Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 88
  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Ntoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Ntoa
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang ea Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ea Ntoa?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Re Kena Selemong sa Bobeli ho E-na le Ntoa Ukraine—Bibele e Fana ka Tšepo Efe Mabapi le Lintoa?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e re Lintoa Tse Ntseng li Etsahala Hona Joale li Tla Fela Neng?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 88
Ntate ea tsamaeang a tšoere baesekele har’a seterata se nang le lintho tse soahlamaneng ke ntoa.

Chris McGrath/Getty Images

LETŠOLO LE KHETHEHILENG

’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Ntoa?

Lintoa li tsoela pele ho utloisa batho bohloko le ho baka tšenyo lefatšeng lohle. Hlokomela litlaleho tse latelang:

  • Ka la 7 June 2023, mokhatlo o etsang lipatlisiso oa Peace Research Institute Oslo (PRIO) o ile oa re: “Esale ho tloha ka 1994, ha ho e-s’o shoe batho ba bangata hakaalo joaloka ba ileng ba shoa Ethiopia le Ukraine ka lebaka la lintoa selemong se fetileng.”

  • Ka la 8 February 2023, The Armed Conflict Location & Event Data Project (ACLED) e ile ea tlaleha hore “ntoa e Ukraine e ne e le e ’ngoe ea lintoa tse ileng tsa ba matla ka ho fetisisa lefatšeng ka 2022. Lefatšeng lohle lintoa tse susumetsoang ke lipolotiki li ile tsa eketseha ka liphesente tse 27 selemo se fetileng ’me ho hakanngoa hore batho ba ka bang libilione tse 1.7 ba ile ba angoa ke lintoa tseo.”

Bibele e fana ka tšepo. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa felisoa le ka mohla.” (Daniele 2:44) ’Musong oo, Molimo o tla “felisa lintoa lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 46:9.

’Muso oa Molimo Ke’ng?

Makasine oa “Molula-Qhooa” o nang le sehlooho se reng: “’Muso oa Molimo Ke’ng?”

Ka September 2023, lefatšeng lohle Lipaki Tsa Jehova li tla be li e-na le letšolo la ho bolella batho seo Bibele e se buang ka taba ena ea bohlokoa. Re kopa hore u bale makasine oa Molula-Qhooa o nang le sehlooho se reng: “’Muso oa Molimo Ke’ng?” Fumana likarabo lipotsong tse latelang:

  • Morena oa ’Muso oa Molimo ke Mang?

  • ’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?

  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela