SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 15
PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka
‘Ho Atamela ho Molimo ho re Tsoela Molemo’
“Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.”—PES. 73:28.
NTLHA-KHOLO
Re tl’o bona kamoo re ka atamelang haufi-ufi le Jehova le hore na ho etsa joalo ho re tsoela molemo joang.
1, 2. (a) Ho hlokahala boiteko bofe hore re be metsoalle e haufi le motho e mong? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
NA U na le motsoalle oa hlooho ea khomo? U ile oa etsa’ng e le hore le be metsoalle? Mohlomong u ile oa qeta nako le eena, oa tseba hore na o fetile maemong afe bophelong le hore na o rata eng hape ha a rate eng. U ile oa hlokomela hore o na le makhabane a matle ao le uena u neng u ka thabela ho ba le ’ona. Qetellong u ile oa rata motsoalle eo oa hao.
2 E le hore u be motsoalle ea haufi le motho e mong, u lokela ho etsa boiteko ba ho qeta nako le eena. Re lokela ho etsa se tšoanang e le hore re be le setsoalle se haufi le Jehova Molimo. Sehloohong sena re tla ithuta hore na ke joang re ka atamelang haufi-ufi le Molimo le hore na re tla rua molemo joang ha re etsa joalo. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha ho le molemo ho atamela haufi le motsoalle oa rona oa hlooho ea khomo, e leng Jehova.
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho thuisa ka melemo eo re e fumanang ha re atamela haufi le Jehova? Etsa mohlala.
3 Ha ho pelaelo hore oa lumela hore ho atamela haufi le Jehova ho molemo. Empa ho thuisa ka hore na ho re tsoela molemo hakae ho ka re susumelletsa hore re tsoele pele ho atamela haufi le eena le ho feta. (Pes. 63:6-8) Ka mohlala, rea tseba hore ho ja lijo tse nang le phepo e ntle, ho ikoetlisa, ho phomola hantle le ho noa metsi a lekaneng, ho re tsoela molemo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba nkele lintho tsena hloohong. Ka ho etsa joalo, ha ba tsotelle bophelo ba bona. Empa ha re lula re nahana ka melemo e tlisoang ke ho tloaela ho etsa lintho tse etsang hore re be le bophelo bo botle, re tla nolofalloa ke ho lula re li etsa. Ka tsela e tšoanang, le hoja re tseba hore ho atamela haufi le Jehova ho re tsoela molemo, ho thuisa ka melemo eo ho tla re susumelletsa hore re tsoele pele re atamela haufi-ufi le motsoalle oa rona.—Pes. 119:27-30.
4. Mongoli oa Pesaleme ea 73:28 o ile a re’ng?
4 Bala Pesaleme ea 73:28. Mongoli oa Pesaleme ea 73 e ne e le Molevi ea khethetsoeng ho sebeletsa e le sebini tempeleng ea Jehova. Ho ka etsahala hore ho ne ho se ho fetile lilemo tse ngata a sebeletsa Jehova ka botšepehi. Leha ho le joalo, o ile a utloa ho ntse ho hlokahala hore a ikhopotse a be a hopotse le ba bang hore “ho atamela ho Molimo” ho molemo ho eena le ho bona. E meng ea melemo ea ho etsa joalo ke efe?
“HO ATAMELA HO MOLIMO” HOA RE THABISA
5. (a) Ke hobane’ng ha ho atamela haufi-ufi le Jehova ho re thabisa? (b) Fana ka mehlala e tobileng e hlahang ho Liproverbia 2:6-16 e bontšang kamoo bohlale ba Jehova bo ka u tsoelang molemo le ho u sireletsa kateng.
5 Ha re ntse re atamela haufi-ufi le Jehova, re tla thaba le ho feta. (Pes. 65:4) Ho na le mabaka a mangata a bontšang hore sena ke ’nete. Ka mohlala, re rua molemo ha re sebelisa likeletso tse bohlale tse fumanoang Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Likeletso tseo tse bohlale li re sireletsa hore re se ke ra etsa lintho tse mpe le liphoso tse tebileng. (Bala Liproverbia 2:6-16.) Ha se feela Bibele e reng: “Ho thaba motho ea fumanang bohlale le motho ea fumanang temoho.”—Liprov. 3:13.
6. Ke eng e ileng ea etsa hore mopesaleme a lahleheloe ke thabo?
6 Ke ’nete hore ka linako tse ling metsoalle ea Jehova e na le ho utloa bohloko. Mongoli oa Pesaleme ea 73 o ile a lahleheloa ke thabo ha a ne a lula a nahana ka lintho tse bohloko. O ile a koata a ba a ba mona hobane a ne a nahana hore batho ba etsang lintho tse mpe, ba sa tsotelleng Molimo le melao ea hae, lintho li ne li ba tsamaela hantle. Ka phoso o ne a nahana hore batho ba ratang ntoa le ba ikhohomosang e lula e le barui ba bile ba phetse hantle le hore ha ba etsahalloe ke lintho tse mpe. (Pes. 73:3-7, 12) Ho na le nako eo ka eona mopesaleme a neng a tšoenyehile hoo a neng a nahana hore ho sebeletsa Jehova ke ha lefeela. O ile a bua a utloile bohloko a re: “Ha ho thuse letho hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoitse matsoho a ka ho bontša hore ha ke na molato.”—Pes. 73:13.
7. Re lokela ho etsa eng ha re utloile bohloko? (Sheba setšoantšo.)
7 Mopesaleme ha aa ka a lumella ho utloa bohloko hore ho mo lihe moea. O ile a etsa ho hong ka taba eo. O ile a “kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo,” moo Jehova a ileng a lokisa tsela eo a neng a nahana ka eona. (Pes. 73:17-19) Jehova e leng Motsoalle oa rona oa hlooho ea khomo oa tseba ha re utloile bohloko. Haeba re rapella tataiso ea Jehova re bile re amohela thuso eo a re fang eona a sebelisa Lentsoe la hae le phutheho, o tla re fa le matla a ho mamella ha re utloile bohloko. Le haeba re ikutloa re tšoenyehile haholo, Jehova o tla re tšelisa a be a etse hore re thabe.—Pes. 94:19.a
Molevi ea ngotseng Pesaleme ea 73 o eme “ka sehalalelong se seholo sa Molimo” (Sheba serapa sa 7)
“HO ATAMELA HO MOLIMO” HO ETSA HORE RE PHELE BOPHELO BO NANG LE MORERO LE HO BA LE TŠEPO
8. Ho atamela ho Molimo ho re tsoela molemo joang ka litsela tse ling tsa bohlokoa?
8 Ho atamela ho Molimo ho re tsoela molemo ka litsela tse ling tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, ho etsa hore re phele bophelo bo nang le morero. Ea bobeli, ho re fa tšepo e tiileng ka bokamoso. (Jer. 29:11) A re hlahlobeng melemo ena haholoanyane.
9. Ke joang ho atamela haufi le Jehova ho etsang hore re phele bophelo bo nang le morero?
9 Ho atamela haufi le Jehova ho etsa hore re phele bophelo bo nang le morero. Mehleng ena, batho ba bangata ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba nahana hore bophelo ha bo na thuso ebile qetellong ha ho sa tla ba le ntho e bitsoang motho lefatšeng. Leha ho le joalo, ha re ntse re ithuta Lentsoe la Molimo, re ile ra kholiseha hore “o teng le hore o putsa ba mo batlang e le kannete.” (Baheb. 11:6) Le mehleng ena re thabile bophelong hobane re etsa seo re bopetsoeng ho se etsa, e leng ho sebeletsa Ntate oa rona ea leholimong Jehova.—Deut. 10:12, 13.
10. Pesaleme ea 37:29 e re ho tla etsahala eng ka batho ba tšepileng Jehova?
10 Batho ba bangata ba phelela ho ea mosebetsing, ho ba le lelapa ’me ba holise bana le ho ipolokela chelete bakeng sa ha ba tlohela mosebetsi. Ha ba nahane ka Molimo. Ka lehlakoreng le leng, batho ba sebeletsang Jehova bona baa mo tšepa. (Pes. 25:3-5; 1 Tim. 6:17) Re tšepa Molimo eo re seng re atametse haufi le eena ebile re tšepa le lintho tseo a re tšepisitseng tsona. E ’ngoe ea lintho tseo re nang le tšepo ea tsona ke hore re tla mo sebeletsa ka ho sa feleng Paradeiseng.—Bala Pesaleme ea 37:29.
11. Ho atamela haufi le Molimo ho re tsoela molemo joang, hona ho etsa hore a ikutloe joang?
11 Ho atamela ho Molimo ho re tsoela molemo ka litsela tse ling tse ngata. Ka mohlala, Jehova o tšepisa hore o tla tšoarela libe tsa batho ba bakileng ba leng haufi le eena. (Esa. 1:18) Kahoo, ha rea lokela ho ikutloa re e-na le letsoalo le molato ka lebaka la libe tseo re ileng ra li etsa nakong e fetileng. (Pes. 32:1-5) Hape rea thaba ka lebaka la ho tseba hore re thabisa Jehova. (Liprov. 23:15) Ho hlakile hore le uena u ka nahana ka litlhohonolofatso tse ling tseo re li fumanang tse tlisoang ke ho ba le setsoalle se haufi le Molimo. Leha ho le joalo, ke joang u ka tsoelang pele u atamela ho Molimo?
KAMOO RE KA TSOELANG PELE “HO ATAMELA HO MOLIMO”
12. U entse eng e le hore u atamele haufi-ufi le Molimo?
12 Haeba u Mokreste ea kolobelitsoeng, taba ena e bolela hore u se u entse lintho tse ngata hore u atamele ho Jehova haholo. U ithutile linnete tse ngata ka Jehova Molimo le Kreste Jesu, oa bakela libe tsa hao tsa nakong e fetileng, oa bontša tumelo e matla ho Molimo oa ba oa etsa lintho tumellanong le thato ea hae. Leha ho le joalo, e le hore re atamele haufi-ufi le Molimo, re lokela ho tsoela pele re etsa lintho tsena.—Bakol. 2:6.
13. Ke lintho life tse tharo tse ka re thusang ho tsoela pele re atamela haufi-ufi le Jehova?
13 Ke lintho life tse tla re thusa ho tsoela pele re atamela haufi-ufi le Jehova? (1) Re lokela ho tsoela pele re bala le ho ithuta Bibele. Ha re ntse re etsa joalo, sepheo sa rona ha ea lokela ho ba ho ithuta lithuto tsa motheo feela ka Molimo. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ho utloisisa hore na Molimo o batla hore re etse’ng le hore re phele tumellanong le melao-motheo eo a re fileng eona ka Lentsoeng la hae. (Baef. 5:15-17) (2) Re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ka ho thuisa ka bopaki bo bongata boo a re bontšitseng bona ba hore oa re rata. (3) Re lokela ho tsoela pele re hloea lintho tse sa thabiseng Jehova le ho qoba setsoalle le batho ba li etsang.—Pes. 1:1; 101:3.
14. Ho ea ka 1 Bakorinthe 10:31, tse ling tsa lintho tseo re li etsang letsatsi le letsatsi tse ka thabisang Jehova ke life? (Sheba litšoantšo.)
14 Bala 1 Bakorinthe 10:31. Ho bohlokoa hore re sebetse ka thata ho etsa lintho tse thabisang Jehova. Sena se bolela ho etsa ho fetang feela ho ea tšimong le libokeng. Lintho tseo re li etsang letsatsi le letsatsi le tsona li lokela ho thabisa Jehova. Ka mohlala, ha re tšepahala linthong tsohle re bile re arolela ba bang lintho tseo re nang le tsona, re thabisa Jehova. (2 Bakor. 8:21; 9:7) O boetse o batla hore re bontše hore re ananela haholo mpho ea bophelo eo a re fileng eona. Re atamela haufi-ufi le Mofani oa bophelo ka hore re lule re ja le ho noa ka tsela e itekanetseng le ho etsa lintho tse ling tse tla re thusa hore re be le bophelo bo botle. Boiteko bohle boo re bo etsang ho thabisa Jehova le linthong tseo ho bonahalang eka li nyenyane, bo tla etsa hore a re rate le ho feta.—Luka 16:10.
Ho khanna ka tsela e sireletsehileng, ho itlhokomela ka hore re ikoetlise, ho ja lijo tse nang le phepo e ntle le ho amohela baeti, ke tse ling tsa litsela tseo re ka thabisang Jehova ka tsona (Sheba serapa sa 14)
15. Jehova o lebelletse hore re tšoare batho ba bang joang?
15 Jehova o mosa ho batho ba lokileng le ba sa lokang. (Mat. 5:45) O lebelletse hore le rona re be mosa ho batho ba bang. Ka mohlala, ha rea lokela ho ‘bua mang kapa mang hampe, re se ke ra rata likhang, re be bonolo ho batho bohle.’ (Tite 3:2) Ka lebaka leo, ha re khelle batho ba bang fatše hobane feela ba sa lumele lintho tseo re li lumelang. (2 Tim. 2:23-25) Re atamela haufi-ufi le Jehova haeba ka linako tsohle re le mosa re bile re nahanela ba bang ha re sebelisana le bona.
RE KA ATAMELA “HO MOLIMO” LE HAEBA RE ETSA LIPHOSO
16. Mongoli oa Pesaleme ea 73 o ile a ikutloa joang ka mor’a nako e itseng?
16 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ka mor’a nako e itseng u qala ho utloa eka ha u tšoanelehe hore u ka ratoa ke Jehova? Joalokaha re se re utloile, mongoli oa Pesaleme ea 73 o ile a etsahalloa ke ntho e tšoanang. O ile a bua a utloile bohloko a re: “Maoto a ka a batlile a kheloha. Maoto a ka a batlile a thella.” (Pes. 73:2) O ile a lumela hore o ne a utloile “bohloko” a bile a “sa nahane,” a “tšoana le phoofolo e se nang kelello” ka pel’a Jehova. (Pes. 73:21, 22) Na o ile a etsa qeto ea hore ke ba-e-hlotse ka lebaka la phoso eo a e entseng le hore ha a tšoaneloe ke ho ratoa ke Jehova?
17. (a) Ho bonahala eka mopesaleme o ile a etsa eng le hoja a ne a tetebetse haholo? (b) Re ka ithuta eng ho se ileng sa mo etsahalla? (Sheba litšoantšo.)
17 Haeba mopesaleme o ile a ikutloa a sa amoheloe ke Jehova, e tlameha ebe boikutlo boo e ile ea e-ba ba nakoana. Ho bonahala eka nakong ena eo a neng a tetebetse ka eona, o ile a bona bohlokoa ba ho atamela haufi-ufi le Molimo joalokaha a ile a bua mantsoe ana a reng: “Empa hona joale ke lula ke e-na le uena [Jehova]. U tšoere letsoho la ka le letona. U ntataisa ka keletso ea hao, ka mor’a moo, u tla nkisa khanyeng.” (Pes. 73:23, 24) Le rona re lokela ho nka Jehova joaloka lefika le re sireletsang ha re ikutloa re fokola kapa re nyahame. (Pes. 73:26; 94:18) Le haeba maoto a rona a ka kheloha ka nakoana, re ka khutlela ho Jehova re e-na le kholiseho ea hore o “ikemiselitse ho tšoarela.” (Pes. 86:5) Re lokela ho atamela haufi-ufi le Molimo oa rona haholo-holo ha re ikutloa re tetebetse.—Pes. 103:13, 14.
Ha re utloa tumelo ea rona e fokola, re lokela ho atamela haufi-ufi le Jehova ka hore re rapele haholoanyane le ho ea libokeng kamehla (Sheba serapa sa 17)
“HO ATAMELA HO MOLIMO” KA HO SA FELENG
18. Ke hobane’ng ha re ke ke ra emisa ho atamela haufi-ufi le Jehova?
18 Ha ho na mohla re tla emisa ho atamela haufi-ufi le Jehova le ho ithuta ka eena. Bibele e re litsela tsa Jehova, bohlale ba hae le tsebo ea hae “li ke ke tsa utloisisoa ka ho feletseng.”—Bar. 11:33.
19. Lipesaleme li re fa kholiseho ea eng?
19 Pesaleme ea 79:13 e re: “Rona batho ba hao le mohlape oa lekhulo la hao, re tla u leboha ka ho sa feleng ebile re tla u rorisa ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.” Ha u ntse u tsoela pele u atamela haufi le Molimo, le uena u ka kholiseha hore u tla fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng ’me u tla bua ka sebete u re: “Molimo o sireletsa pelo ea ka, ke lefika la ka ebile ke eena feela eo ke nang le eena ka ho sa feleng.”—Pes. 73:26.
PINA EA 32 Emang le Jehova
a Batho ba bang ba loantšanang le ho nyahama, ho tšoenyeha kapa ho hlonama ka nako e telele, ba ka hloka thuso ea lingaka. Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa No. 1 2023.