Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
HA RE ntse re atamela haufi le tsamaiso e ncha ea lintho e tlang, ho potlakile hore re lule re lebeletse Jehova. (Sof. 3:8) Moprofeta Daniele o ile a re: ‘Molimo . . . ke Mosenoli oa liphiri, ’me o tsebisitse . . . se tla etsahala karolong e qetellang ea matsatsi.’ (Dan. 2:28) Re motlotlo hakaakang hore ebe re phela bofelong ba nako eo e boletsoeng esale pele le hore ebe re utloisisa liphiri tsa bomolimo tseo Jehova a li tsebahatsang hona joale!
A sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” Jehova o ’nile a tsoela pele ho senola morero oa hae oa ho bokella “bongata bo boholo” ba barapeli bo tsoang lichabeng tsohle ‘matsatsing ana a ho qetela’ a likhathatso. (Mat. 24:45; Tšen. 7:9; 2 Tim. 3:1) Esaia 2:2, 3 e hlalosa hore phetoho ena ea lefatše lohle e etsahala “karolong e qetellang ea matsatsi.” Selemo le selemo, ho bokella hona ho tsoela pele har’a meferefere le pefo tse atileng lefatšeng lena.
Selemong sa 2004, re hlokomelisitsoe haholoanyane hore re lokela ho mamela mantsoe a Jesu a reng: “Le lule le lebetse . . . Le itokise.” (Mat. 24:42, 44) Ruri lintho tse etsahalang lefatšeng li bolela ho hoholo ho Bakreste, ba lemohang “lipontšo tsa linako” ebe ba nka bohato bo loketseng. (Mat. 16:1-3) E le ho phethahatsa Lentsoe la hae, Jehova o tla tsoela pele ho ba le batho bao a ba hlophiselitseng ho etsa mosebetsi oa hae ho sa tsotellehe khanyetso leha e le efe eo ba ka thulanang le eona.
Ho sa tsotellehe boiteko boo ba bang ba bo etsang ho sitisa kapa ho thibela mosebetsi oa ho phatlalatsa ’Muso, barab’abo rōna ba tsoela pele ho bua ’nete le ho bokana hammoho. (Lik. 5:19, 20; Baheb. 10:24, 25) Russia, ka June 2004, lekhotla la maipiletso la Moscow le ile la tšehetsa qeto ea lekhotla le tlaasana ea ho thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova le ho felisa mokhatlo oa tsona oa molao motseng oo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ha baa nyahama; ba tseba seo Molimo a se hlokang ho bona, ’me ba mamela eena e le ’Musi ho e-na le batho. (Lik. 5:29) Re kholisehile hore Jehova o tla tataisa bahlanka ba hae ho sa tsotellehe kahlolo eo e khahlanong le bona.
Rephabliking ea Georgia, lilemong tse ’maloa tse fetileng barab’abo rōna ba ile ba lahleheloa ke thepa ea bona, ba hlaseloa ke mahoohoo a tletseng mabifi ’me ba bona ha lingoliloeng tsa bona li chesoa. Empa ha ho na sebetsa se entsoeng khahlanong le bona se atlehileng. (Esa. 54:17) Selemong sa tšebeletso sa 2004, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa boela tsa amoheloa ka molao Georgia. Likopano li ile tsa tšoaroa ntle ho tšitiso ea letho, ’me lingoliloeng li kena ka bolokolohi naheng eo. Ho ile ha tlalehoa litlhōrō tse ncha palong ea bahoeletsi le ea batho ba neng ba le teng Sehopotsong.
Armenia, Eritrea, Rephabliking ea Korea, Rwanda le Turkmenistan, barab’abo rōna ba tšoeroe ka lebaka la tumelo ea bona. Le hoja ba hlekefetsoa, ba tseba mabaka a Mangolo a hore ebe ba thulana le liteko, e leng se ba thusang hore ba lule ba tšepahala ha ba ntse ba talimile ho Jehova hore a ba lopolle.—1 Pet. 1:6; 2 Pet. 2:9.
Ha u ntse u bala Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng ’me u hlahloba Tlaleho ea Lefatše ka Bophara ea 2004, u tla thabela molemo oa Jehova. (Pes. 31:19; 65:11) Re tšepa hore Buka ena ea Selemo e tla u khothatsa hore u tsoele pele ho tsamaea ka tsela e khahlisang Molimo.—1 Bathes. 4:1.
Re ntse re tsoela pele ho etsa boiteko bo boholo ba ho finyella batho ba mefuta eohle ka ’nete. Ka mohlala, ho lokiselitsoe hore ho be le livideo, li-DVD le boitsebiso bo bong ba puo ea matsoho le likhatiso tsa Braille e le hore batho ba sa utloeng litsebeng le ba sa boneng ba ka thusoa moeeng. Bahoeletsi ba bangata ba ’Muso ba ithutile lipuo tsa batho ba tsoang linaheng tse ling ba lulang tšimong ea phutheho ea bona.
Ho phaella moo, ho thehiloe lihlopha tse makholo tse ka thōko masimong ao ho leng thata ho fihla ho ’ona. Lekala le leng le na le lihlopha tse ka thōko tse ka holimo ho 300 tse nang le bahoeletsi ba fetang 7 000. Ruri see se bontša monyetla o moholo hakaakang oa hore ho thehoe liphutheho tse ncha! Ho feta moo, har’a ba 16 760 607 ba neng ba le teng Sehopotsong selemong sena sa tšebeletso, ba fetang limilione tse 10 e ne e se Lipaki. Ena ke pontšo e matla ea hore e sa le hona kotulo e tla etsoa.
Re leboha Jehova ka tlhohonolofatso ea hae e enneng le ka tsela e lerato eo a re hlokomelang ka eona letsatsi le letsatsi. (Liprov. 10:22; Mal. 3:10; 1 Pet. 5:7) Ha re ntse re tsoela pele re kopane ‘karolong ena e qetellang ea matsatsi,’ re tšepile Jehova ka ho feletseng. Ho sa tsotellehe mathata ao re ka thulanang le ’ona, a re nkeng ka ho teba temana ea rōna ea selemo sa 2005 e reng: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.” (Pes. 121:2) Ka kōpo kholisehang hore rea le rata ebile re tsoela pele ho le rapella.
Barab’abo lōna,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova