Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 49
  • Diabolose o Lula Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Diabolose o Lula Hokae?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Satane
    Tsoha!—2013
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 49

Diabolose o Lula Hokae?

Karabo ea Bibele

Kaha Diabolose ke sebōpuoa sa moea, o lula sebakeng se sa bonahaleng. Leha ho le joalo, sebaka seo hase lihele moo a hlokofatsang batho ba khopo, joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong se sehloohong sena.

“Ntoa leholimong”

Ka nakoana, Satane Diabolose o ne a tsamaea kamoo a ratang leholimong, a bile a kena ka pel’a Molimo ka ho toba hammoho le mangeloi a tšepahalang. (Jobo 1:6) Empa Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le “ntoa leholimong” e neng e tla fella ka hore Satane a lelekoe leholimong ’me a “lahleloe lefatšeng.” (Tšenolo 12:7-9, King James Version) Tatellano ea liketsahalo tse ka Bibeleng le lintho tse etsahalang lefatšeng, li tiisa hore ho ile ha e-ba le ntoa leholimong. Hona joale Diabolose o lahletsoe lefatšeng.

Na see se bolela hore Diabolose o lula sebakeng se itseng polaneteng ee ea rōna? Ka mohlala, ho ile ha thoe Pergame ea boholo-holo ke “moo terone ea Satane e leng teng” le “moo Satane a lulang teng.” (Tšenolo 2:13) Ha e le hantle lipoleloana tsena e ka ’na eaba li bua ka sebaka seo borapeli ba Satane bo neng bo atile haholo. Bibele e re Diabolose o laola “mebuso eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona,” kahoo ha a lule sebakeng se itseng lefatšeng empa o thibeletsoe sebakeng se sa bonahaleng.​—Luka 4:​5, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela