Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Betsimisaraka (Northern), Betsimisaraka (Southern), Konkomba, Matses, Mi'kmaq
  • Kajeno

Sontaha, la 19 October

Theolela[ng] matlooa tlase hore le tšoase litlhapi.—Luka 5:4.

Jesu o ile a kholisa moapostola Petrose hore Jehova o tla mo hlokomela. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a etsetsa Petrose le baapostola ba hae mohlolo o mong hape oa ho tšoasa litlhapi. (Joh. 21:​4-6) Mohlolo oo o ile oa kholisa Petrose hore Jehova a ka khona ho mo hlokomela. Mohlomong moapostola eo o ile a hopola mantsoe a Jesu ha a ne a re Jehova o tla hlokomela ba etsang hore “Muso oa Molimo” e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Ka lebaka leo, Petrose o ile a etsa hore mosebetsi oa boboleli e be oona o tlang pele, eseng khoebo ea hae ea ho tšoasa litlhapi. O ile a bolela litaba tse monate ka sebete ka letsatsi la Pentekonta ka selemo sa 33 ’me a thusa batho ba bangata hore e be barutuoa. (Lik. 2:​14, 37-41) Ka mor’a moo, o ile a thusa le Basamaria le Balichaba hore e be balateli ba Kreste. (Lik. 8:​14-17; 10:​44-48) Kannete Jehova o ile a sebelisa Petrose haholo ho thusa batho ba mefuta eohle hore ba tle ka phuthehong. w23.09 20 ¶1; 23 ¶11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 20 October

Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ea eona, le tla khaoloa likoto.—Dan. 2:5.

Hoo e ka bang lilemo tse peli ka mor’a hore Bababilona ba felise Jerusalema, Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a lora toro e tšosang ea setšoantšo se seholohali. O ile a re o tla bolaea banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ea hae. (Dan. 2:​3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsa’ng ho seng joalo batho ba ne ba tl’o bolaoa. O ile “a ea ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ea hore a tl’o mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:16) Daniele o ile a bontša hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontšang hore Daniele o kile a hlalosa litoro. O ile a kopa metsoalle ea hae hore “ba rapele Molimo oa leholimo, ba mo kope hore a ba hauhele ’me a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:18) Jehova o ile a araba lithapelo tsa bona. Molimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ea Nebukadnezare. Daniele le metsoalle ea hae ha baa ka ba bolaoa. w23.08 3 ¶4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 21 October

Ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.—Mat. 24:13.

Nahana ka melemo e tlisoang ke ho mamella. Ha re e-na le mamello, re tla ba le khotso le khutso. Ka lebaka leo, ho ba le mamello ho ka re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng le kelellong. Ha re mamella batho ba bang, re khona ho sebelisana hantle le bona. Phutheho ea habo rona e tla momahana le ho feta. Haeba re lieha ho halefa ha motho e mong a entse ntho e re tenang, re tla qoba ho mpefatsa boemo. (Pes. 37:​8, nal.; Liprov. 14:29) Ka holimo ho tsohle, re tla be re etsisa Ntate oa rona ea leholimong ebile setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta. Ho ba le mamello ke ntho e ntle ebile ho tla re tsoela molemo. Ha se kamehla ho leng bonolo hore re be le mamello empa Jehova o tla re thusa hore re lule re e-na le eona. Ha re ntse re emetse hore lefatše le lecha le fihle, re ka kholiseha hore “leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang, ba emetseng hore a ba bontše hore oa ba rata.” (Pes. 33:18) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho lula re e-na le mamello. w23.08 22 ¶7; 25 ¶16-17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela