Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 19-leq. 23 ser. 1
  • Bibele e sa Taboheng Habonolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e sa Taboheng Habonolo
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Makoko a Bonolo
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Lipuo Tse Eketsehileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2014
  • Bopaki ba Lerato, Tumelo le ho Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Hlahisa Buka ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 19-leq. 23 ser. 1
Setšoantšo se leqepheng la 19

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Bibele e sa Taboheng Habonolo

LIPAKI TSA JEHOVA li rata Bibele ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Re e bala kamehla ’me re e sebelisa ho ruta batho ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 24:14) Ka hona, barab’abo rōna ba ile ba etsa kahohle hore khatiso ea 2013 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea Senyesemane e be ntle hape e etsoa ka thepa ea boleng bo phahameng.

Ha barab’abo rōna ba sebetsang setsing sa khatiso se Wallkill, New York, U.S.A., ba hlalosetsa mookameli oa k’hamphani e ’ngoe e kopanyang libuka hore na ba batla hore Bibele e ncha e be joang, o ile a re: “Le ke ke la khona ho etsa Bibele e joalo.” O ile a phaella ka ho re: “Ka masoabi Libibele tse ngata li etselitsoe hore li bohehe ha li behiloe holim’a tafole kapa shelefong empa li senyeha habonolo.”

Likhatiso tse ling tsa pejana tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha li ne li senyeha habonolo. Kahoo, barab’abo rōna ba sebetsang setsing sa khatiso se Wallkill ba ile ba batlisisa ka hloko hore na ha ba etsa Bibele ena e ncha ba ka sebelisa thepa efe ho etsa lekoko, hore na ba ka sebelisa glue ea mofuta ofe le hore na ba tla e kopanya joang e le hore e be thata. Ka mor’a ho etsa lipatlisiso, ba ile ba etsa Libibele tse ’maloa ’me ba li fa Lipaki tsa linaheng tse nang le maemo a mabe a leholimo e le hore li li sebelise.

Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, Lipaki tseo li ile tsa kōptjoa hore li li khutlise, ’me barab’abo rōna ba etsa tse ling tse ntlafalitsoeng eaba ba li romela hape. Ka kakaretso, ho ile ha romeloa Libibele tse fetang 1 690 e le hore ho bonoe hore na li ka tšoarella. Tse ’maloa li ile tsa senyeha ka phoso. Ka mohlala, Bibele e ’ngoe e ile ea hatoa ke koloi, e ’ngoe ea kolobisoa ke pula bosiu bohle ’me e ’ngoe ea koaheloa ke metsi.

Ka 2011, ha barab’abo rōna ba ntse ba leka ho bona hore na ba ka etsa Libibele tse sa senyeheng habonolo joang, ba ile ba reka mechine e mecha e kopanyang libuka ’me ea kenngoa setsing sa khatiso se Wallkill le se Ebina, Japane. Ho ne ho hlokahala hore ho hatisoe Libibele tse lekaneng tse tla ajoa ha e lokolloa le hore ho etsoe bonnete hore litsi tsena tse peli tsa khatiso li etsa Libibele tse tšoanang.

Makoko a Bonolo

Setšoantšo se leqepheng la 21

Qalong makoko a ne a kobeha

Mathoasong a 2012, litsing tsena ka bobeli ho ile ha hatisoa khatiso ea 1984 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, empa e kenngoa makoko a moetso o mocha. Leha ho le joalo, mechine ena e mecha e ile ea sebelisa glue, le mokokotlo osele ’me makoko a kobeha hampe. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba emisa ho hatisa Libibele tseo.

Bahlahisi ba thepa e ’ngoe e neng e sebelisitsoe ba ile ba re ho kobeha ha makoko ke bothata bo tloaelehileng indastering ea khatiso, ’me ha ho letho le ka etsoang ho bo rarolla. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ha baa ka ba etsa Bibele e lekoko le thata, empa ba ile ba tsoela pele ka boikemisetso ba bona ba ho etsa e lekoko le bonolo, e ke keng ea senyeha habonolo le e bohehang. Ka mor’a hoo e ka bang likhoeli tse ’nè ba ntse ba leka ho fumana glue le mokokotlo o loketseng, qetellong ba ile ba li fumana ’me ba tsoela pele ho hatisa Libibele tse makoko a bonolo empa a sa kobeha.

Setšoantšo se leqepheng la 22

Moo ho kopanngoang libuka Wallkill

Khatiso e nchafalitsoeng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ne e lokela ho lokolloa ka la 5 October, 2013 sebokeng sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Litsi tsa khatiso li ile tsa romeloa lifaele tsa Bibele e ncha ka k’homphieutha ka Labohlano la la 9 August, 2013, ’me tsa qala ho e hatisa letsatsing le hlahlamang. Bibele ea pele e ile ea qetoa ka la 15 August. Ka libeke tse supileng tse latelang Lefapha la Khatiso la Wallkill le la Ebina a ile a sebetsa bosiu le motšehare e le hore a hatise a be a romele Libibele tse fetang 1 600 000 e le hore li lekane batho bohle ba neng ba tla ba teng.

Ke ’nete hore Bibele ena e ntle ebile e thata, empa molaetsa oa eona o fanang ka tšepo ea bophelo o monate le ho feta. Letsatsi ka mor’a hore morali e mong oabo rōna oa United States a fumane Bibele ena e ncha o ile a ngola a re: “Ha e le mona re e-na le khatiso e nchafalitsoeng, ke khona ho utloisisa Bibele le ho feta.”

Phetolelo ea Bibele

Ka la 31 August, 2014, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ne e se e fetoletsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 124. Likhatiso tse latelang li lokollotsoe selemong se fetileng sa tšebeletso.

NAKO EO E LOKOLOTSOENG KA EO

NANAHA EO E LOKOLLOTSOENG HO EONA

PUO

KHATISO

La 6 September, 2013

Afrika Boroa

Seswati

Mangolo a Segerike

La 20 September, 2013

Paraguay

Seguarani

Mangolo a Segerike

La 17 January, 2014

Timor-Leste

Setetum

Mangolo a Segerike

La 5 July, 2014

Ukraine

Seukraine

Bibele e Feletseng

La 8 August, 2014

Estonia

Seestonia

Bibele e Feletseng

La 22 August, 2014

Brithani

Sepersia

Mangolo a Segerike

La 22 August, 2014

Zambia

Sechitonga

Bibele e Feletseng

August 22, 2014

Zambia

Sekikaonde

Bibele e Feletseng

La 29 August, 2014

Kenya

Seluo

Mangolo a Segerike

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela