’o re thusa ho tšepa hore Jehova o tla re thusa ka litlhoko tsa rona le ho tiisa tšepo eo re seng re ntse re e-na le eona.

1. Moshe o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova ha a ne a etella Baiseraele pele ho ba ntša Egepeta?

HAR’A mehlala ea batho ba nang le tumelo bao ho buuoang ka bona lengolong la Baheberu, Moshe ke e mong oa batho ba ileng ba bontša tumelo e babatsehang. (Baheb. 3:2-5; 11:23-25) O ile a bontša tumelo ha a ne a ntša Baiseraele Egepeta. Ha aa ka a tšosoa ke Faro le lebotho la hae. Ka lebaka la ho tšepa Jehova, Moshe o ile a khona ho tataisa sechaba hore se fete Leoatleng le Lefubelu ’me hamorao a se thusa hore se fete lefeelleng. (Baheb. 11:27-29) Baiseraele ba bangata ba ile ba khaotsa ho tšepa bokhoni ba Jehova ba ho ba hlokomela empa Moshe o ile a tsoela pele ho tšepa Molimo oa hae. Moshe o ne a sa etsa phoso ka ho bontša tumelo ho Molimo hobane Molimo o ile a fana ka metsi le lijo ka mohlolo e le hore batho ba tsoele pele ba phela lefeelleng leo le omelletseng.a—Ex. 15:22-25; Pes. 78:23-25.

2. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a botsa Moshe a re: “Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane”? (Numere 11:21-23, nal)

2 Le hoja Moshe a ne a e-na le tumelo e matla, hoo e ka bang selemo hamorao ka mor’a hore Jehova a ntše Baiseraele ka mohlolo Egepeta, ha aa ka a tšepa hore Jehova o na le bokhoni ba ho fa batho ba hae nama. Moshe o ne a bona eka ho ke ke ha khoneha hore Jehova a fane ka nama e lekaneng ho khotsofatsa batho bao ba limilione lefeelleng. Jehova o ile a botsa Moshe, a re: “Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane?” (Bala Numere 11:21-23, nal.) Mona ha ho thoe “letsoho la Jehova,” ho buuoa ka moea oa Molimo o halalelang kapa matla a hae a sebetsang. Ha e le hantle, Jehova o ne a botsa Moshe, a re: ‘Na u nahana hore ke tla hloleha ho etsa ntho eo ke reng ke tla e etsa?’

3. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho nahana ka se ileng sa etsahalla Moshe le Baiseraele?

3 Na u kile oa ipotsa hore na Jehova o tla u hlokomela le ba lelapa la hao ka litlhoko tsa lona? Ebang u kile oa ipotsa kapa che, a re hlahlobeng se ileng sa etsahalla Moshe le Baiseraele ba ileng ba hloleha ho tšepa bokhoni ba Molimo ba hore o tla ba hlokomela. Re tl’o bua ka melao-motheo e tl’o re thusa ho tšepa hore letsoho la Jehova le ka mohla ha le lekhutšoanyane.

ITHUTE HO SE ILENG SA ETSAHALLA MOSHE LE BAISERAELE

4. E ka ’na eaba ke’ng e ileng ea etsa hore batho ba bangata ba belaelle bokhoni ba Jehova ba hore o tla ba hlokomela ka litlhoko tsa bona?

4 A re nahaneng ka lintlha tse potolohileng taba ena. Sechaba sa Baiseraele le “sehlopha se seholo se tsoakaneng” sa batho bao eseng Baiseraele, se ne se qetile nako e itseng se le lefeelleng le leholo ha se tsoa Egepeta se ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Ex. 12:38; Deut. 8:15) Sehlopha sena sa batho ba tsoakaneng, se ne se khathetse ke ho ja manna ’me le Baiseraele ba bangata ba ne ba ikutloa joalo. Kahoo, le bona ba ile ba qalella ho tletleba. (Num. 11:4-6) Batho ba ile ba qala ho lakatsa lijo tseo ba neng ba li ja Egepeta. Kaha ba ile ba beha Moshe tlas’a khatello, o ile a qala ho nahana hore ke eena ea lokelang ho ba fa lintho tseo ba li hlokang.—Num. 11:13, 14.

5, 6. Re ka ithuta’ng tseleng eo sehlopha se tsoakaneng se ileng sa susumetsa Baiseraele ka eona?

5 Ho bonahala eka Baiseraele ba ile ba angoa ke ho hloka kananelo ho ileng ha bontšoa ke sehlopha seo se tsoakaneng. Le rona re ka angoa ke moea oa ho hloka kananelo oo batho ba lefatše lena ba nang le oona ’me ra qetella re sa khotsofalle lintho tseo Jehova a re fang tsona. Seo se ka re etsahalla haeba re lakatsa ho ba le lintho tseo re kileng ra e-ba le tsona kapa re monela ba bang ka lintho tseo ba nang le tsona. Leha ho le joalo, re tla thaba haeba re loanela ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona, ho sa tsotellehe maemo a rona.

6 Baiseraele ba ka be ba ile ba hopola hore Molimo o ba tiiselitse hore ha ba fihla lehaeng la bona le lecha, ba tla thabela lintho tse ngata tseo a tla ba fa tsona. Tšepiso eo e ne e tla phethahala ha ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, eseng ha ba ntse ba tsamaea lefeelleng. Ka tsela e tšoanang, ho e-na le hore re nahane haholo ka lintho tseo re se nang tsona lefatšeng lena, re lokela ho nahana ka lintho tseo Jehova a re tšepisang ho re o tla re fa tsona lefatšeng le lecha. Re ka boela ra thuisa ka mangolo a re thusang hore re tšepe Jehova haholoanyane.

7. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane?

7 U ka ’na oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a botsa Moshe, a re: “Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane?” Jehova o ne a sa thuse Moshe ho nahana feela kamoo letsoho la hae le leng matla kateng, empa o ne a boetse a mo thusa hore a bone kamoo le leng le lelelele kateng. Molimo o ne a ka khona ho fa Baiseraele nama e ngata haholo ho sa tsotellehe hore na ba hole hakae. Molimo o ile a bontša matla a hae “ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng.” (Pes. 136:11, 12, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Kahoo ha re le tlas’a teko, ha rea lokela ho belaella hore letsoho la Jehova le tla fihla le moo re leng teng.—Pes. 138:6, 7.

8. Re ka qoba ho etsa phoso e tšoanang le eo batho ba bangata lefeelleng ba ileng ba e etsa joang? (Sheba setšoantšo.)

8 Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, Jehova o ile a fa batho nama e ngata ea likoekoe. Leha ho le joalo, Baiseraele ha baa ka ba leboha Molimo ka mohlolo ona. Ho e-na le hoo, ba ile ba qetoa ke meharo. Ba ile ba sebetsa bosiu le motšehare ba phutha nama e ngata ea likoekoe ka hohle kamoo ba ka khonang. Jehova o ile a halefela sechaba seo se meharo eaba o se fa kotlo. (Num. 11:31-34) Re ithuta eng mohlaleng oo? Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra oela lerabeng la ho ba meharo. Ebang re barui kapa re bafutsana, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke ho ‘ipolokela matlotlo leholimong’ ka hore re loanele ho ba metsoalle e haufi ea Jehova le Jesu. (Mat. 6:19, 20; Luka 16:9) Ha re etsa joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlokomela.

Baiseraele ba bokella likoekoe tse ngata bosiu ha ba le lefeelleng.

Batho ba bangata ba ile ba itšoara joang lefeelleng, hona re ithuta’ng ho seo? (Sheba serapa sa 8)


9. Re ka kholiseha ka eng?

9 Jehova o otlolla letsoho la hae e le hore a thuse batho ba hae mehleng ena. Leha ho joalo, sena ha se bolele hore ha ho mohla re tla lahleheloa ke lintho tseo re nang le tsona kapa re lape.b Empa Jehova a ke ke a re lahla. O tla re thusa ha re ntse re tobana le liteko tse fapaneng. Re tla bona bonnete ba taba ena ka ho hlahloba maemo a mabeli ao ho ’ona re ka bontšang hore rea tšepa hore Jehova o tla otlolla letsoho la hae e le hore a re hlokomele ka lintho tseo re li hlokang, (1) ha re e-na le mathata a lichelete le (2) ha re rera hore na re tla itlhokomela joang nakong e tlang.

U KA SEBETSANA JOANG LE MATHATA A LICHELETE?

10. Ke mathata afe a lichelete ao re ka ’nang ra tobana le ’ona?

10 Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, re ka lebella hore maemo a moruo a tla ba mabe le ho feta. Maemo a sa tsitsang a lipolotiki, lintoa, likoluoa tsa tlhaho, mafu a seoa a macha a ka etsa hore re iphumane re sebelisitse chelete ka tsela eo re neng re sa e nahana, re lahlehetsoe ke mosebetsi, thepa ea rona kapa matlo a rona. Re ka ’na ra lokela ho batla mosebetsi moo re lulang teng kapa ra fallela sebakeng se seng le ba lelapa la rona e le hore re khone ho ba hlokomela. Ke eng e ka re thusang hore re etse liqeto ka tsela e bontšang hore re tšepa letsoho la Jehova?

11. Ke eng e ka u thusang ho sebetsana le mathata a lichelete? (Luka 12:29-31)

11 Mohato oa pele le o ka sehloohong ke ho bolella Jehova lintho tse u tšoenyang. (Liprov. 16:3) Mo kope bohlale ba ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho lula u khobile matšoafo e le hore u se ke oa “tšoenyeha ho sa hlokahale” ka boemo ba hao. (Bala Luka 12:29-31.) Mo kope ka tieo hore a u thuse ho khotsofalla lintho tsa motheo tseo u nang le tsona. (1 Tim. 6:7, 8) Etsa lipatlisiso lingoloeng tsa rona e le hore u ka bona hore na u ka sebetsana le mathata a lichelete joang ka katleho. Batho ba bangata ba ruile molemo lintlheng tse hlahang ho jw.org tse buang ka taba ea ho sebetsana le mathata a moruo.

12. Ke lipotso life tse ka thusang Mokreste ho etsa qeto e nepahetseng bakeng sa lelapa la hae?

12 Batho ba bang ba ile ba lekeha hore ba amohele mosebetsi o tla etsa hore ba siee malapa a bona, ’me hangata ho bonahetse hore qeto eo e booatla. Pele u amohela mosebetsi, u se ke oa nahana feela ka hore na u tla fumana chelete e kae, empa u nahane le ka hore na uena le lelapa la hao le tla lahleheloa hakae moeeng. (Luka 14:28) Ipotse: ‘Lenyalo la ka le tla ameha joang haeba ke fumana mosebetsi hole ’me ke siea molekane oa ka? Na ke tla khona ho ea libokeng tsohle, tšebeletsong ea tšimo le ho qeta nako le Bakreste-’moho le ’na?’ Haeba u na le bana, u boetse u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa: ‘Ke tla holisa bana ba ka joang “ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang” haeba ke sa lule le bona?’ (Baef. 6:4) Lumella monahano oa Molimo hore e be oona o u tataisang, eseng oa lelapa kapa metsoalle e sa hlompheng melao-motheo ea Mangolo.c Mor’abo rona Tony, ea lulang ka bophirimela ho Asia, o ile a lekeha ho amohela mesebetsi e ’maloa e patalang chelete e ngata naheng e ’ngoe. Leha ho le joalo, ka mor’a ho rapella taba ena le ho buisana ka eona le mosali oa hae, o ile a etsa qeto ea ho se amohele mesebetsi eo. Ho e-na le hoo, ba ile ba leka ho fokotsa litjeho tsa lelapa. Hona joale, Tony o re: “Ke bile le tokelo ea ho thusa batho ba ’maloa hore ba tsebe Jehova ’me le bana ba rona ba chesehela ’nete. ’Na le ba lelapa la ka re ithutile hore hafeela re ntse re phela ka mantsoe a hlahang ho Matheu 6:33, Jehova o tla ’nè a re hlokomele.”

HA RE RERA HORE NA RE TLA ITLHOKOMELA JOANG NAKONG E TLANG

13. Ke mehato efe eo re ka e nkang hona joale e tla re thusa ho koala litlhoko tsa rona ha re se re tsofetse?

13 Tsela eo re tšepang letsoho la Jehova ka eona e ka lekoa ha re nahana ka boemo boo re ka ’nang ra ba ho bona ha re tsofala. Bibele e re khothalletsa hore re sebetse ka thata e le hore re ka khona ho itlhokomela ka lintho tseo re tla li hloka nakong e tlang. (Liprov. 6:6-11) Ke ntho e utloahalang hore ha maemo a lumela, u ipehele ho hong bakeng sa ka moso. Ke ’nete hore chelete e ka re sireletsa ho isa boholeng bo itseng. (Moek. 7:12) Leha ho le joalo, re lokela ho qoba ho ameha ka ho ipokelletsa ka maruo a mangata, hoo e qetellang e le eona ntho ea bohlokoa bophelong ba rona.

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka Baheberu 13:5 ha re ntse re itokisa bakeng sa litlhoko tsa rona tsa nakong e tlang?

14 Jesu o ile a etsa papiso ea motho ea booatla ea ipokellang chelete e ngata “empa mahlong a Molimo e le mofutsana.” (Luka 12:16-21) ’Nete ke hore tsa hosane ha li tsejoe. (Liprov. 23:4, 5; Jak. 4:13-15) Kaha re balateli ba Kreste, re tobana le teko e ikhethang. Jesu o ile a re re lokela ho ikemisetsa ho ‘tela’ lintho tsohle tsa rona e le hore re be balateli ba hae. (Luka 14:33, nal.) Le hoja Bakreste ba Judea mehleng ea baapostola ba ile ba lahleheloa ke lintho tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona, ba ile ba lula ba thabile. (Baheb. 10:34) Mehleng ena, bana ba bo rona ba bangata ba tetse maruo a bona kapa mesebetsi ea bona ka lebaka la ho se kenelle lipolotiking. (Tšen. 13:16, 17) Ba thusitsoe ke eng? Ke kholiseho e tiileng eo ba nang le eona tšepisong ena ea Jehova e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Bala Baheberu 13:5.) Re sebetsa ka thata ho itokisa bakeng sa litlhoko tsa rona tsa nakong e tlang, empa haeba re hlaheloa ke maemo a sa lebelloang, re tšepa hore Jehova o tla re tšehetsa.

15. Batsoali ba lokela ho ba le tekatekano joang ha ba etsa qeto ea ho ba le bana? (Sheba setšoantšo.)

15 Litsong tse ling, banyalani ba ba le bana e le hore feela bana bao ba tle ba ba hlokomele ka chelete ha ba se ba tsofetse. Ha banyalani ba etsa joalo, ba etsa bana ba bona joalokaha eka ke letsete leo ba ipoloketseng lona bankeng leo ba tla le sebelisa ha ba se ba tsofetse. Bibele e re batsoali ke bona ba lokelang ho thusa bana ka litlhoko tsa bona. (2 Bakor. 12:14) Ke ’nete hore batsoali ha ba ntse ba tsofala, ho na le lintho tseo ba ka hlokang thuso ka tsona, ’me bana ba bangata ba thabela ho thusa batsoali ba bona ka litlhoko tse joalo. (1 Tim. 5:4) Empa batsoali ba Bakreste baa hlokomela hore ntho e ka sehloohong e ba thabisang ke ho thusa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova, eseng ho ba holisa ba nahanne hore ba tla ba thusa ka lichelete hamorao.—3 Joh. 4.

Banyalani ba buisana le morali oa bona le monna oa hae ka video ba thabile. Morali oa bona le monna oa hae ba apere liveste tsa kaho tse khanyang.

Banyalani ba Bakreste ba tšepang Jehova ba nahana ka melao-motheo ea Bibele ha ba etsa liqeto ka bokamoso ba bona (Sheba serapa sa 15)d


16. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba tle ba khone ho itlhokomela ha ba se ba le baholo? (Baefese 4:28)

16 Ha u ntse u ruta bana ba hao hore na ba ka iphelisa joang, ba behele mohlala o motle o bontšang hore u tšepa Jehova. Ho tloha ha ba sa le banyenyane feela, ba rute bohlokoa ba ho sebetsa ka thata. (Liprov. 29:21; bala Baefese 4:28.) Ha ba ntse ba hola, ba thuse ho sebetsa ka thata sekolong. Batsoali ba Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba etsa lipatlisiso ebile ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ho thusa bana ba bona hore na ke joang ba ka sebelisang thuto eo ba nang le eona ka bohlale. Sena se tla thusa bana ba bona hore ba iphelise le hore ba tle ba fumane monyetla oa ho eketsa tšebeletso ea bona.

17. Re ka kholiseha ka eng?

17 Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ka tšepa bokhoni ba hae le ho tseba hore o labalabela ho ba thusa ka litlhoko tsa bona. Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, re ka lebella hore tumelo ea rona ho Jehova e lekoe. Leha ho le joalo, ho re na ho etsahala’ng, a re ikemisetseng ho tšepa hore Jehova o tla sebelisa matla a hae ho re thusa ka litlhoko tsa rona. Re ka kholiseha hore letsoho la hae le matla le le otlolohileng le ke ke la e-ba lekhutšoanyane hoo le ka hlolehang ho fihla ho rona.

U KA RE’NG?

  • Re ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla Moshe le Baiseraele?

  • Re ka bontša joang hore re tšepa Jehova ha re tobane le mathata a lichelete?

  • Re lokela ho nahana ka eng ha re ntse re rera hore na re tla itlhokomela joang nakong e tlang?

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

a Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa October 2023.

b Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa September 15, 2014.

c Sheba sehlooho see reng “Ha ho ea ka Sebeletsang Benghali ba Babeli” ho Molula-Qhooa oa April 15, 2014.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Banyalani ba tšepang Jehova ba buisana le morali oa bona le monna oa hae ka video ha ba ntse ba sebetsa projekeng ea ho haha Holo ea ’Muso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela