Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 August maq. 26-30
  • Ke Ile ka Khona ho ba Moromuoa le Hoja ke ne ke le Lihlong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ile ka Khona ho ba Moromuoa le Hoja ke ne ke le Lihlong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA KE QALA TŠEBELETSO EA NAKO E TLETSENG
  • PAKANE EA KA EA HO BA MOROMUOA
  • HO SEBELETSA NAHENG E NANG LE LINTOA TSE NGATA
  • KABELO EA RONA E NCHA
  • MATHATA A NTLHAHETSENG
  • KE LEBOHA JEHOVA KA TŠEHETSO EA HAE
  • Ntho ea Bohlokoa ho Feta Bophelo Boo re bo Phelang Hona Joale
    Tsoha!—2011
  • Letšolo le Khethehileng Lea Atleha Bulgaria
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na u Talima Feela Ponahalo e ka Ntle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Jehova o ‘Otlollotse Litsela Tsa Ka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 August maq. 26-30
Morali oa bo rona Marianne Wertholz.

PALE EA BOPHELO

Ke Ile ka Khona ho ba Moromuoa le Hoja ke ne ke le Lihlong

JOALOKAHA HO BOLETSE MARIANNE WERTHOLZ

HA KE ntse ke le ngoana, ke ne ke le lihlong ke bile ke tšaba batho. Empa ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a nthusa hore ke be moromuoa ea ratang batho. Joang? O ile a sebelisa ntate oa ka ea ileng a nthuta lintho tse ngata ka Jehova a ba a sebelisa morali oa bo rona ea neng a le monyenyane hore a mpehele mohlala o motle. O ile a boela a sebelisa monna oa ka ea neng a bua le ’na ka mosa a bile a e-na le mamello. E re ke le qoqele hanyane ka bophelo ba ka.

Ke hlahetse Vienna, e Austria ka 1951. Batsoali ba ka e ne le Mak’hatholike. Ke ne ke le lihlong empa ke ne ke lula ke rapela ebile ke lumela hore Molimo o teng. Ha ke ne ke le lilemo li robong, ntate oa ka o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, hamorao ’mè oa ka le eena o ile a qala ho ithuta.

’Na le ausi oa ka Elisabeth (ka ho le letšehali)

Ha nako e ntse e ea, re ile ra qala ho kopanela phuthehong ea Döbling e Vienna. Re ne re etsa lintho tse ngata hammoho re le lelapa. Re ne re bala le ho ithuta Bibele hammoho, re ea libokeng ebile re ithaopa ha re le likopanong tse nyenyane. Ha ke ntse ke le monyane, ntate oa ka o ile a nthusa hore ke rate Jehova haholo. Ha e le e hantle, ntate oa ka o ne a lula a rapella hore ’na le ngoan’eso re be bopula-maliboho. Empa ka nako eo ke ne ke e-s’o batle ho ba pula-maliboho.

HA KE QALA TŠEBELETSO EA NAKO E TLETSENG

Ke kolobelitsoe ka 1965, ha ke le lilemo li 14. Leha ho le joalo, ke ne ke utloa ho le thata ho bua le batho bao ke sa ba tsebeng ha ke le tšimong. Ke ne ke boetse ke bona eka bacha ba bang ba betere ho mpheta ’me ke batla hore ba nkamohele. Kahoo, nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe ke ile ka qala ho tloaelana le bana ba neng ba sa sebeletse Jehova. Le hoja ke ne ke thabela ho ba le bona, letsoalo la ka le ne le ntšoenya hobane ke ne ke qeta nako e ngata le batho ba sa sebeletseng Jehova. Empa ho ne ho le thata ho tlohela setsoalle seo. Ke eng e nthusitseng?

Morali oa bo rona Marianne le Dorothée.

Ke ithutile ho hongata ho Dorothée (ka ho le letšehali)

Ngoanana e mong ea bitsoang Dorothée ea neng a le lilemo li 16 e ile ea e-ba mohoeletsi phuthehong ea rona. Ke ne ke rata kamoo a neng a chesehela tšimo kateng. Le hoja ke ne ke le moholoanyane ho eena, ke ne ke sa tsamaee tšimo joaloka eena. Ke ile ka nahana ka re: ‘Batsoali ba ka ke Lipaki, empa Dorothée ke eena feela Paki habo. O lula le ’me oa hae ea kulang empa o lula a le teng tšimong.’ Mohlala oa hae o ile oa ntšusumelletsa hore le ’na ke batle ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Ho e-s’o ee kae, ’na le Dorothée re ile ra qalella ho sebetsa tšimo hammoho re le bo pula-maliboho. Re qalile re le bo pula-maliboho ba nakoana bao hona joale ba bitsoang bo pula-maliboho ba thusang, ’me hamorao ra nkela bopula-maliboho ba kamehla. Kaha Dorothée o ne a rata tšimo, le ’na ke ile ka qetella ke e rata haholo. O ile a nthusa hore ke fumane motho oa pele eo ke ileng ka ithuta Bibele le eena. Ha nako e ntse e ea, ho ile ha ba bonolo hore ke buisane le batho bao ke neng ke kopana le bona ka ntlo le ntlo, seterateng le libakeng tse ling tse fapaneng.

Le pele ke qeta selemo ke le pula-maliboho ea kamehla, ho ile ha fihla mor’abo rona phuthehong ea rona ea bitsoang Heinz. O ile a ithuta Bibele ha a ne a ntse a le Canada a etetse abuti oa hae eo e neng e le Paki. O fihlile phuthehong ea rona e Vienna e le pula-maliboho e khethehileng. Ke mo ratile ho tloha ha ke qala ho mo bona. O ne a batla ho ba moromuoa empa eo e ne se pakane ea ka. Kahoo qalong ke ne ke sa batle ho mo bontša hore kea mo rata. Leha ho le joalo, hamorao re ile ra qala ho ratana, ra nyalana ’me ra ba bo-pula-maliboho re le ’moho Austria.

PAKANE EA KA EA HO BA MOROMUOA

Heinz o ne a hlola a mpolella hore a ka thabela ho ba moromuoa. Le hoja a ne a sa nqobelle, o ne a mpotsa lipotso tse neng li nthusa ho nahana ka kabelo eo. O ne a atisa ho re: “Kaha ha re na bana, na ho na le hoo re ka ho etsang ho eketsa tšebeletso ea rona?” Kaha ke ne ke le lihlong, ke ne ke tšaba ho ba moromuoa le hoja ke ne ke ntse ke le pula-maliboho. Empa ka mamello Heinz o ile a tsoela pele a ntse a nthusa ho nahana ka ho ba moromuoa. O ile a boela a nthusa hore ke nahane haholo ka batho ba bang ho e-na le ho nahana ka ’na. Seo a ileng a se bua se ile sa nthusa haholo.

Mor’abo rona Heinz o khanna thuto ea Molula-Qhooa phuthehong e nyenyane e buang puo ea Yugoslavian e Salzburg Austria, ka 1974

Hanyane ka hanyane ke ile ka utloa ke se ke ba le thahasello ea ho ba moromuoa. Kahoo, re ile ra kenya kopo ea ho ea sekolong sa Gileade. Leha ho le joalo, mor’abo rona eo e neng e le mohlanka oa lekala o ile a nkhothalletsa hore ke ntlafatse Senyesemane sa ka pele. Ka mor’a ho qeta lilemo tse tharo ke ntse ke leka ho ntlafatsa Senyesemane sa ka, re ile ra makala ha re fumana kabelo e ncha phuthehong ea Yugoslavia e Salzburg, Austria. Ka lilemo tse supileng re ile ra pakela batho ba moo ba neng ba bua puo ea Serbo-Croatian. Ha re ntse re le moo, monna oa ka e ile ea e-ba molebeli oa potoloho ’me re ile ra qeta selemo re ntse re etela liphutheho tsa puo ea Serbo-Croatian re le ’moho. Puo ea Serbo-Croatian e ne le thata haholo empa re ne re e-na le batho ba bangata bao re neng re ithuta Bibele le bona.

Ka 1979 re ile ra kopuoa ho ea Bulgaria. Kaha mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe, bara ba bo rona ba neng ba etella pele ka nako eo ba ile ba re re etse eka re ne re ea phomolong. Empa morero e ne e se ho ea moo ho e’o paka, e ne e le ho isetsa barali ba bo rona ba bahlano lingoloa tse nyenyane toropong e kholo ea Sofia. Ke ne ke tšohile empa Jehova o ile a nthusa. Ha ke bona kamoo barali bao ba bo rona ba neng ba le sebete kateng, le kamoo ba neng ba thabile kateng ho sa tsotellehe hore ba ne ba ka koalloa ka lebaka la tumelo ea bona, seo se ile sa ntšusumelletsa hore ke etse eng kapa eng eo mokhatlo oa Jehova o nkopang hore ke e etse.

Ka mor’a nakoana, re ile ra kenya kopo hape ea ho ea sekolong sa Gileade ’me lekhetlong lena e ile ea amoheloa. Re ne re nahana hore re tla isoa tlelaseng ea Senyesemane e Amerika. Empa ka November 1981, mokhatlo o ile oa etsa tokisetso ea hore ho be le sekolo sa Gileade lekaleng la Jeremane le Wiesbaden. Re ile ra khona ho ea tlelaseng e neng e tšoeroe ka Sejeremane ’me seo se ile sa etsa hore ho be bonolo ho utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kabelo ea rona e ncha e ne e tl’o ba hokae?

HO SEBELETSA NAHENG E NANG LE LINTOA TSE NGATA

Re ile ra abeloa ho e’o sebeletsa Kenya. Leha ho le joalo, bara ba bo rona ba lekaleng la Kenya ba ile ba re kopa hore re e’o sebeletsa naheng ea Uganda. Lilemo tse leshome pele ho moo, Molaoli oa sesole ea bitsoang Idi Amin o ile a inkela puso ka mahahapa. Nakong ea puso ea hae, batho ba bangata ba ile ba bolaoa ’me ba limilione ba sotleha. Ka 1979 bahanyetsi ba Idi Amin ba ile ba mo qobella hore a khaotse ho busa. Kea kholoa oa utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke ne tšohile hakana ho ea naheng e tletseng ntoa joaloka ena. Empa ho ea Gileade ho ile ha re thusa hore re tšepe Jehova haholoanyane kahoo re ile ra amohela kabelo eo.

Ho lula Uganda ho ne ho se bonolo. Bukeng ea selemo ea 2010, Heinz o hlalosa boemo boo ka tsela ena: “Litšebeletso tse ngata tsa sechaba li ne li senyehile; ho se na tsamaiso e ntle ea metsi le mokhoa oa ho fetisa melaetsa. . . . Ho ne ho tloaelehile hore batho ba thunngoe ’me ba nkeloe thepa ka likhoka, haholo-holo bosiu. . . . Ba ne ba sa tsoe ka matlong ba tšepile hore ba tla sireletseha, ’me hangata ba rapella hore ba se ke ba mpa ba pateloa bosiu.” Ho sa tsotellehe mathata ao bara le barali ba bo rona ba Uganda ba kopaneng le ’ona, ba ne ba ntse ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova ba thabile.

Re pheha lijo le ba lelapa la ha Waiswa

Ka 1982, ’na le Heinz re ile ra fallela Kampala e leng toropo e kholo ea Uganda. Re ile ra fihlela lelapeng la Sam le Christina Waiswa ba neng ba lula le bana ba bona ba bahlano hammoho le batho ba bang ba bane ba amanang le bona. Re ile ra lula le bona ka likhoeli tse hlano. Lelapa la ha Waiswa le ne le tloaetse ho ja ha ’ngoe ka letsatsi, empa ba ne ba lula ba ikemiselitse ho arolelana le rona seo ba neng ba e-na le sona. Ha re ntse re lula le ba ha Waiswa, re ile ra ithuta lintho tse ngata tse re thusitseng mosebetsing oa rona oa borumuoa. Ka mohlala, re ile ra ithuta ho boloka metsi ka hore re hlape ka lilithara fela tse ’maloa le ho sebelisa metsi ao re hlapileng ka ’ona bakeng sa ntloana. Ka 1983, ’na le Heinz re ile ra iphumanela ntlo sebakeng se neng se sireletsehile hona moo Kampala.

Tšimo ea Kampala e ne e le monate haholo. Ka mohlala, khoeling e ’ngoe re ile ra tsamaisa limakasine tse ka holimo ho 4 000! Empa ntho e neng e re thabisa le ho feta ke ho bona kamoo batho ba neng ba amohela molaetsa kateng. Ba ne ba hlompha Molimo ’me ba rata ho bua ka Bibele. Hangata ’na le Heinz re ne re e-na le lithuto tse ka bang 10 ho ea ho 15 motho ka mong. Re ithutile ho hongata ho batho bao re neng re ithuta Bibele le bona. Ka mohlala, le hoja ba ne ba lokela ho tsamaea ka maoto ho ea libokeng beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho ne ho se mohla ba tletlebang empa ba ne ba lula ba thabile.

Ka 1985 le ka 1986, ho ile ha e-ba le lintoa tse ling tse peli Uganda. Hangata re ne re bona bana ba tšoere lithunya tse kholo ba sebelisoa e le masole. Ba ne ba ema mebileng ba secha likoloi tse fetang. Ka nako eo, re ne re lula re rapela e le hore re ka lula re khobile matšoafo le hore re etse liqeto tse nepahetseng ha re ntse etsa mosebetsi oa rona oa boboleli. Jehova o ile a arabela lithapelo tsa rona. Ha re ne re kopana le motho ea neng a thabela ho ithuta Bibele, re ne re lebala ka mathata a rona.

’Na, Heinz le Tatjana (ea bohareng)

Re ne re boetse re thabela ho pakela batho ba tsoang linaheng tse ling. Ka mohlala, re ne re ithuta Bibele le Murat le Dilbar Ibatullin e leng banyalani ba neng ba hlaha Tatarstan e Russia. Murat e ne e le ngaka. Ba ile ba kolobetsoa ’me ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Hamorao, ke ile ka kopana le Tatjana Vileyska, ea neng a tsoa Ukraine eo ka nako eo a neng a batla ho ipolaea. Ka mor’a hore a kolobetsoe o ile a khutlela ha habo Ukraine ’me hamorao o ile a sebeletsa e le mofetoleli oa lingoloa tsa rona.a

KABELO EA RONA E NCHA

Ka 1991 ha re ntse re etetse Austria, re ile ra letsetsoa ke bara ba bo rona ba lekaleng la Austria ba re tsebisa ka kabelo ea rona e ncha e neng e tl’o ba Bulgaria. Ka mor’a hore puso ea bokomonisi e fele Europe Bochabela, mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa ba molaong Bulgaria. Joalokaha ke se ke boletse, ’na le Heinz re ne ile ra tlisa lingoloa tse nyenyane ka sekhukhu nakong eo mosebetsi oa boboleli o ntseng o thibetsoe naheng eo. Empa lekhetlong lena re ne re se re ela ho e’o tsamaea tšimo.

Bara ba bo rona ba ile ba re re se ke ra khutlela Uganda. Ha rea ka ra fumana le monyetla oa hore re khutlele moo re neng re lula teng ho e’o paka thoto ea rona kapa hona ho e’o salisa metsoalle ea rona. Re ile ra ea Bethele e Jeremane, ra fuoa koloi ’me ra ea Bulgaria. Re ile ra abeloa ho ea Sofia sehlopheng se neng se e-na le bahoeletsi ba ka bang 20.

Ha re fihla moo re ile ra tobana le mathata a mangata. Bothata ba pele e ne e le hore re ne re sa tsebe puo ea moo. Hape re ne re e-na le libuka tse peli fela ka Sebulgaria, e leng ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Sena se ne se etsa hore ho be thata ho qala ho ithuta Bibele le batho. Ho sa tsotelle mathata ana, sehlopha sena se senyenyane sa bara le barali ba bo rona se ne se ntse se tsoela pele ho etsa mosebetsi oa boboleli ka cheseho. Empa kereke ea Orthodox e ile ea ela hloko mosebetsi oo re neng re o etsa eaba e qala ho re hlorisa.

Ka 1994, ’muso oa Bulgaria o ile oa re bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova ha bo sa le molaong naheng eo ’me batho ba bangata ba Bulgaria ba ile ba qala ho nka Lipaki Tsa Jehova e le batho ba kotsi. Bana ba bang ba bo rona ba ile ba tšoaroa. Mecha ea phatlalatso e ile ea qala ho hasa mashano ka rona, e re Lipaki Tsa Jehova li bolaea bana hape re khothalletsa hore lipaki tse ling li ipolaee. Seo se ne se etsa hore ’na le Heinz re thatafalloe ke ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ha re ne re le tšimong re ne re kopana le batho ba re omanyang, ba bang ba founela mapolesa, ha ba bang bona ba re betsa ka lintho. Ho ne ho se ho se bonolo hore re fumane lingoloa, ’me ho ne ho se ho le thata ho hira liholo bakeng sa liboka. Ho ile ha e-ba le makhetlo ao ka ’ona mapolesa a ileng a emisa likopano tsa rona. Re ne re sa tloaela ho hanyetsoa ka tsela eo hobane ha re ne re le Uganda re ne re kopana le batho ba bangata ba neng ba thabela ho ithuta Bibele. Ke eng e re thusitseng ho sebetsana le maemo aa?

Ntho e neng e re thusa e ne e le ho qeta nako le bara le barali ba bo rona. Ba ne ba thabile hobane ba ne ba se ba tseba Jehova ’me ba ananela boteng ba rona moo. Ba ne ba tsotellana ebile ba thusana. Mohlala oa bona o re bontšitse hore re ka khona ho thaba tšebeletsong ea rona hafeela re rata batho.

Morali oa bo rona Marianne le Mor’abo rona Heinz Wertholz.

Lekaleng la Bulgaria ka 2007

Ka mor’a lilemo tse seng kae, maemo a ile a ntlafala. Ka 1998, bolumeli ba rona bo ile ba e-ba molaong hape ’me lingoloa li ile tsa qala ho fumaneha ka Sebulgaria. Ka 2004, mehaho e mecha ea ofisi ea lekala e ile ea neheloa. Hona joale ho se ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 2 953 le liphutheho tse 57. Selemong se fetileng sa tšebeletso, batho ba ka bang 6 475 ba bile teng Sehopotsong. Nakong e fetileng ho ne ho e-na le barali ba bo rona ba bahlano fela Sofia empa hona joale ho se ho e-na le liphutheho tse robong. Kannete re bone ha ‘e monyenyane a fetoha ba sekete.’—Esa. 60:22.

MATHATA A NTLHAHETSENG

Ha lilemo li ntse li ea, ke ’nile ka kula ka makhetlo a mangata. Lingaka li ’nile tsa fumana lihlahala ’meleng oa ka. Ka lekhetlo le leng li ile tsa fumana hlahala e ’ngoe bokong ba ka. Ke ile ka fumana kalafo ea kankere ’me hamorao ka ea India ho e’o etsa opereishene. Opereishene eo e ile ea nka lihora tse 12, empa lingaka ha lia ka tsa khona ho tlosa hlahala eo kaofela. Re ile ra lula lekaleng la India ho fihlela ke e-ba betere, ka mor’a moo re ile ra khutlela kabelong ea rona Bulgaria.

Ha lintho tsena tsohle li ntse li etsahala, Heinz le eena o ile a kula a tšoaroa ke boloetse bo sa tloaelehang boo a bo futsitseng bo bitsoang Huntington. Boloetse bona bo ile ba etsa hore a thatafalloe ke ho tsamaea le ho bua. Bo ne bo boetse bo mo thatafalletsa ho tsamaisa ’mele oa hae ka tsela e tloaelehileng. Ha boloetse boo bo ntse bo tota, o ne a se a thatafalloa ke ho iketsetsa lintho. Kahoo, ke ne ke tlameha ho mo thusa. Ka linako tse ling ke ne ke utloa ke khathetse ’me ke ne ke tšoenyeha ke ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ha ke se ke sa khone ho mo hlokomela. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le mor’abo rona e mong e mocha ea bitsoang Bobi ea neng a tloaetse ho mema Hienz hore ba ee tšimong ’moho. Bobi o ne a sa soabele ho tsamaea le Hienz le hoja Hienz a ne a bua ka tsela e sa tloaelehang ebile ’mele oa hae o sisinyeha ka tsela e sa tloaelehang. Bobi o ne a lula a le teng ho thusa Hienz haeba ’na ke ne ke sa khone. Le hoja ’na le Hienz re entse qeto ea ho se be le bana tsamaisong ena, re ne re utloa e ka Jehova o re file Bobi hore e be mora oa rona.—Mar. 10:​29, 30.

Heinz o ile a boela a tšoaroa ke kankere. Ka masoabi monna oa ka eo ke mo ratang o ile a hlokahala ka 2015. Ha Heinz a qeta ho hlokahala, ke ne ke lula ke tšoenyehile haholo, hape ho ne ho le thata ho lumela hore o se a le sieo. Ke lula ke nahana haholo ka eena hoo e kang o ntse a phela. (Luka 20:38) Ke lula ke hopola mantsoe a hae a khothatsang le likeletso tseo a neng a mpha tsona letsatsi le letsatsi. Ke thabela hore re ile ra sebeletsa Jehova re le ’moho ka lilemo tse ngata.

KE LEBOHA JEHOVA KA TŠEHETSO EA HAE

Jehova o nthusitse hore ke mamelle mathata ’ohle ao ke kopaneng le ’ona. O ile a boela a nthusa hore ke be motho oa batho le hoja ke ne ke le moromuoa ea lihlong. (2 Tim. 1:7) Ke leboha Jehova hore o thusitse ’na le ngoan’eso hore re be tšebeletsong ea nako e tletseng. Eena le monna oa hae ba potoloha Europe liphuthehong tse buang Seserbia. Lithapelo tseo ntate oa ka a ileng a li etsa nakong e fetileng li ile tsa arabeloa.

Kamehla ha ke etsa thuto ea botho ke ba le khotso eo Jehova a mphang eona. Ke ithutile ho “rapela ka matla” le ho feta joaloka Jesu ha ke e-na le mathata. (Luka 22:44) Tsela e ’ngoe eo Jehova a arabelang lithapelo tsa ka ka eona ke ka bara le barali ba bo rona ba phutheho ea heso ea Nadezhda e Sofia ba mpontšang lerato le mosa kateng. Ba thabela ho qeta nako le ’na ’me hangata ba lula ba mpolella hore baa nthata. Sena se etsa hore ke thabe haholo.

Hangata ke lula ke nahana ka tšepo ea tsoho. Kamehla ke lula ke nahana kamoo batsoali ba ka ba tla beng ba le batle kateng, ba le bacha joaloka mohla ba neng ba nyalana ba eme ka pel’a ntlo ea heso, ausi oa ka a ntse a pheha le Heinz a eme pel’a pere ea hae. Ho nahana ka lintho tsena ho etsa hore ke thabe hape ho nthusa hore ke mamelle ebile ho etsa hore ke lule ke leboha Jehova kamehla.

Ha ke nahana ka lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a nketselitseng tsona, le tseo a tla li etsa nakong e tlang, ke ikutloa joaloka Davida ea ileng a re ho Pesaleme ea 27:​13, 14: “Nka be ke le hokae haeba ke ne ke se na tumelo ea hore ke tla bona kamoo Jehova a leng molemo kateng ha ke ntse ke phela? Tšepa Jehova. E-ba sebete ’me u be matla. Tšepa Jehova.”

a Sheba pale ea bophelo ea Tatjana Vileyska ho Tsoha! ea December 22, 2000, maq. 20-24 ea Senyesemane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela