Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 October maq. 12-17
  • Lerato la Molimo ha le Fele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato la Molimo ha le Fele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HOPOLA HORE TABA EA HORE JEHOVA OA RE RATA KE THUTO EA MOTHEO EA BIBELE
  • NAHANISISA KA HORE JEHOVA ‘OA U RATA’
  • UTLOISISA HORE NA KE ENG E ETSANG HORE U BE LE LIPELAELO
  • KHETHA HO LULA U TŠEPAHALA
  • Jehova oa u Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Kholiseha Hore Jehova oa u Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Leka ho Lula u E-na le Maikutlo a Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Mosa o Lerato oa Jehova o U Tsoela Molemo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 October maq. 12-17

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 41

PINA EA 108 Lerato la Molimo

Lerato la Molimo ha le Fele

“Lebohang Jehova hobane o molemo. Lerato la hae le tšepahalang ha le fele le ka mohla.”—PES. 136:​1, nal.

NTLHA-KHOLO

Ho hopola hore lerato la Jehova ke thuto ea motheo ea Bibele, ho ka re thusa ho loantšana le ho nyahama ha re hlaheloa ke liteko.

1, 2. Bakreste ba bangata ba tobana le teko efe?

NAHANA ka sekepe se ka har’a leoatle le befileng. Maqhubu a matla a se isa holimo le tlase. Sekepe seo se tla ea hohle moo maqhubu ao a se isang teng, ntle le ha motho a ka lahlela ankora ka metsing. Ankora e tla etsa hore sekepe seo se tsitse ’me se ke ke sa ea koana le koana ha maqhubu a leoatle a ntse a loebehlana.

2 U ka utloa eka u tšoana le sekepe seo nakong eo u mamelletseng liteko tse tšoanang le maqhubu a leoatle. U ka ikutloa u ferekane. Ka letsatsi le leng u ka utloa u kholisehile hore Jehova oa u rata ebile oa u tšehetsa, ebe letsatsi le hlahlamang oa ipotsa hore na Jehova ehlile o bona se u etsahallang. (Pes. 10:1; 13:1) Mohlomong motsoalle oa u khothatsa, ebe u ikutloa u le betere ka nakoana. (Liprov. 17:17; 25:11) Ka mor’a nako u qala u belaela hape. U ka ba oa ipotsa hore na Jehova o ntse a u rata ebile a u nka u le motho oa bohlokoa na. U ka lahlela ankora ea hao ea tšoantšetso joang ka metsing ha u tobana le liteko? Ka mantsoe a mang, u ka etsa’ng e le hore u kholisehe, u be u lule u kholisehile hore Jehova oa u rata ebile oa u tšehetsa?

3. “Lerato le tšepahalang” le hlahang naletsaneng ea Pesaleme ea 31:7 le ea 136:1 le bolela’ng, ’me ke hobane’ng ha re ka re Jehova ke mohlala o ka sehloohong oa lona? (Sheba setšoantšo.)

3 Tsela e ’ngoe eo u ka tsitsang ka eona ha u tobane le teko ke ho hopola lerato le tšepahalang la Jehova. (Bala Pesaleme ea 31:​7, nal.; 136:​1, nal.) Poleloana “lerato le tšepahalang” e fana ka maikutlo a lerato leo motho a le bontšang hobane a rata motho e mong haholo ebile le sa fele. Jehova ke eena mohlala o ka sehloohong oa lerato le tšepahalang. Ha e le hantle, Bibele e mo hlalosa e le “ea nang le lerato le tšepahalang [le lengata].” (Ex. 34:​6, 7, nal.) Bibele e boetse e re ha e bua ka Jehova: “Bohle ba llelang ho uena u ba rata haholo.” (Pes. 86:5) Nahana ka hore na sena se bolela’ng: Ha ho le ka mohla Jehova a lahlang bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ho hopola hore Jehova oa tšepahala, ho ka u tsitsisa ha u tobane le teko e kang sefefo.—Pes. 23:4.

Ankora e tšoereng sekepe e lahletsoeng ka metsing, e thusa sekepe hore se se ke sa ea koana le koana nakong ea sefefo.

Joalokaha ankora e lula e tsitsisitse sekepe ha se isoa koana le koana ke maqhubu a ntseng a loebehlana, ho kholiseha hore Jehova oa re rata ho tla re thusa hore re lule re tsitsitse leha re tobane le mathata (Sheba serapa sa 3)


HOPOLA HORE TABA EA HORE JEHOVA OA RE RATA KE THUTO EA MOTHEO EA BIBELE

4. Fana ka mehlala ea lithuto tsa motheo tsa Bibele, ’me u hlalose hore na ke hobane’ng ha re sa tsukutlehe habonolo.

4 Tsela e ’ngoe eo u ka tsitsang ka eona ha u tobane le teko ke ho hopola hore taba ea hore Jehova oa u rata ke thuto ea motheo ea Bibele. Poleloana “thuto ea motheo ea Bibele” e bolela’ng ho uena? Mohlomong u hopola linnete tseo u ileng oa ithuta tsona Lentsoeng la Molimo. Ka mohlala, u ithutile hore lebitso la Molimo ke Jehova, hore Jesu ke Mora ea mong oa Molimo, hore bafu ha ba tsebe letho le hore ho tla ba le lefatše la paradeise moo batho ba tla phela ka ho sa feleng. (Pes. 83:18; Moek. 9:5; Joh. 3:16; Tšen. 21:​3, 4) Ka mor’a hore u lumele hore lithuto tsena ke ’nete, ho ne ho se ho se bonolo hore u tsukutlehe. Hobane’ng? Hobane u ile oa hlokomela hore li thehiloe ’neteng. A re bone hore na ho nka lerato la Jehova e le thuto ea motheo ea Bibele, ho ka u thusa joang hore u tlose maikutlo a hore Jehova ha a u tsotelle kapa ha a ele hloko hore na u hlaheloa ke eng bophelong.

5. Hlalosa hore na lithuto tsa bohata li fotholoa joang.

5 Ke eng e ileng ea u thusa hore u hane lithuto tsa bohata ha u ne u qala ho ithuta Bibele? Mohlomong u ile oa thusoa ke ho bapisa lintho tseo u ileng oa li rutoa bolumeling ba hao le seo Mangolo a se rutang. Nahana ka mohlala ona: A re re u ne u lumela hore Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle. Leha ho le joalo, ha u ntse u ithuta Bibele u ile oa ipotsa, ‘Na ehlile thuto ee ke ’nete?’ Ka mor’a ho hlahlobisisa bopaki ba Mangolo, u ile oa fumana hore taba eo ha se ’nete. Ka mor’a moo, ho e-na le ho lumela thuto eo ea bohata, u ile oa qala ho lumela ’nete e tsoang ka Bibeleng ea hore Jesu ke “letsibolo la popo eohle,” le hore ke “Mora ea mong oa Molimo.” (Bakol. 1:15; Joh. 3:18) Ke ’nete hore lithuto tsa bohata li ka mela ka metso ’me ha e-ba thata ho li fothola. (2 Bakor. 10:​4, 5) Empa ha u se u khonne ho li fothola, ha oa ka oa khutlela ho tsona, u ile oa li siea.—Bafil. 3:13.

6. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore ‘lerato la Jehova ha le fele le ka mohla’?

6 U ka etsa se tšoanang ka seo Bibele e se rutang mabapi le hore Jehova oa re rata. Ha u tobana le teko ’me u qala ho belaela hore Jehova oa u rata, ipotse, ‘Na ke nahana lintho hantle?’ Bapisa boikutlo boo le mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 136:​1, e leng lengolo la rona la sehlooho. Ke hobane’ng ha Jehova a hlalosa lerato la hae e le “le tšepahalang”? Ke hobane’ng ha poleloana “lerato la hae ha le fele le ka mohla” e phetiloe ka makhetlo a 26 pesalemeng eo? Joalokaha re ile ra bona, taba ea hore Jehova o rata batho ba hae ka lerato le tšepahalang ke thuto ea motheo ea Bibele, e tšoana le lithuto tse ling tsa motheo tseo u ileng oa li lumela tse hlahang ka Lentsoeng la Molimo. Taba ea hore Jehova o u nka u se na thuso kapa u sa ratehe ke leshano. Hana leshano leo feela joalokaha u ne u ka hana lithuto tse ling tsa bohata ka sebete.

7. Fana ka mehlala e tsoang ka Mangolong e re kholisang hore Jehova oa re rata.

7 Bibele e na le bopaki bo bongata ba hore Jehova oa re rata. Ka mohlala, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Mat. 10:31) Jehova ka boeena o ile a re ho batho ba hae: ‘Ke tla le matlafatsa, ke tla le thusa. Ke tla le tšoara ka letsoho la ka le letona la ho loka.’ (Esa. 41:10) Hlokomela hore na mantsoe ana a builoe ka kholiseho e kaakang. Jesu ha a re ‘Le ka ’na la e-ba ba bohlokoa ho feta’ le Jehova ha a re ‘Nka ’na ka le thusa.’ Ho e-na le hoo, Jesu o re, “Le bohlokoa ho feta” le Jehova o re, ‘Ke tla le thusa.’ Haeba nakong eo u tobaneng le teko u belaela hore Jehova oa u rata, mangolo a kang ana a ka u thusa hore u ikutloe u le betere a ba a u thusa hore u tsebe hore u bohlokoa. Mangolo ana a thehiloe ’neteng. Ho nahanisisa ka taba ena le ho rapela ka eona, ho tla u susumetsa hore u hopole mantsoe a hlahang ho 1 Johanne 4:16 a reng: “Rea tseba ebile rea lumela hore Molimo oa re rata.”a

8. U ka etsa’ng haeba ka linako tse ling u belaela hore Jehova oa u rata?

8 Leha ho le joalo, u ka etsa’ng haeba ka linako tse ling u ntse u belaela hore Jehova oa u rata? Bapisa tsela eo u ikutloang ka eona le seo u se tsebang. Maikutlo aa fetoha empa ’nete eona ha e fetohe. Taba ea hore Jehova oa re rata ke ’nete e rutoang ke Mangolo. Haeba re sa lumele hore Jehova oa re rata, re tla be re iphapanyetsa tšobotsi ea hae ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng lerato.—1 Joh. 4:8.

NAHANISISA KA HORE JEHOVA ‘OA U RATA’

9, 10. Jesu o ne a bua ka eng ha a ne a re: “Ntate oa le rata,” joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 16:​26, 27? (Sheba setšoantšo.)

9 Re ka ithuta ho hongata ka tsela eo Jehova a re ratang ka eona ha re nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ho balateli ba hae, ha a re: “Ntate oa le rata.” (Bala Johanne 16:​26, 27.) Jesu o ne a sa bue mantsoe ana hobane a batla ho thabisa barutuoa ba hae. Ha e le hantle, litemana tse tlang pele ho ena li bontša hore o ne a sa bue ka taba e amanang le maikutlo a bona. Ho e-na le hoo, o ne a bua ka ntho e ’ngoe e fapaneng e leng thapelo.

10 Jesu o ne a sa tsoa bolella barutuoa ba hae hore ba lokela ho rapela ka eena, eseng hore ba rapele eena. (Joh. 16:​23, 24) Ho ne ho le bohlokoa hore ba tsebe taba ena. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, e ka ’na eaba barutuoa ba hae ba ne ba batla ho mo rapela, etsoe ba ne ba mo nka e le motsoalle oa bona. Mohlomong ba ne ba nahana hore kaha Jesu oa ba rata, o ne a tla susumelletseha hore a mamele likopo tsa bona tse matla, a be a li fetisetse ho Ntate oa hae. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re ha baa lokela ho nahana ka tsela ena. Hobane’ng? O ile a re ho bona: “Ntate oa le rata.” ’Nete ena ke karolo ea lithuto tsa motheo tsa Bibele mabapi le thapelo. Nahana ka hore na sena se bolela’ng ho uena. Ha u ntse u ithuta Bibele, u ile oa tseba Jesu hantle oa ba oa mo rata. (Joh. 14:21) Empa joaloka barutuoa bao, le uena u ka rapela Molimo u kholisehile, u tseba hore ‘oa u rata.’ Nako eohle ha u rapela Jehova, oa bontša hore u na le tumelo mantsoeng ana.—1 Joh. 5:14.

Litšoantšo: Mor’abo rona o lutse ka ntle bencheng o ntse a rapella lintho tse tharo tsa bohlokoa bophelong ba hae. 1. Mohatsa oa hae ea kulang o robetse betheng ’me o mo isetsa lijo. 2. Moralinyana oa hae o thabela ho ithuta Bibele le eena. 3. O ntse a sheba litokomane tsa ngata tsa tlaleho ea lichelete.

U ka rapela Jehova u kholisehile, u tseba hore ‘oa u rata’ (Sheba serapa sa 9 le 10)b


UTLOISISA HORE NA KE ENG E ETSANG HORE U BE LE LIPELAELO

11. Ke hobane’ng ha Satane a thaba haeba re ka belaela hore Jehova oa re rata?

11 Taba ea ho belaela hore Jehova oa re rata e tsoa hokae? U ka ’na oa re e tsoa ho Satane, ’me seo ke ’nete ho isa boholeng bo itseng. Diabolose o batla ho re “harola,” ’me a ka thaba haholo ha re ka belaela hore Jehova oa re rata. (1 Pet. 5:8) Lerato leo Jehova a re ratang ka lona le ile la mo susumelletsa hore a fane ka tefo ea topollo, e leng ntho eo Satane a batlang hore re utloe eka re ke ke ra rua molemo ho eona. (Baheb. 2:9) Empa ha e le hantle, ke mang ea ruang molemo ha re belaela hore Jehova oa re rata? Ke Satane. Hape ke mang ea thabang ha re inehela ha re e-na le mathata? E ntse e le Satane. Hoa makatsa hore ebe Satane o leka ka matla ho etsa hore re belaele hore Jehova oa re rata, empa ha e le hantle e le eena eo Jehova a sa mo rateng. A mang a ‘maqiti’ a hae a ka sehloohong ke ho leka ho etsa hore re utloe eka ke rona bao Jehova a sa ba rateng le bao a tla ba ahlola. (Baef. 6:11) Ha re hlokomela seo sera sa rona se lekang ho se etsa, re ka ikemisetsa le ho feta ho ‘hanyetsa Diabolose.’—Jak. 4:7.

12, 13. Sebe seo re se futsitseng se ka etsa hore re belaele hore Jehova oa re rata joang?

12 Ho na le ntho e ’ngoe hape e ka etsang hore re belaele hore Jehova oa re rata. E ka ba eng? Sebe seo re se futsitseng. (Pes. 51:5; Bar. 5:12) Sebe se sentse setsoalle sa batho le ’Mopi oa bona. Se boetse se sentse tsela eo re nahanang ka eona, re ikutloang ka eona le bophelo ba rona.

13 Sebe se etsa hore maikutlo a rona a ferekane le hore re ikutloe re le molato, re tšoenyehile, re ikhalala ebile re soabile. Re ka ikutloa ka tsela ena ha re etsa sebe. Empa maikutlo ana a ka boela a e-ba teng hobane re lula re hopola hore ha rea phethahala, e leng boemo bo fapaneng le boo Jehova a neng a re bopile ka bona ho tloha qalong. (Bar. 8:​20, 21) Joalokaha koloi e nang le lebili le panchileng e sa khone ho tsamaea hantle, le rona kaha ha rea phethahala, re ke ke ra khona ho etsa lintho hantle joalokaha re ne re ka li etsa ha re ne re phethahetse. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ka linako tse ling re loantšana le ho belaela hore Jehova oa re rata. Ha seo se etsahala, re lokela ho hopola hore Jehova ke “Molimo e moholo le ea hlomphehang, . . . ea ratang batho ba mo ratang le ba mamelang litaelo tsa hae.”—Neh. 1:5.

14. Ho nahana ka tefo ea topollo ho ka re thusa joang hore re tlose monahano oa hore Jehova haa re rate? (Baroma 5:8) (Sheba lebokose le reng “Itebele Khahlanong le ‘ho Thetsoa ke Sebe.’”)

14 Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka ikutloa re sa tšoaneloe ke hore Jehova a re rate. Ha re se re bua ’nete feela, ha re tšoaneloe ke hore Jehova a re rate, ’me taba ea hore oa re rata ea ikhetha. Ha ho letho leo re ka le etsang e le hore Jehova a re rate. Leha ho le joalo, tefo ea topollo e koahela libe tsa rona, ’me Jehova o entse tokisetso ena hobane a re rata. (1 Joh. 4:10) Hape hopola hore Jesu o ile a tla lefatšeng ho tl’o lopolla baetsalibe, eseng batho ba phethahetseng. (Bala Baroma 5:8.) Ha ho le ea mong oa rona ea ka etsang lintho ka tsela e phethahetseng, ’me Jehova haa lebella hore re etse lintho ka tsela e phethahetseng. Ha re utloisisa hore ho se phethahala ke hona ho etsang hore re belaele hore Jehova oa re rata, re ka ikemisetsa le ho feta ho loantša boikutlo boo.—Bar. 7:​24, 25.

Itebele Khahlanong le “ho Thetsoa ke Sebe”

Bibele e bua ka “ho thetsoa ke sebe.” (Baheb. 3:13) Ntle le hore sebe sea re hohela hore re etse lintho tse fosahetseng, ho se phethahale ho ka etsa hore re lule re belaela hore Jehova oa re rata. Kannete sebe sea thetsa.

Re ka ’na ra nahana hore ha ho na motho ea ka re qhekellang habonolo. Ka mohlala, re ka ’na ra nahana hore ha ho le ka mohla motho ea sa tšepahaleng a ka re qhekellang eaba o nka chelete ea rona. Leha ho le joalo, haeba re se hlokolosi ka mofuta ona oa tlolo ea molao, re ka qetelletse re lahlehetsoe ke chelete eohle ea rona.

Ka tsela e tšoanang, re lokela ho ba hlokolosi ha ho se phethahale ho leka ho re qhekella ho lumela hore Jehova ha a re rate. Ho se phethahale ho ka etsa hore re lule re nahana ka mefokolo, melato le liphoso tsa rona. Empa hoo ke “ho thetsoa ke sebe,” e leng ntho eo re lokelang ho e qoba.

KHETHA HO LULA U TŠEPAHALA

15, 16. Re ka kholiseha ka eng haeba re lula re tšepahalla Jehova, hona hobane’ng? (2 Samuele 22:26)

15 Jehova o batla hore re etse khetho e nepahetseng ea ho ‘mo khomarela.’ (Deut. 30:​19, 20) Ha re etsa joalo, re ka kholiseha hore o tla lula a re tšepahalla. (Bala 2 Samuele 22:26.) Hafeela re lula re tšepahalla Jehova, re ka kholiseha hore o tla re thusa hore re mamelle boemo leha e le bofe bo ka re hlahelang bophelong.

16 Joalokaha re ithutile, re na le mabaka a utloahalang a hore re lule re tsitsitse ha re tobana le liteko. Rea tseba hore Jehova oa re rata le hore o tla re tšehetsa. Ke sona seo Bibele e se rutang. Haeba le ka mohla re belaela hore Jehova oa re rata, re ka nahana ka seo re tsebang hore ke ’nete, ho e-na le ho nahana hore tsela eo re ikutloang ka eona ka nako eo ke ’nete. A re luleng re kholisehile ka ’nete e tsoang ka Bibeleng ea hore lerato la Jehova le tšepahalang ha le fele le ka mohla.

U KA RE’NG?

  • Ho hopola hore taba ea hore Jehova oa u rata ke thuto ea motheo ea Bibele, ho ka u tsoela molemo joang?

  • Sebe seo re se futsitseng se ka etsa hore re belaele hore Jehova oa re rata joang?

  • Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra belaela hore Jehova oa re rata?

PINA EA 159 Rorisang Jehova

a Mehlala e meng ke Deuteronoma 31:​8, Pesaleme ea 94:14 le Esaia 49:15.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona o rapela Jehova hore a mo thuse ho hlokomela mosali oa hae ea kulang, hore a be le bohlale ba ho sebelisa chelete hantle le ho koetlisa moralinyana oa bona hore a rate Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela