Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb04 maq. 3-5
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1997 ea Lipaki Tsa Jehova
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
  • Lintlha tsa Sehlooho Tsa Selemo se fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
Bala Tse Ling
Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
yb04 maq. 3-5

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Bara le Barali Babo Rōna ba Ratehang:

“ESE eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.” (1 Bakor. 1:3) Ka sebele re labalabela nako eo ka eona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang e tlang ho fa Jehova thoriso e mo tšoanelang! (Pes. 150:6) Ha re ntse re letetse letsatsi leo le leholo, re tsoela pele ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho etsa barutuoa.

Hona joale Jehova o lebisitse tlhokomelo ea hae mosebetsing oa ho bolela evangeli o etsoang lefatšeng. (Mar. 13:10) Kaha rea elelloa hore Jehova o thahasella mosebetsi ona, re rapella thuso ea hae hore re o phethe, re hlokomela hore motho e mong le e mong o na le monyetla oa ho rua molemo tokisetsong ea thekollo. (Tšen. 14:6, 7, 14, 15) Ke ’nete hore re tobana le maemo a thata, empa re thaba e le kannete hore ebe re “apesoa matla a tsoang holimo” e le hore re phethe tšebeletso ena!—Luka 24:49.

Ke ho thabisang ho hetla morao selemong se fetileng sa tšebeletso le ho nahana ka seo Jehova a se finyeletseng a sebelisa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ba matlafalitsoe ke moea o halalelang, batho ba Molimo ba bonahalitse lerato le kang la Kreste, ba hlōtse lehloeo lefatšeng ka bophara. Lerato le joalo le bonahetse likopanong tsa rōna. Ho qala ka June ho fihlela ka December 2003, baemeli ba tsoang linaheng tse fetang lekholo ba ile likopanong tse 32 tsa machaba tse neng li tšoaretsoe lik’honthinenteng tse tšeletseng. Likopanong tsa setereke le tsa machaba ho ile ha buisanoa le baromuoa, basebeletsi ba machaba le basebeletsi ba Bethele ba sebeletsang linaheng lisele.

Likopanong tsena, re ile ra amohela bukana ea “Bona Naha e Ntle” le buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Ho feta moo, ho ile ha etsoa tsebiso ea hore ho ntse ho lokisetsoa hore buka e ntlafalitsoeng ea Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho e qale ho sebelisoa ho elella qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 2004. Ha nako e ntse e ea, bo-pula-maliboho ba khale ba bileng teng sekolong ba tla kena lihlopheng tsa bo-pula-maliboho ba bacha.

Tšehetso ea Molimo le ea batho ba fanang ka seatla se bulehileng e entse hore Liholo tse ngata Tsa ’Muso li khone ho hahoa, haholo-holo linaheng tse futsanehileng. Kaha ho hlokahala lijo tse eketsehileng tsa moea lefatšeng ka bophara, ho atolosoa mehaho ea makala linaheng tse ngata. Hona joale bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e fumaneha ka lipuo tse 299, ’me ho hatisitsoe likopi tse limilione tse 139; Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng e hatisitsoe ka likopi tse fetang limilione tse 93 ka lipuo tse 161; ’me ha hatisoa likopi tse fetang limilione tse 200 tsa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka lipuo tse 267.

Re amohela ka liatla tse peli ba 258 845 ba tšoantšelitseng boinehelo ba bona ka ho kolobetsoa metsing selemong se fetileng sa tšebeletso! Le hoja ho tšehetsa ha lōna ’Muso oa Molimo ho entse hore le hlaseloe ka ho khetheha ke lehloeo la Satane, ho boetse ho entse hore le amohele ka ho khetheha tlhohonolofatso ea Jehova le tšireletso ea hae ea moea ha le ntse le matha peisong e behiloeng ka pel’a lōna. (Baheb. 12:1, 2; Tšen. 12:17) E, kholisehang hore ‘Ea le lebelang a ke ke a otsela.’—Pes. 121:3.

Temana ea selemo ea 2004 e reng, “Le lule le lebetse . . . Le itokise,” ke e nakong haholo. (Mat. 24:42, 44) Ka Lentsoeng la Molimo, Bakreste ba hlalosoa e le baahi ba nakoana tsamaisong ena e shoang ea lintho. (1 Pet. 2:11; 4:7) Kahoo, re lokela ho lula re nahanisisa ka lintho tsa moea, re phele bophelo bo itekanetseng le ho hlahloba lipelo tsa rōna ka hloko. “Drakone e khōlō” e batla ho re harola, ho re kenya tsamaisong ea eona ea lintho.—Tšen. 12:9.

E le hore re lule re falimehile re lokela ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng. Ho ka re thusa hore ‘E ea rōna e bolele E’ mabapi le boinehelo ba rōna le ho “tiisa ho tšoarella ha rōna ka tieo kholisehong eo re neng re e-na le eona tšimolohong ho isa bofelong.” (Jak. 5:12; Baheb. 3:14) Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho ka re thusa ho hopola kamoo lefatše le suthetseng hōle kateng le litekanyetso tsa Molimo tse sa fetoheng. (Mal. 3:6; 2 Tim. 3:1, 13) Ho tseba Bibele ho ka re thusa ho qoba “lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene” ’me ha re thusa ho lula re tšepahala ho Jehova.—2 Pet. 1:16; 3:11.

Batsoali, ha le ntse le hōlisa bana ba lōna ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova, na le ba thusa ho ipehela lipakane tsa moea le ho ‘lula ba lebetse’? (Baef. 6:4) Na le ba koetlisa hore ba talime bokamoso ba bona joaloka motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng? Jesu e ka be e bile ’metli ea hloahloa ka ho fetisisa ea kileng a phela, moqapi, kapa ngaka, empa ho e-na le hoo o ile a hahamalla tšebeletso ea nako e tletseng. E se eka mohlala oa hae o ka le susumelletsa ho thusa bana ba lōna ho beha lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ba bona.

Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang, se emeloang ke Sehlopha se Busang, se leboha “bongata bo boholo” ho tsoa pelong ka ho re thusa ho phethahatsa boikarabelo ba rōna ba ho ‘bolela litaba tsena tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki.’ (Tšen. 7:9; Mat. 24:14, 45) Lōna ba ratehang kholisehang hore Jehova o hopola “mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.” (Baheb. 6:10) Ha le ntse le bala liphihlelo tse susumetsang maqepheng a latelang ’me le hlokomela se hlahisitsoeng ke boiteko ba lōna bo momahaneng, tsebang hore le phethile karolo ea bohlokoa ho faneng ka bopaki bona lefatšeng ka bophara.

E se eka le ka talima bokamoso ka sebete ha le ntse le tsoela pele ho “talima ka hloko tefong ea moputso,” le sa lumelle motho leha e le ofe kapa modemona ho le amoha oona. (Baheb. 11:26; Bakol. 2:18) E, tšepang Jehova, le kholisehile hore o tla thusa bohle ba mo ratang ho fumana bophelo bo feletseng.—Joh. 6:48-54.

Tiisehang hore re thabela ho sebeletsa le lōna thorisong ea khanya ea Jehova.

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela