Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 64
  • U Tla Khetha Mang? Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tla Khetha Mang? Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baeta-pele ba batho ba na le mefokolo
  • Moeta-pele ea khethiloeng ke Molimo
  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Bo-ralipolotiki ba sa Tšepahaleng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Boeta-pele bo Botle re ka bo Fumana Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Moeta-pele ea Tšoanelehang Mehleng ee ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Tsamaea ka Tšepo Boetapeleng ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 64
Pampiri e sebelisoang ha ho khethoa e tšeloa ka lebokoseng la likhetho.

Comstock Images/Stockbyte via Getty Images

LULANG LE LEBETSE!

U Tla Khetha Mang? Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Batho ba lokela ho etsa qeto ea bohlokoa ea hore na ba tla khetha mang.

Bibele e re’ng ka taba ee?

Baeta-pele ba batho ba na le mefokolo

Bibele e bua ka ntho eo baeta-pele ba batho ba sa khoneng ho e etsa.

  • “Le se ke la tšepa likhosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa. Ha a khaotsa ho hema, o khutlela leroleng. Ho tloha ka nako eo, o khaotsa ho nahana.”—Pesaleme ea 146:3, 4, naletsana.

Esita le baeta-pele ba ipabolang baa shoa qetellong. Ho feta moo, ha baa kholiseha hore na ba tlang ka mor’a bona ba tla tsoellisa pele mesebetsi ea bona e metle kapa che.—Moeklesia 2:18, 19.

’Nete ke hore Bibele e re batho ba ne ba sa etsetsoa ho ipusa.

  • “Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

Na ho na le motho ea ka busang hantle mehleng ee?

Moeta-pele ea khethiloeng ke Molimo

Bibele e re hlalosetsa hore Molimo o khethile moeta-pele ea tšepahalang le eo ho ke keng ha e-ba le moeta-pele leha e le ofe ea ka tšoanang le eena e leng Jesu Kreste. (Pesaleme ea 2:6) Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo e leng ’muso o busang o le leholimong.—Matheu 6:10.

Na u tla khetha hore Jesu e be moeta-pele oa hao? Bibele ea bontša hore na ke hobane’ng ha u lokela ho khetha ka nepo:

  • “Hlomphang mora [Jesu Kreste], ho seng joalo Molimo o tla halefa ebe lea bolaoa, le tlosoa tseleng hobane o khona ho halefa kapele. Ho thaba bohle ba balehelang ho eena.”—Pesaleme ea 2:12.

Ena ke nako ea hore u etse qeto. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore Jesu o qalile ho busa ka selemo sa 1914 le hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso ea batho sebaka.—Daniele 2:44.

Bala sehlooho se reng “Tšehetsa Bobusi ba Molimo Hona Joale” e le hore u ithute haholoanyane hore na u ka tšehetsa bobusi ba Jesu joang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela