Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 November maq. 22-27
  • ‘U Motho oa Bohlokoa Haholo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘U Motho oa Bohlokoa Haholo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JESU O THUSITSE BATHO HORE BA IKUTLOE E LE BA BOHLOKOA JOANG?
  • RE KA INKA KA TSELA EO JEHOVA A RE NKANG KA EONA JOANG?
  • Jehova “o Folisa Bao Lipelo Tsa Bona Li Utloileng Bohloko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Jehova oa u Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ithute Linthong Tseo Jesu a Ileng a li Etsa Matsatsing a 40 a ho Qetela a le Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 November maq. 22-27

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 47

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

‘ U Motho oa Bohlokoa Haholo’

“ U motho [oa bohlokoa] haholo.”—DAN. 9:23.

NTLHA-KHOLO

Ho thusa batho ba ikhellang fatše hore ba utloisise hore ke ba bohlokoa ho Jehova.

1, 2. U ka etsa’ng e le hore u kholisehe hore u motho oa bohlokoa ho Jehova?

JEHOVA o nka bahlanka ba hae ba le bohlokoa haholo, empa ba bang ba ikutloa e se ba bohlokoa. Mohlomong motho e mong o ile a ba tšoara ka tsela e etsang hore ba ikutloe e se ba bohlokoa. Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng e le hore u kholisehe hore u motho oa bohlokoa ho Jehova?

2 U ka ’na oa thusoa ke ho bala litlaleho tse ka Bibeleng tse bontšang kamoo Jehova a batlang hore batho ba hae ba tšoaroe kateng. Mora oa hae Jesu o ile a tšoara batho ka tsela e bontšang hore oa ba hlompha le ho ba siela seriti. Ka ho etsa joalo, o ile a bontša hore eena le Ntate oa hae ba nka batho ba ikokobelitseng ba ikutloang eka ha ba na thuso e le ba bohlokoa haholo. (Joh. 5:19; Baheb. 1:3) Sehloohong sena, re tla hlahloba hore na: (1) Jesu o ile a thusa batho joang hore ba ikutloe e le ba bohlokoa le (2) hore na re ka ikholisa joang hore ehlile re ba bohlokoa mahlong a Molimo.—Hag. 2:7.

JESU O THUSITSE BATHO HORE BA IKUTLOE E LE BA BOHLOKOA JOANG?

3. Jesu o ile a thusa Bagalilea ba neng ba tla ho eena ho tla kopa thuso joang?

3 Ha Jesu a le leetong la hae la boraro la boboleli Galilea, batho ba bangata ba ne ba tla ho eena ho tla mo mamela le ho folisoa. Jesu o ile a hlokomela hore “ba ne ba sotlehile ebile ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) Baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba ba khella fatše hobane ba ne ba se na tsebo, ba bile ba ba bitsa batho ‘ba rohakiloeng.’ (Joh. 7:​47-49) Empa Jesu o ile a ba hlompha ka hore a iphe nako ea ho ba ruta le ho ba folisa. (Mat. 9:35) Ho ekelletsa moo, e le hore a thuse batho ba bangata, o ile a koetlisa baapostola ba hae bakeng sa mosebetsi oa boboleli le ho ba fa matla a hore ba folise ba kulang.—Mat. 10:​5-8.

4. Re ithuta’ng tseleng eo Jesu a neng a tšoara bamameli ba hae ba ikokobelitseng ka eona?

4 Ha Jesu a ne a tšoara bamameli ba hae ka tsela e bontšang hore oa ba hlompha le ho ba siela seriti, o ne a bontša hore eena le Ntate oa hae ba nka batho bao hangata ba khelloang fatše ke batho ba bang, e le ba bohlokoa. Haeba u sebeletsa Jehova empa ha oa kholiseha hore u motho oa bohlokoa, nahana kamoo Jesu a neng a tsotella batho ba ikokobelitseng ba neng ba batla ho ithuta ho eena kateng. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u bone hore u bohlokoa mahlong a Jehova.

5. Hlalosa maemo a mosali oa Galilea eo Jesu a ileng a kopana le eena.

5 Jesu ha aa ka a ruta matšoele a batho feela, empa o ile a boela a ruta le ho thusa batho ka bomong. Ka mohlala, ha a ntse a etsa mosebetsi oa boboleli Galilea, o ile a kopana le mosali ea neng a qetile lilemo tse 12 a e-na le bothata ba phallo ea mali. (Mar. 5:25) Ho ea ka Molao, o ne a sa hloeka ’me motho e mong le e mong ea mo amang, e ne e e-ba ea sa hloekang. E tlameha ebe sena se ile sa etsa hore ho be thata hore a kopane le batho. Ho ekelletsa moo, o ne a sa khone ho rapela Jehova le batho matlong a thapelo le ho ea meketeng e neng e amana le borapeli ba Jehova. (Lev. 15:​19, 25) Ha ho pelaelo hore mosali enoa o ne a boetse a ikutloa a se na thuso ka lebaka la bokuli ba hae.—Mar. 5:26.

6. Mosali ea neng a e-na le phallo ea mali o ile a folisoa joang?

6 Mosali enoa ea neng a kula haholo o ne a batla hore Jesu a mo folise. Empa ha aa ka a ea ho eena ka ho toba. Hobane’ng? Mohlomong o ne a soabela kapa a tlotlolloa ke bokuli ba hae. Kapa mohlomong o ne a tšohile hore Jesu o tla mo leleka hobane a kene ka har’a letšoele a sa lumelloe ke Molao. Kahoo, o ile a tšoara seaparo sa hae sa ka ntle, a kholisehile hore ho etsa joalo ho tla etsa hore a fole. (Mar. 5:​27, 28) Tumelo ea hae e ile ea putsoa kaha o ile a fola. Kahoo, Jesu o ile a botsa hore na ke mang ea mo ammeng, ’me mosali eo o ile a re ke eena ea mo ammeng. Jesu o ile a mo tšoara joang?

7. Jesu o ile a tšoara mosali ea neng a kula joang? (Mareka 5:​34, nal.)

7 Jesu o ile a tšoara mosali eo ka mosa le ka tlhompho. O ile a hlokomela hore o ne “a tšohile a bile a thothomela.” (Mar. 5:33) Kahoo, o ile a bua le eena ka tsela e khothatsang. O ile a ba a mo bitsa “morali” e leng lentsoe le bontšang hore ha se feela hore oa mo hlompha empa o mosa ebile oa mo rata. (Bala Mareka 5:​34, nal.) Ke temaneng ena feela ka Bibeleng moo Jesu a ileng a bitsa mosali “morali.” Mohlomong o ile a sebelisa lentsoe lena le mosa hobane a bona hore mosali enoa o ne “a tšohile” haholo. Nahana hore na o ile a ikutloa a imolohile hakaakang! Hoja ebe Jesu o ne a sa bua mantsoe ao a khothatsang, mosali eo a ka be a ile a itsamaela a folile empa a ntse a ikutloa a le molato. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a mo thusa hore a tsebe hore ke morali oa bohlokoa oa Ntate ea lerato ea leholimong.

8. Morali oa bo rona oa Brazil o ne a e-na le mathata afe?

8 Le mehleng ena, bahlanka ba bang ba Molimo ba na le bokuli bo etsang hore ba ikutloe ba nyahame ebile e se batho ba bohlokoa. Morali oa bo rona Mariaa oa pula-maliboho ea kamehla ea lulang Brazil, o hlahile a se na maoto le letsoho la leqele. O re: “Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba lula ba ntšoara hampe ka lebaka la boemo ba ka ba bile ba mpitsa ka mabitso a nkutloisang bohloko. Ke ne ke bile ke khetholloa ka lapeng.”

9. Ke eng e thusitseng Morali oa bo rona Maria hore a bone hore o bohlokoa ho Jehova?

9 Morali oa bo rona Maria o ile a thusoa ke’ng? Ha e se e le Paki ea Jehova, Bakreste-’moho le eena ba ile ba mo khothatsa le ho mo thusa ho ipona kamoo Jehova a mo bonang kateng. O re: “Ha ho na maqephe a lekaneng bukeng ea ka e le hore ke ngole batho bohle ba nthusitseng. Ke leboha Jehova ka pelo eohle ea ka ka ho mpha lelapa le babatsehang la moea.” Bara le barali ba bo rona ba thusitse Maria ho tseba hore o bohlokoa mahlong a Molimo.

10. Ke mathata afe ao Maria Magdalena a ileng a tobana le ’ona? (Sheba litšoantšo.)

10 Nahana kamoo Jesu a ileng a thusa motho e mong hape e leng Maria Magdalena. O ne a e-na le bademona ba supileng. (Luka 8:2) Mohlomong o ne a itšoara ka tsela e sa tloaelehang kaha o ne a le tlas’a tšusumetso ea bademona. Kahoo, e ka ’na eaba batho ba ne ba mo qoba. Nakong eo e thata bophelong ba hae, e tlameha ebe o ne a ikutloa a lahliloe, a tšohile a bile a se na thuso. E ka ’na eaba Jesu o ile a leleka bademona bao ba neng ba mo utloisa bohloko, ’me ea e-ba molateli oa Jesu ea inehetseng. Jesu o ile a boela a thusa Maria Magdalena ho utloisisa hore o bohlokoa ho Molimo joang?

Litšoantšo: 1. Jesu o shebile Maria Magdalena ha a khumame a nyahame moriting oa ntlo. 2. Maria Magdalena o tsamaea le Jesu le barutuoa ba hae ba bang a thabile.

Jesu o ile a kholisa Maria Magdalena joang hore o bohlokoa ho Jehova? (Sheba serapa sa 10 le 11)


11. Jesu o ile a bontša Maria Magdalena joang hore ke motho oa bohlokoa ho Molimo? (Sheba litšoantšo.)

11 Jesu o ile a fa Maria Magdalena tlotla ea ho tsamaea le eena le barutuoa ba hae mosebetsing oa boboleli.b Kahoo, o ile a mamela ha Jesu a ntse a ruta batho ba bang. Jesu o ile a boela a hlaha ho eena letsatsing leo a ileng a tsosoa ka lona. E ne e le e mong oa barutuoa ba pele bao Jesu a ileng a bua le bona letsatsing leo. Jesu o ile a ba a mo roma hore a il’o bolella baapostola ba hae hore o tsositsoe. Ena e ne e le tsela e babatsehang e bontšang hore kannete ke motho oa bohlokoa ho Jehova.—Joh. 20:​11-18.

12. Ke eng e ileng ea etsa hore Lidia a ikutloe a sa ratoe?

12 Joaloka Maria Magdalena, le mehleng ena batho ba bangata ba loantšana le ho ikutloa eka ha ho na batho ba ka ba ratang. Morali oa bo rona Lidia oa Spain o re pele a hlaha, ’mè oa hae o ne a batla ho ntša mpa. O ntse a hopola hore le ho tloha bonyenyaneng, ’mè oa hae o ne a sa mo tsotelle ebile a mo hlaba ka mantsoe. O re: “Ntho eo ke neng ke batla ho e finyella bophelong ke ho ratoa le ho amoheloa ke batho ba bang. Ke ne ke tšaba hore ha ho na motho ea ka nthatang ho sa tsotellehe hore na ke etsa’ng, hobane ’mè oa ka o ne a entse hore ke kholoe hore ke motho ea mobe.”

13. Ke eng e thusitseng Morali oa bo rona Lidia hore a inke e le oa bohlokoa ho Jehova?

13 Ka mor’a hore Morali oa bo rona Lidia a ithute ’nete, ho rapela, ho ithuta hammoho le mantsoe le liketso tse mosa tsa Bakreste-’moho li mo thusitse ho utloisisa hore o bohlokoa mahlong a Jehova. O re: “Hangata monna oa ka o mpolella kamoo a nthatang kateng. Nako le nako o nkhopotsa makhabane a ka a matle. Metsoalle e meng ea ka e etsa se tšoanang.” Joaloka Lidia, mohlomong ho na le motho ka phuthehong ea heno, ea hlokang hore u mo thuse ho utloisisa hore o bohlokoa ho Jehova, ’me u ka mo thusa ka mantsoe le liketso tsa hao tse mosa.

RE KA INKA KA TSELA EO JEHOVA A RE NKANG KA EONA JOANG?

14. 1 Samuele 16:7 e re thusa joang hore re nke batho ka tsela eo Jehova a ba nkang ka eona? (Sheba lebokose le reng “Ke Hobane’ng ha Jehova a Nka Batho ba Hae e le ba Bohlokoa?”)

14 Hopola hore Jehova haa u nke ka tsela eo batho ba bang ba u nkang ka eona. (Bala 1 Samuele 16:7.) Batho ba bangata ba nka motho a le bohlokoa ho latela tsela eo a shebahalang ka eona, chelete eo a nang le eona, kapa hore na o rutehile hakae. Empa Jehova ha a nahane joalo. (Esa. 55:​8, 9) Kahoo, ho e-na le hore u inke ka tsela eo batho ba u nkang ka eona, inke ka tsela eo Jehova a u nkang ka eona. U ka bala litlaleho tsa Bibele tse bontšang kamoo Jehova a nkang batho bao ka linako tse ling ba neng ba ikhalala, e le ba bohlokoa joaloka Elia, Naomi le Anna. U ka ’na oa ngola lintho tse ileng tsa u etsahalla tse u kholisitseng hore Jehova o u rata e le kannete ebile o u nka u le motho oa bohlokoa. Ho ekelletsa moo, u ka bala lihlooho tse buang ka ho ikhalala lingoloeng tsa rona.c

Ke Hobane’ng ha Jehova a Nka Batho ba Hae e le ba Bohlokoa?

Jehova o bopile batho ka tsela e fapaneng haholo le liphoofolo. O re entse hore re khone ho ba le kamano e ntle le eena le ho ba metsoalle ea hae. (Gen. 1:27; Pes. 8:5; 25:14; Esa. 41:8) Ntlha eo ka boeona ke lebaka le utloahalang le etsang hore re se ke ra ikhalala. Ho na le lebaka le leng le matla le ho feta. Haeba re khetha ho atamela ho Jehova, re inehela ho eena le ho mo mamela, re tla ba ba bohlokoa e le kannete ho Molimo oa rona le ’Mopi oa rona.—Esa. 49:15.

15. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a nka Daniele e le “motho ea ratoang haholo” kapa oa bohlokoa? (Daniele 9:23)

15 Kholiseha hore botšepehi ba hao bo etsa hore u be motho oa bohlokoa ho Jehova. Ha moprofeta Daniele a le lilemo li ka bang lekholo, ka nako e ’ngoe o ile a ikutloa a “khathetse haholo” a bile a nyahame. (Dan. 9:​20, 21) Jehova o ile a mo khothatsa joang? O ile a romela lengeloi Gabariele ho mo hopotsa hore ke “motho ea ratoang haholo” kapa oa bohlokoa, le hore o utloile lithapelo tsa hae. (Bala Daniele 9:23.) Ke eng e neng e etsa hore Molimo a nke Daniele e le motho oa bohlokoa haholo? Daniele o ne a rata ho loka a bile a tšepahala. (Ezek. 14:14) Jehova o bolokile tlaleho ena ka Lentsoeng la hae e le hore a re tšelise. (Bar. 15:4) O boetse o mamela lithapelo tsa hao ebile o u nka u le motho oa bohlokoa hobane u rata ho loka ebile u mo sebeletsa ka botšepehi.—Mik. 6:​8, nal.; Baheb. 6:10.

16. Ke eng e ka u thusang hore u nke Jehova e le Ntate ea lerato?

16 Nka Jehova e le Ntate ea u ratang. O batla ho u thusa, eseng ho u tšoaea liphoso. (Pes. 130:3; Mat. 7:11; Luka 12:​6, 7) Ho thuisa ka sena, ho thusitse batho ba bangata ba ikhellang fatše. Ka mohlala, nahana ka Morali oa bo rona Michelle oa Spain, ea neng a ikutloa a sa ratoe a bile a se na thuso hobane monna oa hae a ne a lula a mo hlaba ka mantsoe ka lilemo tse ngata. O re: “Hang ha ke ikutloa ke se na thuso, ke leka ho nahana Jehova a nkukile ka matsoho a hae a mpontša hore oa nthata le ho ntšireletsa.” (Pes. 28:9) Morali oa bo rona Lauren oa Afrika Boroa o re: “Haeba Jehova o nkhutse ka lerato joalokaha eka ke ka liropo, a nkatametsa ho eena ka lilemo tsena kaofela, a ba a ntšebelisa hore ke rute batho ba bang, e tlameha ebe kannete o nkuka ke le motho oa bohlokoa le ea molemo.”—Hos. 11:4.

17. Ke eng e ka u thusang hore u kholisehe hore Jehova oa u amohela? (Pesaleme ea 5:12) (Sheba setšoantšo.)

17 Kholiseha hore Jehova oa u amohela. (Bala Pesaleme ea 5:12.) Davida o ile a re Jehova o amohela batho ba lokileng ebile o ba sireletsa joaloka “thebe e kholo.” Ho tseba hore Jehova oa u amohela le ho u tšehetsa ho ka u sireletsa ha u tleloa ke maikutlo a ho ikhalala. U ka tseba joang hore Jehova oa u amohela? Joalokaha re bone, Jehova o u kholisa ka Lentsoe la hae. Ho ekelletsa moo, o sebelisa baholo, metsoalle e haufi le ba bang ho u hopotsa hore u motho oa bohlokoa ho eena. U ka etsa’ng ha batho ba bang ba u khothatsa?

Morali oa bo rona o bososetse ha a tloha Holong ea ’Muso le morali oa bo rona e mong a mo hakile lehetleng ’me ba ea tšimong.

Ho tseba hore Jehova oa re amohela, ho ka re thusa hore re qobe maikutlo a ho ikhalala (Sheba serapa sa 17)


18. Ke hobane’ng ha u lokela ho kholoa ha batho ba bang ba u babatsa?

18 U se ke oa hana ha batho ba u tsebang le ba u ratang ba u khothatsa. Lula u hopola hore e ka ’na eaba Jehova o ba sebelisa ho u thusa hore u kholisehe hore oa u amohela. Morali oa bo rona Michelle, eo re buileng ka eena pejana, o re: “Hanyane ka hanyane, ke ithuta ho kholoa ha batho ba bang ba mpolella mantsoe a mosa. Ho thata ho kholoa lintho tse ntle tseo ba li buang ka ’na, empa kea tseba hore ke sona seo Jehova a batlang hore ke se etse.” Baholo ba boetse ba thusitse Morali oa bo rona Michelle hore a bone hore Jehova oa mo amohela. Hona joale ke pula-maliboho ebile o sebeletsa Bethele a le hae.

19. Ke hobane’ng ha u lokela ho kholiseha hore u bohlokoa ho Molimo?

19 Jesu o re hopotsa hore re ba bohlokoa haholo ho Ntate oa rona ea leholimong. (Luka 12:24) Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokoa. E se eka re ke ke ra lebala taba ena ’me re etse sohle seo re ka se khonang ho thusa batho ba bang hore ba bone hore ke ba bohlokoa ho Molimo.

U KA RE’NG?

  • Jesu o thusitse batho joang hore ba bone hore ke ba bohlokoa ho Molimo?

  • Jesu o thusitse mosali ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali joang?

  • Ke eng e ka re thusang hore re inke ka tsela eo Jehova a re nkang ka eona?

PINA EA 139 Ipone u le Teng Lefatšeng le Lecha

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Maria Magdalena e ne e le e mong oa basali ba neng ba tsamaea le Jesu. Basali bana ba ne ba sebelisa chelete ea bona bakeng sa lintho tseo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba li hloka.—Mat. 27:​55, 56; Luka 8:​1-3.

c Ka mohlala, bala khaolo ea 24 bukeng ea Atamela ho Jehova u be u bale mangolo le litlaleho tsa Bibele tse hlahang tlas’a sehlooho se reng “Ho se Itšepe” bukeng ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela