SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 33
PINA EA 4 “Jehova ke Molisa oa ka”
Kholiseha Hore Jehova oa u Rata
“Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka u tšepahalla le ho u hulela ho ’na.”—JER. 31:3.
NTLHA-KHOLO
Re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re lumele hore Jehova oa re rata, le hore na re ka etsa’ng e le hore re kholisehe le ho feta hore oa re rata.
1. Ke hobane’ng ha u ile oa inehela ho Jehova? (Sheba setšoantšo.)
NA U sa hopola ha u ne u inehela ho Jehova? U ile oa inehela ho eena hobane u ile oa ithuta ka eena, oa mo tseba le ho mo rata. U ile oa mo tšepisa hore ho etsa thato ea hae ke hona ho tla tla pele bophelong ba hao le hore u tla tsoela pele u mo rata ka pelo ea hao eohle, moea oa hao ’ohle, kelello ea hao eohle le matla a hao ’ohle. (Mar. 12:30) Ho tloha ka nako eo, lerato leo u mo ratang ka lona le ile la ’na la hola. Joale u ka re’ng ha motho a u botsa a re, “Na u kholisehile hore u rata Jehova?” U ka mo araba ntle ho pelaelo oa re, “Ke mo rata ho feta motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe!”
Na u sa hopola lerato leo u neng u e-na le lona ha u ne u inehela ho Jehova ’me u kolobetsoa? (Sheba serapa sa 1)
2, 3. Jehova o batla hore re kholisehe ka eng, hona re tl’o bua ka eng sehloohong see? (Jeremia 31:3)
2 Empa u ka re’ng haeba motho e mong a u botsa, a re: “Na u kholisehile hore Jehova oa u rata?” Mohlomong u ka belaela ’me oa nahana hore ha u motho oa bohlokoa hakaalo hore Jehova a ka u rata. Morali oa bo rona e mong ea neng a utloa eka batho ha ba mo rate ha a ntse a hola, o re: “Kea tseba hore ke rata Jehova. Ke kholisehile ka seo. Empa seo ke sa kholisehang ka sona ke hore na Jehova oa nthata.” Ha e le hantle Jehova o ikutloa joang ka uena?
3 Jehova o batla hore u kholisehe hore oa u rata. (Bala Jeremia 31:3.) ’Nete ke hore o u huletse ho eena. Ha u ne u inehela ho eena ’me u kolobetsoa, o ile a u fa ntho ea bohlokoa, e leng lerato la hae. O u rata haholo ebile a ke ke a u lahla. Sena se mo susumelletsa hore a nke barapeli ba hae ba tšepahalang e le “thepa e khethehileng.” (Mal. 3:17, nal.) Kahoo, u motho oa bohlokoa haholo ho Jehova. O batla hore u ikutloe ka tsela eo moapostola Pauluse a neng a ikutloa ka eona. Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova oa mo rata, hoo a ileng a ngola a re: “Ke kholisehile hore lefu, bophelo, mangeloi, mebuso, lintho tse teng hona joale, lintho tse tlang, matla, bophahamo, botebo kapa lintho tse ling tsohle tse bopiloeng li ke ke tsa re arohanya le lerato leo Molimo a re bontšitseng lona.” (Bar. 8:38, 39) Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re kholisehe le ho feta hore Jehova oa re rata le hore na re ka thusoa ke eng ho etsa seo.
KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA HORE RE KHOLISEHE HORE JEHOVA OA RE RATA
4. Re ka hanela a mang a maqiti a Satane joang?
4 Ho kholiseha hore Jehova oa re rata, ho tla re thusa hore re hanele ‘maqiti’ a Satane. (Baef. 6:11) Satane a ka etsa eng kapa eng ho re thibela hore re sebeletse Jehova. Satane o batla hore re nahane hore Jehova ha a re rate. Kahoo, u se ke oa lebala hore Satane ke ramenyetla. (Liprov. 24:10) Bibele e re Satane o tšoana le tau, kaha tau e hlasela liphoofolo ha li fokola ebile li sa khone ho itšireletsa. Ka tsela e tšoanang, Satane o re hlasela nakong eo re fokolang, e leng nakong eo re nang le mathata, re tšoenyehileng ka bokamoso kapa re nyahamisitsoe ke lintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng. Kahoo, o nka monyetla ha re nyahame e le hore re ka tela. Haeba re kholisehile hore Jehova oa re rata, re tla khona ho ‘hanyetsa’ Satane hammoho le maqiti a hae.—1 Pet. 5:8, 9; Jak. 4:7.
5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ikutloe re ratoa ke Jehova?
5 Ha re kholisehile hore Jehova oa re rata, re ka atamela ho eena. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Bibele e re: “Atamelang ho Molimo ’me o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8) Jehova o entse batho ka tsela eo ba khonang ho rata batho ba bang le hore le bona ba ikutloe ba ratoa. Kahoo, haeba re ikutloa re ratoa, ho bonolo hore le rona re rate batho ba bang. Joale ha re bona hore Jehova oa re rata ebile oa re ananela, seo se tla etsa hore le rona re mo rate le ho feta. (1 Joh. 4:19) Ho hlakile hore ha lerato la rona ho eena le ntse le hola, le eena o tla re rata le ho feta. Empa re ka etsa’ng hore re kholise le ho feta hore Jehova oa re rata?
KE ENG E KA RE THUSANG HORE RE KHOLISEHE HORE JEHOVA OA RE RATA?
6. Re ka rapella eng e ka re thusang hore re kholisehe hore Jehova oa re rata?
6 U se ke oa khaotsa ho rapela ’me u tobe taba. (Luka 18:1; Bar. 12:12) Kopa Jehova hore a u thuse hore u ipone ka tsela eo a u bonang ka eona. U ka rapela ka makhetlo a mangata ka letsatsi ha ho hlokahala. Ka linako tse ling, lipelo tsa rona li ka re qosang hoo ho ka bang thata hore re lumele hore Jehova oa re rata. Empa hopola hore Jehova o moholo ho lipelo tsa rona. (1 Joh. 3:19, 20) Jehova o u tseba ho feta kamoo u itsebang kateng ebile o bona le makhabane ao u sa tsebeng le hore u na le ’ona. (1 Sam. 16:7; 2 Likron. 6:30) Kahoo, “mo bolelle” se ka pelong ea hao, ’me u mo kope hore a u thuse hore u lumele hore oa u rata. (Pes. 62:8) Ka mor’a moo, etsa lintho tumellanong le thapelo ea hao ka hore u etse lintho tse latelang.
7, 8. Lipesaleme li re thusa joang hore re kholisehe hore Jehova oa re rata?
7 Kholoa seo Jehova a u bolellang sona. Hopola hore Jehova o file bangoli ba Bibele moea oa hae o halalelang. Kahoo, sohle seo ba se buileng ka Lentsoeng la hae ke ’nete. Nahana ka tsela eo mopesaleme Davida a hlalositseng Jehova ka eona. O re: “Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O pholosa ba nyahameng.” (Pes. 34:18, nal.) Nakong eo u nyahameng, u ka ikutloa u le mong. Empa hopola hore Jehova o tšepisa hore o tla ba haufi le uena linakong tse joalo, hobane oa bona hore u mo hloka ho feta leha e le neng pele. Davida o ile a boela a ngola a re: “U bokelle likeleli tsa ka ka lekukeng la hao.” (Pes. 56:8) Jehova oa bona ha u utloile bohloko. O u tsotella haholo ebile ha a batle ho u bona u utloile bohloko. Ho tšoana le ha eka o bokella likeleli tsa hao ebe oa li boloka joaloka metsi ka lekukeng. Pesaleme ea 139:3, e re: “[Jehova] u tseba lintho tsohle tseo ke li etsang.” Jehova o tseba lintho tsohle tseo u li etsang, empa o sheba tse ntle feela. (Baheb. 6:10) Ke hobane’ng ha Jehova a u etsetsa lintho tsee? Hobane o nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang hore u mo thabise e le ea bohlokoa.a
8 Ha e le hantle, Jehova o sebelisa mangolo ana a khothatsang a ka Lentsoeng la hae ho u bolella hore o u rata haholo ebile oa u tsotella. Empa joalokaha re ithutile lirapeng tse fetileng, Satane o batla hore re lumele hore Jehova ha a re rate. Kahoo, ka linako tse ling ha u utloa u belaela hore Jehova oa u rata, ak’u eme hanyane ’me u ipotse, ‘Ke tla kholoa mang, “ntate oa leshano” kapa “Molimo ea nang le ’nete”?’—Joh. 8:44; Pes. 31:5.
9. Jehova o tšepisa batho ba mo ratang eng? (Exoda 20:5, 6)
9 Nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka batho ba mo ratang. Jehova o ile a bolella Moshe le Baiseraele hore o tla lula a bontša batho ba mo ratang lerato le tšepahalang. (Bala Exoda 20:5, 6.) Kaha Jehova ke Molimo ea tšepahalang, re ka kholiseha hore haeba re mo rata le eena o tla re rata. (Neh. 1:5) Kahoo, ka linako tse ling, ha u utloa u sa kholiseha hore na Jehova oa u rata, ak’u eme hanyane ’me u ipotse potso ena, ‘Na ke rata Jehova?’ Ka mor’a moo, nahana ka taba ena: Haeba u rata Jehova ’me u leka ka hohle kamoo u ka khonang ho mo thabisa, u lokela ho kholiseha hore le eena o u rata haholo. (Dan. 9:4; 1 Bakor. 8:3) Ka mantsoe a mang, haeba ha re belaele hore re rata Jehova, re lokela ho kholiseha hore le eena oa re rata. Kahoo, u ka kholiseha hore o tla lula a u rata ebile a ke ke a u lahla.
10, 11. Jehova o batla hore u ikutloe joang ka tefo ea topollo? (Bagalata 2:20)
10 Lula u nahanisisa ka tefo ea topollo. Sehlabelo sa Jesu Kreste ke mpho e kholo ka ho fetisisa eo Jehova a e fileng batho bohle. (Joh. 3:16) Empa na ke mpho eo Jehova a u fileng eona ka ho toba? E! Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Hopola hore o ile a etsa libe tse tebileng haholo pele e ba Mokreste ’me o ne a lokela ho tsoela pele a loantšana le ho se phethahale. (Bar. 7:24, 25; 1 Tim. 1:12-14) Leha ho le joalo, o ile a nka tefo ea topollo e le mpho e tsoang ho Jehova molemong oa hae. (Bala Bagalata 2:20.) Mantsoe a Pauluse a bontša hore Jehova o batla hore u nke tefo ea topollo e le mpho eo a u fang eona. Jehova o ile a susumetsa Pauluse hore a ngole mantsoe ana. Lintho tsohle tse ka Bibeleng li ngoletsoe ho re ruta. (Bar. 15:4) Ha u sheba sehlabelo sa Jesu ka tsela ena, u tla kholiseha le ho feta hore Jehova oa u rata.
11 Re leboha Jehova ka ho romela Mora oa hae, Jesu, ho tla re shoela lefatšeng. Empa lebaka le leng leo Jesu a tlileng lefatšeng ka lona ke ho bolella batho ba bang ’nete ka Molimo. (Joh. 18:37) ’Nete eo e akarelletsa tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka bana ba hae.
KAMOO JESU A RE THUSANG KATENG HORE RE KHOLISEHE HORE JEHOVA OA RE RATA
12. Ke hobane’ng ha re ka tšepa seo Jesu a se buileng ka Jehova?
12 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ne a thabela ho bolella batho hore na Jehova ke motho ea joang. (Luka 10:22) Re na le mabaka ’ohle a ho lumela seo Jesu a se buileng ka Jehova, hobane Jesu o phetse le Jehova lilemo tse libilione pele a tla lefatšeng. (Bakol. 1:15) Jesu o bone ebile o ne a tseba kamoo Jehova a mo ratang kateng le kamoo a ratang bara le barali ba hae ba tšepahalang kateng. Joale, Jesu o re thusa joang hore re lumele hore Molimo oa re rata?
13. Jesu o batla hore re tsebe eng ka Jehova?
13 Jesu o batla hore re tsebe hore na Jehova o ikutloa joang ka rona. Mangolong a Likosepele, Jesu o bitsa Jehova “Ntate” ka makhetlo a ka holimo ho 160. Hape o ne a sebelisa mantsoe a kang “Ntate oa lona” kapa “Ntate oa lona ea leholimong,” ha a ne a bua le balateli ba hae. (Mat. 5:16; 6:26) Pele Jesu a tla lefatšeng, bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba pele ba ne ba sebelisa litlotla ha ba ne ba bua ka Jehova, tse akarelletsang ‘Ea Matla ’Ohle,’ ‘Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ le ‘’Mopi e Moholo.’ Empa Jesu hangata o ne a sebelisa lentsoe le bonolo le le tloaelehileng, e leng ‘Ntate’ ha a hlalosa tsela eo Molimo a batlang hore bahlanka ba hae ba ikutloe ka eona ka eena. Ho hlakile hore Jesu o batla hore re tsebe hore Jehova oa re rata. O re rata haholo joaloka Ntate ea ratang bana ba hae. A re hlahlobeng mehlala e ’meli ea moo Jesu a sebelisitseng lentsoe “Ntate” ha a ne a bua ka Jehova.
14. Jesu o bontšitse joang hore e mong le e mong oa rona o bohlokoa mahlong a Ntate oa rona ea leholimong? (Matheu 10:29-31) (Sheba setšoantšo.)
14 A re qaleng ka mohlala oa Jesu o ho Matheu 10:29-31. (E bale.) Lirobele ke linonyana tse nyenyane haholo tse ke keng tsa rata kapa hona ho rorisa Jehova. Leha ho le joalo, Ntate oa rona o nka nonyana e le ’ngoe e le ea bohlokoa haholo hoo a tsebang le ha e oela fatše. Haeba Jehova o nka nonyana ena e le ’ngoe e le ea bohlokoa, hakaakang ka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba mo sebeletsang hobane ba mo rata! Jesu o ile a boela a re Ntate oa rona ‘o tseba palo ea moriri o lihloohong tsa rona.’ Kaha Jehova o tseba lintho tse nyenyane joalo ka rona, re ka kholiseha hore o re tsotella haholo. Kannete, Jesu o batla hore e mong le e mong oa rona a lumele hore ke oa bohlokoa haholo mahlong a Ntate oa rona ea leholimong.
Jehova o nka nonyana e le ’ngoe ea serobele e le ea bohlokoa haholo hoo a tsebang le ha e oela fatše. Haeba Jehova o nka nonyana ena e le ’ngoe e le ea bohlokoa, hakaakang ka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba mo sebeletsang hobane ba mo rata. (Sheba serapa sa 14)
15. Mantsoe a Jesu a ho Johanne 6:44 a u bolella eng ka Ntate oa hao ea leholimong?
15 A re bueng ka mohlala oa bobeli oa moo Jesu a sebelisitseng lentsoe “Ntate.” (Bala Johanne 6:44.) Ha Jesu a bua mantsoe ana a hlahang ho Johanne 6:44, e ka ’na eaba o ne a qotsa mantsoe a Jehova a hlahang ho Jeremia 31:3. Lengolong lena, Jehova o ile a re ho batho ba hae: “Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka u tšepahalla le ho u hulela ho ’na.” (Jer. 31:3; bapisa le Hosea 11:4.) Ntate oa hao ea leholimong ke eena ea u huletseng ’neteng. Ke hobane’ng ha a ile a u hulela ho eena? Hobane o bone hore pelo ea hao e batla ho ithuta ka eena. (Lik. 13:48) See se bolela’ng? Se bolela hore Ntate oa rona ea lerato ea leholimong o lula a bona lintho tse ntle tseo le uena u sa nahaneng hore u na le tsona.
16. (a) Jesu o ne a bolela’ng ha a re Jehova ke Ntate oa rona, hona ke hobane’ng ha re lokela ho mo kholoa? (b) Ke eng e ka u kholisang le ho feta hore Jehova ke Ntate eo u mo hlokang? (Sheba lebokose le reng “Ntate eo Bohle re mo Hlokang.”)
16 Ha Jesu a ne a re ruta hore Jehova ke Ntate oa rona, ho tšoana le ha a re: “Jehova ha se Ntate oa ka feela, le uena ke Ntate oa hao. Kea u tiisetsa hore o u rata haholo ebile oa u tsotella.” Kahoo, haeba ka linako tse ling u sa kholiseha hantle hore Jehova oa u rata, ak’u eme hanyane ’me u ipotse, ‘Na ke lokela ho tšepa mantsoe a Mora ea tsebang Ntate oa hae ho re feta le ea buang ’nete kamehla?’—1 Pet. 2:22.
LULA U KHOLISEHILE HORE JEHOVA OA U RATA
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re ikholisa hore Jehova oa re rata?
17 Re lokela ho tsoela pele re ikholisa hore Jehova oa re rata. Joalokaha re ithutile lirapeng tse fetileng, sera sa rona se maqiti, e leng Satane, se tla etsa sohle se matleng a sona ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Kahoo, Satane o tla tsoela pele a etsa hore re lumele hore Jehova ha a re rate. Ha rea lokela ho lumella Satane ho re hlola.—Jobo 27:5.
18. U ka etsa’ng hore u lule u kholisehile hore Jehova oa u rata?
18 E le hore u kholisehe hore Jehova oa u rata, lula u rapella hore a u thuse hore u ipone ka tsela eo a u bonang ka eona. Nahanisisa kamoo bangoli ba Bibele ba ileng ba hlalosa kamoo Jehova a tsotellang batho ba mo ratang kateng. Hopola hore Jehova o tla lula a rata batho ba bontšang hore baa mo rata. Nahana hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a fana ka Mora oa hae e le tefo ea topollo bakeng sa hao. Tšepa seo Jesu a u bolelletseng sona ha a re Jehova ke Ntate oa hao ea leholimong. Haeba motho a ka u botsa a re: “Na u kholisehile hore Jehova oa u rata?” Ka sebete u tla araba u re: “E! oa nthata ebile letsatsi le leng le le leng ke etsa sohle seo nka se khonang ho bontša hore kea mo rata.”
PINA EA 154 Lerato la ’Nete
a Bakeng sa litemana tse eketsehileng tse re kholisang hore Jehova oa re rata, sheba sehlooho se reng “Ho se Itšepe” bukeng ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste.