Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 July maq. 14-19
  • Tsoela Pele u Ithuta Lithutong Tsa Motheo Tsa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoela Pele u Ithuta Lithutong Tsa Motheo Tsa Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA KE ’MOPI
  • MABAKA AO MOLIMO A LUMELLANG MATHATA KA ’ONA
  • RE PHELA “MEHLENG EA BOFELO”
  • LULA U ANANELA LIKHOPOTSO TSA JEHOVA
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Na u Khona ho Hlokomela ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Bolela Litaba Tse Monate Hobane u Susumetsoa ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 July maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 30

PINA EA 97 Re Hloka Lentsoe la Molimo

Tsoela Pele u Ithuta Lithutong Tsa Motheo Tsa Bibele

“Ke ikemiselitse ho lula ke le hopotsa lintho tsena le hoja le li tseba ebile le kholisehile ka ’nete.”—2 PET. 1:12.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka sebelisang lithuto tsa bohlokoa tse tsoang lithutong tsa Bibele tsa motheo le hoja e se e le lilemo re ithutile tsona.

1. Lintho tseo u ithutileng tsona ka Bibeleng li ile tsa u ama joang ha u ne u qala ho ithuta ’nete?

LITHUTO tsa motheo tsa Bibele li fetotse bophelo ba rona. Ka mohlala, ha re ne re ithuta ka hore lebitso la Molimo ke Jehova, sena se ile sa etsa hore re nke mohato oa pele oa hore re be metsoalle ea hae. (Esa. 42:8) Ha re ne re ithuta ’nete ka hore na ho etsahala’ng ha motho a shoa, sena se ile sa etsa hore re se ke ra hlola re tšaba bafu. (Moek. 9:10) Hape ha re ne re ithuta ka hore Molimo o tšepisitse lefatše le lecha e leng Paradeise, sena se ile sa etsa hore re se ke ra hlola re tšoenyeha ka bokamoso ba rona. Re ile ra kholiseha hore re tla phela, eseng feela ka nakoana eleng lilemo tse 70 kapa tse 80, empa ka ho sa feleng.—Pes. 37:29; 90:10.

2. 2 Petrose 1:12, 13 e bontša joang hore lithuto tsa motheo tsa Mangolo li tsoela le Bakreste ba holileng moeeng molemo?

2 Ha rea lokela ho khella fatše lithuto tsa motheo tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng. Lengolong la hae la bobeli, moapostola Petrose o ne a ngolla Bakreste ba neng ba se ba ntse ba “kholisehile ka ’nete.” (Bala 2 Petrose 1:12, 13.) Empa ka nako eo, ho ne ho e-na le batho ka phuthehong ba neng ba batla ho beha kamano ea Bakreste bao le Molimo kotsing, ba akarelletsang ba rutang mashano le ba neng ba batla hore ba tlohele ’nete. (2 Pet. 2:1-3) Petrose o ne a batla ho matlafatsa bana babo e le hore a ba thuse ho hana lithuto tsena tsa leshano. Kahoo, o ile a ba hopotsa lithuto tse ling tseo ba neng ba se ba ntse ba ithutile tsona. Lithuto tsena li ne li tla ba thusa hore ba lule ba tšepahala ho fihlela qetellong.

3. Fana ka mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho tsoela pele ba nahanisisa ka lithuto tsa motheo tsa Bibele.

3 Ha re ntse re tsoela pele re sebeletsa Jehova, re ka ithuta lintho tse ncha lithutong tsa motheo tsa Bibele. Ka mohlala, motho ea tsebang ho pheha le ea ntseng a ithuta ho pheha ba ka sebelisa linoko le lintho tse tšoaneng ho pheha. Empa motho enoa ea tsebang ho pheha o se a ithutile litsela tse ncha tsa hore na a ka sebelisa metsoako ena joang e le hore a phehe lijo tse monate le ho feta. Ka tsela e tšoanang, batho bao e leng khale ba sebeletsa Jehova le batho ba ntseng ba ithuta Bibele ba ka sheba lithuto tsa motheo tsa Bibele ka tsela e sa tšoaneng. Joang? Maemo kapa litokelo tsa rona tsa tšebeletso e ka ’na eaba li ile tsa fetoha ho tloha ha re ne re kolobetsoa. Kahoo, ha re nahana ka lintho tseo re ileng ra ithuta tsona nakong e fetileng, re ka ’na ra fumana litsela tse ncha tsa ho li sebelisa tse ka re thusang maemong a rona a hona joale. A re boneng hore na Bakreste bao e leng khale ba sebeletsa Jehova ba ka ithuta eng lithutong tse tharo tsa motheo tsa Bibele.

JEHOVA KE ’MOPI

4. Ho ithuta hore Jehova ke ’Mopi ho fetotse bophelo ba rona joang?

4 Rea tseba hore lefatše le lintho tsohle tse ho lona li entsoe ke ’Mopi ea bohlale ka ho fetisisa le ea matla ’ohle. Bibele e re: “Ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheb. 3:4) O re bopile, kahoo o re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore oa re khathalla ebile oa tseba hore na ke eng e ka re tsoelang molemo. Ho tseba ’nete ena e bonolo ea hore Jehova ke ’Mopi, ho fetotse bophelo ba rona ka tsela e hlollang ha ba ha etsa hore re tsebe hore na re phelela’ng.

5. Ke ’nete efe e ka re thusang hore re hlaolele boikokobetso? (Esaia 45:9-12)

5 ’Nete ea hore Jehova ke ’Mopi e ka re ruta hore re be batho ba ikokobelitseng. Ka mor’a hore Jobo a inahane ho tlola, Jehova o ile a mo hopotsa hore ke ’Mopi ea matla ’ohle. (Jobo 38:1-4) Sena se ile sa thusa Jobo ho hopola hore litsela tsa Molimo li phahametse tsa batho. Tumellanong le seo, moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Na letsopa le ka re ho Sebopi: ‘U etsa’ng?’”—Bala Esaia 45:9-12.

6. Ke neng moo re ka ’nang ra hloka ho nahana ka boemo ba Jehova bo phahameng joaloka ’Mopi oa rona? (Sheba setšoantšo.)

6 Ha motho a se a e-na le lilemo tse ngata a sebeletsa Jehova, a ka qala ho itšepa ho tlola ho e-na le ho batla tataiso e tsoang ho Jehova le Lentsoeng la Hae. (Jobo 37:23, 24) Empa ho thoe’ng haeba motho a nahana ka botebo ka bohlale bo ke keng ba lekanngoa le matla ao ’Mopi oa hae a nang le ’ona? (Esa. 40:22; 55:8, 9) ’Nete ena ea bohlokoa e tla mo thusa hore a lule a ikokobelitse le hore a bone hore menahano ea Jehova e bohlokoa ka ho fetisisa ho feta ea hae.

Litšoantšo: 1. Moholo o fana ka tlhahiso sebokeng sa baholo empa baholo ba bang baa belaela. 2. Hamorao, moholo ea ileng a fana ka tlhahiso o shebile linaleli leholimong ’me oa thuisa.

Ke eng e ka re thusang hore re lule re e-na le pono e nepahetseng ka maikutlo a rona? (Sheba serapa sa 6)d


7. Morali oa bo rona Rahela o ile a etsa’ng e le hore a amohele phetoho e ileng ea e-ba teng ka mokhatlong?

7 Morali oa bo rona Rahela ea lulang Slovenia o hlokometse seo. Ho nahana ka ’Mopi oa hae ho mo thusitse hore a amohele liphetoho tse bang teng ka mokhatlong. O re: “Ka linako tse ling ho ne ho se bonolo hore ke amohele liqeto tse entsoeng ke ba etellang pele. Ka mohlala, ke ne ke tšohile ha ke bona ka lekhetlo la pele mor’abo rona a fana ka puo a le litelu le ka mor’a hore ke shebelle Tlaleho ea Borobeli ea 2023 ea Sehlopha se Busang. Kahoo, ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ke amohele phetoho ena.” Morali oa bo rona Rahela o ile a lemoha hore Jehova, joalokaha e le ’Mopi oa leholimo le lefatše, o tseba tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tataisa mokhatlo oa hae. Haeba u thatafalloa ke ho amohela kutloisiso e ncha le tataiso e ncha, ke hobane’ng ha ka boikokobetso u sa thuise ka bohlale bo ke keng ba lekanngoa le matla a maholo ao ’Mopi oa rona a nang le ’ona?—Bar. 11:33-36.

MABAKA AO MOLIMO A LUMELLANG MATHATA KA ’ONA

8. Ho ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse mathata ho re tsoetse molemo joang?

8 Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore re hlaheloe ke mathata? Batho ba bang ba ileng ba hloleha ho fumana karabo ea potso ena ba ile ba koatela Molimo kapa ba etsa qeto ea hore Molimo ha a eo. (Liprov. 19:3) Empa ho fapana le batho baa, re ithutile hore sebe seo re se futsitseng le ho se phethahale ke tsona tse bakileng mathata, eseng Jehova. Re boetse re ithutile hore mamello ea Jehova e thusitse batho ba limilione hore ba mo tsebe le hore ba iponele ka bobona kamoo Jehova a tla felisa mathata ka ho feletseng kateng. (2 Pet. 3:9, 15) Ho tseba linnete tsena ho u tšelisitse ha ba ha u atametsa haufi le eena.

9. Ke neng moo re ka ’nang ra hloka ho hopola mabaka a hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse hore re hlaheloe ke mathata?

9 Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re mamelle ha re ntse re emetse Jehova hore a felise mathata. Ho ntse ho le joalo, ha batho bao re ba ratang kapa rona re utloa bohloko, re tšoaroa ka ho hloka toka kapa re lahleheloa ke batho bao re ba ratang, re ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa felise lintho tse re utloisang bohloko ka potlako. (Hab. 1:2, 3) Ha re ikutloa joalo, re tla be re etsa hantle ha re nahana ka mabaka ao ka ’ona Jehova a lumelletseng batho ba lokileng hore ba utloe bohloko.a (Pes. 34:19) Re boetse re ka nahana ka morero oa hae oa ho felisa mathata ka ho felletseng.

10. Ke eng e thusitseng Morali oa bo rona Anne hore a sebetsane le bohloko ba ho hlokahalloa ke ’mè oa hae?

10 Ho tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse mathata ho ka re thusa hore re mamelle. Morali oa bo rona Anne ea lulang sehlekehlekeng sa Mayotte, se Leoatleng la Indian, o re: “Ho hlokahalloa ke ’mè lilemong tse ’maloa tse fetileng ho ile ha nkutloisa bohloko haholo. Leha ho le joalo, ke lula ke ikhopotsa hore Jehova ha se eena ea re bakelang mathata. O ikemiselitse ho felisa mathata ’ohle a re hlahelang le ho tsosa baratuoa ba rona. Ho thuisa ka linnete tsena ho ntlisetsa khotso ea kelello eo hangata ke sitoang ho e utloisisa.”

11. Ho tseba mabaka a Jehova a ho lumella hore re hlaheloe ke mathata ho re thusa joang hore re tsoele pele re bolela?

11 Ho tseba ’nete ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse hore re hlaheloe ke mathata, ho ka re thusa hore re tsoele pele re bolela. Moapostola Petrose o ile a re lebaka le leng le etsang hore ebe Jehova ha a e-s’o tlise bofelo ke hobane a batla hore batho ba bake ’me ba pholohe. O ile a boela a hlalosa seo re lokelang ho se etsa ha a re: “Le ele hloko hore na le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe. Le lokela ho halalela le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.” (2 Pet. 3:11) Tšebeletso ea tšimo ke e ’ngoe ea lintho tse bontšang hore re “sebeletsa Molimo ka botšepehi.” Joaloka Ntate oa rona, re rata batho. Re batla hore ba phele lefatšeng le lecha la Molimo. Ka mamello, Jehova o fa batho ba sebakeng sa heno monyetla oa hore ba mo sebeletse. Ke tlotla e kholo eo u nang le eona ea hore u be mosebetsi-’moho le Molimo le ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ho ithuta ka eena pele bofelo bo tla.—1 Bakor. 3:9.

RE PHELA “MEHLENG EA BOFELO”

12. Taba ea hore re ithutile hore re phela “mehleng ea bofelo” e re tsoetse molemo joang?

12 Bibele e bolela ka ho hlaka hore na batho ba ne ba tla ba joang “mehleng ea bofelo.” (2 Tim. 3:1-5) Ha re bona kamoo batho ba itšoereng kateng, re bona ka ho hlaka hore boprofeta bona ba Bibele boa phethahala. Ha re bona boitšoaro ba batho bo ntse bo mpefala, re kholiseha le ho feta hore Lentsoe la Molimo lea tšepahala.—2 Tim. 3:13-15.

13. Re nahanne ka papiso ea Jesu e ho Luka 12:15-21, re ka ’na ra ipotsa lipotso life?

13 Ho tseba hore re phela mehleng ea bofelo ho boetse ho re thusa hore re tsepamise likelello tsa rona linthong tse lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Papisong ea Jesu e ho Luka 12:15-21 (E bale.) re ka ithuta hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tsepamisa likelello tsa rona linthong tse lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Ke hobane’ng ha ho ile ha thoe monna eo ea ruileng ke “ea se nang kelello”? Ke hobane o ne a sa tsebe lintho tse tlang pele bophelong ba hae, eseng hore o ne a ruile. O ile a ‘ipokelletsa ka maruo empa mahlong a Molimo e ne e le mofutsana.’ Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Molimo o ile a re ho monna eo: “U tl’o shoa bosiung bona.” Mehleng ena, ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na lipakane tsa ka li bontša hore ke tsepamisitse kelello ea ka linthong tsa bohlokoa? Ke thusa bana ba ka hore ba ipehele lipakane life? Na ke sebelisa matla a ka, nako ea ka le chelete ea ka ho ipolokela matlotlo lefatšeng kapa leholimong?’

14. Joalokaha mohlala oa Morali oa bo rona Miki o bontša, ke hobane’ng ha e le bohlale ho nahanisisa ka bopaki bo ka Mangolong ba hore re phela mehleng ea bofelo?

14 Ha re nahana ka bopaki ba hore kannete re phela mehleng ea bofelo, seo se ka fetola tsela eo re bonang lintho ka eona. Morali oa bo rona Miki o ile a etsahalloa ke se tšoanang. O re: “Ha ke qeta sekolo, ke ne ke batla mosebetsi o tla ntumella hore ke ithute ka liphoofolo. Ke ne ke boetse ke e-na le pakane ea ho ba pula-maliboho ea kamehla le ho ea tlhokahalong. Metsoalle ea ka e holileng moeeng e ile ea nkeletsa hore ke nahane ka hloko ka hore na ke tla khona ho etsa mosebetsi oo ke o batlang ha ka nako e tšoanang ke le pula-maliboho ea kamehla kapa ke ea moo ho nang le tlhokahalo teng. E ile ea nkhopotsa hore lefatše lena le haufi le ho fela. Ka lehlakoreng le leng, lefatšeng le lecha ke tla ba le monyetla oa ho ithuta ka liphoofolo tse ngata ka ho sa feleng. Kahoo, ke ile ka khetha ho ea sekolong ke il’o ithuta ntho e sa tl’o nka nako e telele e tla nthusa hore ke etse mosebetsi oa matsoho. Sena se ile sa etsa hore ke fumane mosebetsi o tla nthusa hore ke tsoele pele ke le pula-maliboho ea kamehla le hore hamorao ke ee Ecuador, moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi.” Morali oa bo rona Miki le monna oa hae ke bapotolohi naheng eo hona joale.

15. Na batho ba sa thahaselleng ba ntse ba ka amohela molaetsa oa ’Muso? Fana ka mohlala. (Sheba litšoantšo.)

15 Ha rea lokela ho nyahama ha batho ba hana ho mamela litaba tse monate qalong. Batho ba ka fetoha. Nahana ka mohlala oa Jakobo, ngoana oa bo Jesu. O bone ha Jesu a hola, e-ba Mesia le ha a ruta ka tsela e fetang ea motho leha e le ofe. Ho ntse ho le joalo, Jakobo ha ea ka ea e-ba molateli oa Jesu ka lilemo tse ngata. E ne e le hona e bang morutuoa ka mor’a hore Jesu a tsosoe. Ha e le hantle, Jakobo e ile ea e-ba morutuoa ea chesehang.b (Joh. 7:5; Bagal. 2:9) U se ke oa khella fatše bohlokoa ba ho pakela ba malapa ba e-s’o kang ba bontša thahasello kapa ho bua le batho ba sa kang ba amohela litaba tse monate tsa ’Muso pele. Hopola hore re phela mehleng ea bofelo, kahoo mosebetsi oa boboleli o potlakile. Seo u ba bolellang sona hona joale se ka ba ama hamorao, mohlomong le ka mor’a hore mahlomola a maholo a qale.c

Morali oa bo rona o etsa thuto ea botho ’me o letsetsa ausi oa hae ea sa lumelang ha a ntse a reka lijo a e-⁠na le morali oa hae ea monyenyane.

Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra nyahamela ho pakela ba lelapa? (Sheba serapa sa 15)e


LULA U ANANELA LIKHOPOTSO TSA JEHOVA

16. U ruile molemo joang likhopotsong tsa Jehova? (Sheba lebokose le reng “Sebelisa Linnete Tsa Motheo Tsa Bibele ho Thusa Batho ba Bang.”)

16 Tse ling tsa lijo tsa moea tseo re li fumanang, li lokiselitsoe batho ba e-s’o ka ba utloa linnete tsa motheo tsa Bibele. Ka mohlala, lipuo tsa phatlalatsa tsa beke le beke, lihlooho tse itseng le livideo tse ho jw.org le limakasine tsa batho bohle, li etselitsoe ka ho khetheha batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, le rona re rua molemo likhopotsong tseo. Li tebisa lerato la rona ho Jehova, li matlafatsa tumelo ea rona Lentsoeng la hae ebile li re thusa hore re ntlafatse tsela eo re rutang batho ba bang linnete tsa motheo ka eona.—Pes. 19:7.

Sebelisa Linnete Tsa Motheo Tsa Bibele ho Thusa Batho ba Bang

Ha u bala sehlooho, u shebella video kapa u mamela puo e lokiselitsoeng batho ba sa tsoa bontša thahasello, nahana hore na u ka sebelisa boitsebiso boo ho thusa ba bang joang. U ka ’na oa ipotsa:

  • ‘Ke bopaki bofe bo sebelisitsoeng ho kholisa batho baa?’

  • ‘Na ho na le mohlala o sebetsang oo nka o sebelisang ha ke ruta motho e mong linnete tsee?’

  • ‘Ke mang ea ka ’nang a thahasella ’nete e sehloohong see, ’me nka mo bolella eona neng?’

17. Ke maemong afe ao re ka ’nang ra hloka ho ikhopotsa lithuto tsa motheo tsa Bibele?

17 Re le Lipaki Tsa Jehova, re thaba haholo ha kutloisiso ea rona ea ’nete ea Mangolo e hlakisoa. Leha ho le joalo, re boetse re ananela haholo lithuto tsa Bibele tsa bohlokoa tseo re qalileng ho ithuta tsona tse ileng tsa re hulela ’neteng. Haeba re ka lekeha ho tsitlella maikutlong a rona ho e-na le ho latela litaelo tse tsoang mokhatlong oa Jehova, ka boikokobetso re ka hopola hore ’Mopi ea matla ’ohle le ea bohlale ka ho fetisisa ke eena ea tataisang mokhatlo ona. Ha re hlaheloa ke mathata kapa a hlahela baratuoa ba rona, re ka mamella ’me ra hopola hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse mathata. Hape ha re khetha hore na re ka sebelisa nako ea rona le lintho tseo re nang le tsona joang, re ka hopola hore re phela mehleng ea bofelo, ’me nako e se e jele babeli. E se eka likhopotso tsa Jehova li ka tsoela pele ho re etsa hore re be bohlale, ho re matlafatsa le ho re khothatsa.

RE KA ITHUTA ENG LITHUTONG TSEE TSA MOTHEO TSA BIBELE?

  • Jehova ke ’Mopi

  • Mabaka ao Molimo a lumellang mathata ka ’ona

  • Re phela “mehleng ea bofelo”

PINA EA 95 Leseli Lea Eketsehax

a Sheba sehlooho se reng “Lebaka Leo Mahlomola ’Ohle a Tla Fela ka Lona Haufinyane” ho Molula-Qhooa oa May 15, 2007, maq. 21-25.

b Sheba thuto ea 8 bukaneng ea Rata Batho u ba Etse Barutuoa.

c Sheba sehlooho se reng “Re Tseba’ng ka Kahlolo ea Jehova ea Nakong e Tlang?” ho Molula-Qhooa oa May 2024, maq. 8-13.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Sehlopha sa baholo ha se lumellane le tlhahiso ea moholo e mong. Hamorao ha a sheba linaleli, o susumelletseha hore a lokise pono ea hae, hobane seo ’Mopi ea bohlale le ea matla a se batlang se bohlokoa haholo ho feta seo eena a se batlang.

e TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ha morali oa bo rona a ntse a etsa thuto ea botho, o hlahloba bopaki ba hore re phela mehleng ea bofelo, ’me sena se mo susumelletsa hore a letsetse ausi oa hae e le hore a mo pakele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela