Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 41
  • Bibele e Re’ng ka ho Tšela Mali?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka ho Tšela Mali?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mali
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Kamoo Molimo a Talimang Bophelo Kateng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 41

Bibele e Re’ng ka ho Tšela Mali?

Karabo ea Bibele

Bibele e re laela hore re se ke ra ja mali. Kahoo, ha rea lokela ho amohela mali kapa likarolo tsa oona tse khōlō, ebang re a fuoa e le lijo kapa rea a tšeloa. Hlokomela mangolo a latelang:

  • Genese 9:4. Ka mor’a Moroallo, Molimo o ile a lumella Noe le lelapa la hae ho ja nama empa a ba laela hore ba se ke ba ja mali. Molimo o ile a re ho Noe: “Ke feela nama e nang le moea oa eona—mali a eona—eo le ke keng la e ja.” Taelo ena e sebetsa ho batho bohle esita le kajeno kaha kaofela ke litloholo tsa Noe.

  • Levitike 17:14. “Le se ke la ja mali a nama ea mofuta leha e le ofe, hobane moea oa nama ea mofuta leha e le ofe ke mali a eona. Mang kapa mang ea a jang o tla felisoa.” Molimo o talima moea, kapa bophelo bo le maling ’me ke ba hae. Le hoja molao ona o ne o filoe Baiseraele feela, o bontša kamoo Molimo a nkang ka ho teba molao o khahlanong le ho ja mali.

  • Liketso 15:20. ‘Le ile mali.’ Molimo o ile a fa Bakreste taelo e tšoanang le eo a neng a e file Noe. Histori e bontša hore Bakreste ba pele ba ile ba hana ho ja mali, kapa hona ho a sebelisa litabeng tsa bongaka.

Ke hobane’ng ha Molimo a re laela hore re ile mali?

Ho na le mabaka a utloahalang a bongaka a hore re qobe ho tšeloa mali. Empa lebaka la bohlokoa le ho feta ke hore Molimo o re laela hore re ile mali hobane o a nka halalela.—Levitike 17:11; Bakolose 1:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela