KAMOO MONEHELO OA HAO O SEBELISOANG KATENG
Ho Thusa Bara ba bo Rona le ho Sireletsa Tikoloho
La 1 APRIL, 2025
Re le Lipaki Tsa Jehova, rea tseba hore haufinyane Jehova Molimo o tla lokisa tšenyo e bakiloeng ke batho lefatšeng. (Tšenolo 11:18) Leha ho le joalo, re etsa sohle seo re ka se khonang ho hlokomela lefatše. Ka mohlala, libaka tsa rona tsa borapeli li hahiloe ka tsela e etsang hore tikoloho e se ke ea senyeha.
Tsela eo mehaho ea rona e entsoeng ka eona e fokotsa tšenyo e ka bang teng tikolohong. Ho entsoe seo joang? Ke joang menehelo e sebelisitsoeng ha molemo?
Holo ea Likopano e Pholileng
Qalong, Holo ea Kopano ea Matola e Mozambique e ne e bulehile ka mahlakoreng empa e ruletsoe ka masenke. Marulelo ao a ne a etsa hore ho chese haholo. Mora’bo rona oa moo o re: “Ho ne ho chesa hoo re neng re fufuleloa haholo ’me hang-hang ha mananeo a fela, re ne re mathela ka ntle hore re fumane moea o pholileng.” Ho ne ho hlakile hore bara le barali ba bo rona ba hloka sebaka se hantle seo ba ka thabelang ho mamela ho sona.
Ho ile ha rarolloa bothata bona ka tsela e ke keng ea senya tikoloho ka hore ho kenngoe lintho tse fehlang moea, le tse etsang hore marulelo a se ke a kenya mocheso o mongata. Lintho tsena tse fehlang moea ha li hloke motlakase hore li sebetse ebile e le ’ngoe ke R923.50.
Lintho tse fehlang moea Holong ea Kopano ea Matola
Tharollo ena e fihletsoeng e ile ea etsa hore ho be le moea o hloekileng ’me hape ea fokotsa le mongobo. Hona joale bara le barali ba bo rona ba se ba thabela lenaneo. Mora’bo rona eo re buileng ka eena pejana o re: “Hona joale, ha re sa mathela ka ntle ha lenaneo le fela. Ho e-na le hoo, re lula ka har’a mohaho ’me re thabela botsoalle. Ha re lutse ka holong ena e ncha ekare re lutse tlas’a moriti o pholileng oa sefate se seholo!”
Bara ba bo rona ba se ba thabela likopano ntle ho tšitiso
Ho Sebelisa Matla a Letsatsi
Libakeng tsa rona tse ngata tsa borapeli ho kentsoe li-solar e le hore ho ka sebelisoa matla a letsatsi. Molemo oa sena ke hore ha re sebelise motlakase o entsoeng ka lintho tse senyang tikoloho, joaloka mashala. Ho boetse ho sebelisoa menehelo hantle.
Ka 2023, li-solar li ile tsa kenngoa ofising ea lekala ea Slovenia. Liphesente tse 30 tsa motlakase o sebelisoang o tsoa ho li-solar. Haeba ho ka etsahala hore motlakase o tsoang ho li-solar o be mongata ho feta o hlokahalang, o setseng o fokoletsoa phepelong ea ’masepala. Ho sebelisitsoe R6 649 200 ho kenya li-solar tsena. Kaha ha ho sa sebelisoa chelete e ngata ho reka motlakase, ka mor’a lilemo tse ’nè ho tla bolokoa chelete e ngata ho feta e sebelisitsoeng ha ho ne ho kenngoa li-solar tsena.
Mehaho ea lekala ea Slovenia
Ka 2024, li-solar le beteri e kholo li ile tsa kenngoa ofising ea lekala ea Sri Lanka. Chelete e sebelisitsoeng moo ke R55 410 000, ’me boholo ba motlakase ke o entsoeng ka matla a letsatsi. Seo se tla etsa hore chelete e tla bolokoa ka mor’a lilemo tse tharo e be ngata ho feta e sebelisitsoeng ha ho ne ho kenngoa li-solar tseo. Ho ile ha boela ha kenngoa li-solar ofising ea lekala ea Netherlands ka selemo sona seo. Ho sebelisitsoe chelete e ka bang R20 317 000 ’me liphesente tse 35 tsa motlakase o sebelisoang ke o tsoang ho li-solar. Chelete e tla bolokoa ka mor’a lilemo tse robong e tla koahela litšenyehelo tse sebelisitsoeng ha ho kenngoa li-solar tseo.
Mehaho ea lekala ea Netherlands
Ho ile ha boela ha kenngoa li-solar liofising tse ngata tsa phetolelo naheng ea Mexico. A re nahaneng ka mohlala oa ofisi ea phetolelo ea Tarahumara (Central) sebakeng sa Chihuahua. Le hoja mariha ho bata haholo le hlabula ho chesa haholo, bara ba bo rona ba ne ba qoba ho sebelisa lintho tse futhumatsang kapa tse etsang hore ho phole hobane motlakase o ne o tura haholo. Mora’bo rona Jonathan, ea sebetsang ofising eo ea phetolelo o re: “Re ne re apara likobo le liphahlo tse boima mariha, ha hlabula teng re ne re bula lifensetere.”
Ka 2024, ho ile ha kenngoa li-solar ofising ea phetolelo, ’me chelete e ileng ea sebelisoa ke R396 735.60. Ka mor’a lilemo tse hlano, chelete e tla bolokoa e tla koahela litšenyehelo tsa ha ho kenngoa li-solar tsena. Bara ba bo rona ba se ba sebetsa ha monate ba sa tšoenyeha ka mocheso kapa serame. Jonathan o re: “Hona joale re se re khona ho sebetsa haholo ebile re thabile. Re boetse re thaba haholo ha re hopola hore tikoloho ha e senngoe ebile menehelo e sebelisoa hantle.”
Barali ba bo rona ba ofising ea phetolelo e Tarahumara (Central) ba sebetsa ba thabile
Ho Sebelisa Metsi a Pula
Liholong tse ling tsa ’Muso Afrika, ha ho bonolo ho fumana metsi. Ka lebaka leo, bara ba bo rona ba lata metsi hole haholo le Holo ea ’Muso. Libakeng tse ling, tikoloho ea senyeha ebile ho turu haholo ho fumana metsi, kaha bara ba bo rona ba tlameha ho a reka le ho a lata ka teraka e nyenyane.
E le ho thusa bara ba bo rona, ho ile ha kenngoa litanka tse kholo e le ho bokelletsa metsi a pula Liholong Tsa ’Muso tse ngata Afrika. Pele ho kenngoa litanka tseo, bara ba bo rona ba tlameha ho ithuta boemo ba leholimo ba sebaka seo, e le hore ba li kenye ka tsela e tla bokelletsa metsi a mangata. Ho sebelisoa chelete e kaalo ka R11 082 ho isa ho R55 410 ho kenya tanka Holong ea ’Muso ka ’ngoe. Leha ho le joalo, litanka tsena li fokotsa litšenyehelo kaha ha ho hlokahale hore bara ba bo rona ba patale metsi.
Tanka ea metsi Holong ea ’Muso e Phuthaditjhaba, Afrika Boroa
Litanka tsena li tsoetse bara ba bo rona molemo. Noemia, morali oa bo rona ea tsoang Mozambique, o re: “Re ne re tsamaea sebaka se selelele e le hore re ka fumana metsi, ’me re ne re fihla libokeng re khathetse haholo. Tlhokahalo ea metsi e ne e etsa hore ho be thata le hore feela re hlape matsoho. Empa hona joale re se re khona ho hlapa matsoho, ebile kaha ha re sa tsamaea sebaka se selelele, re khona ho thabela liboka. Re leboha haholo!”
Morali oa bo rona oa Afrika Boroa le mora oa hae ba hlapa matsoho ka metsi a pula
Chelete ea ho lefella lintho tsee, e tsoa hokae? Ke menehelo e ntšoang ho donate.jw.org bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Rea leboha ka menehelo ea lona e tsoang pelong.