Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
Basebetsi-’moho le Rōna ba Ratehang ba Lipaki Tsa Jehova:
Ruri re batho ba tlotliloeng ba bitsoang ka lebitso la ’Musi oa Pōpo Eohle, Jehova! Lebitso leo le tla ba teng ka ho sa feleng, le ke ke la felisoa ’me ha ho na le tšoanang le lona. Jehova ke eena ea re bitsitseng ka lebitso la hae, ’me ka ho khetheha ho tloha ka 1931 re ’nile ra bitsoa ka lebitso lena le khethehileng. (Esa. 43:10) Re motlotlo hore ebe re ipitsa Lipaki Tsa Jehova.
Diabolose ha a phetse ho leka ho felisa lebitso la Molimo. Lichaba tseo a li laolang li nyefola lebitso la Molimo, Jehova. Babylona e Moholo, e leng ’muso oa bolumeli ba bohata o laolang lefatše lohle, e hloile lebitso la Molimo ’me e le tlositse Libibeleng tse ngata. Empa Jesu o ne a hlompha lebitso la Ntate oa hae hoo a ileng a le etelletsa pele thapelong eo a ileng a e ruta balateli ba hae. O ile a re: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’” (Mat. 6:9) Hamorao o ile a rapela Ntate oa hae a tebisitse maikutlo, a re: “Ke senotse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona lefatšeng.” (Joh. 17:6) Kaha re labalabela ho etsisa mohlala oa Jesu o motle, hona joale re ikemiselitse ka hohle-hohle ho phatlalatsa lebitso la Jehova ka matla lefatšeng lohle.
Temana ea selemo ea 2009 e reng, “Pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo,” e ile ea re susumelletsa ho phethahatsa bosebeletsi ba rōna ka botlalo. (Lik. 20:24) Ha ho potang hore selemong sena se fetileng sa tšebeletso Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa rōna haholo. Ho entsoe mosebetsi o babatsehang oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng ka bophara e leng se ileng sa tlotlisa lebitso la Jehova. Ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 7 313 173 ba ileng ba e-ba ntsoe-leng ha ba bolella batho bohle litaba tse molemo le ha ba ruta batho ba thahasellang ba ntseng ba batla tharollo ea mathata a mangata ao ba talimanang le ’ona letsatsi le letsatsi. Sehopotsong sa lefu la Kreste ho bile le batho ba 18 168 323, e leng se bontšang hore ho na le batho ba limilione ba ka ’nang ba ipiletsa lebitsong la Jehova pele tsamaiso ena e khopo e fela.
Hafeela Jehova a sa ntse a lumeletse tsamaiso ena hore e be teng, re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho, re sebelisa monyetla o mong le o mong hore re pakele batho tšimong ea rōna. (Mat. 24:14; Mar. 13:10) E se eka re ka ikitlaelletsa ho tsebisa batho ba bangata kamoo re ka khonang lebitso la Jehova le morero oa hae, ho sa tsotellehe hore na re etsa sena ka ntlo le ntlo, seterateng, ka ho ngola mangolo esita le ka thelefono kapa neng le neng ha re fumana monyetla.
Ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore haufinyane Jehova o tla nka bohato ba ho halaletsa lebitso la hae. (Ezek. 36:23) Ho setse nako e khutšoanyane haholo pele ba le nyefolang ba koaloa melomo. Ruri leo e tla ba letsatsi la thabo ho bahlanka bohle ba Jehova ba tšepahalang, ba ’nileng ba tumisa lebitso la hae ’me ba lumela hore ke ’Musi oa Pōpo Eohle!
Likopanong Tsa Setereke le Tsa Machaba Tsa “Le Lule le Lebetse!” tse ileng tsa tšoaroa lefatšeng ka bophara ka 2009, ho ile ha hlaka hore Jehova o amehile ka bahlanka ba hae ebile oa ba rata. Likopano tsena e bile tsa bohlokoa haholo ho batho ba Molimo. Li ile tsa re susumelletsa hore re bone hore ka sebele re lokela ho lula re lebeletse letsatsi la Jehova.—Mar. 13:37; 1 Bathes. 5:1, 2, 4.
Ruri Jehova o molemo; o tlatsitse lipelo tsa rōna ka nyakallo. O re robatsa makhulong a tletseng joang ’me o re tsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle.—Pes. 23:1, 2; 100:2, 5.
Kholiseha hore likhoeling tsena tse tlang Jehova o tla ’ne a u hlohonolofatse ha u ntse u tsoela pele ho mo sebeletsa ka mafolofolo!
Re rata mokhatlo oohle oa barab’abo rōna lefatšeng lohle ka lerato le mofuthu la Bakreste,
Barab’abo lōna,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova