Mantaha, la 20 October
Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ea eona, le tla khaoloa likoto.—Dan. 2:5.
Hoo e ka bang lilemo tse peli ka mor’a hore Bababilona ba felise Jerusalema, Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a lora toro e tšosang ea setšoantšo se seholohali. O ile a re o tla bolaea banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ea hae. (Dan. 2:3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsa’ng ho seng joalo batho ba ne ba tl’o bolaoa. O ile “a ea ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ea hore a tl’o mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:16) Daniele o ile a bontša hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontšang hore Daniele o kile a hlalosa litoro. O ile a kopa metsoalle ea hae hore “ba rapele Molimo oa leholimo, ba mo kope hore a ba hauhele ’me a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:18) Jehova o ile a araba lithapelo tsa bona. Molimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ea Nebukadnezare. Daniele le metsoalle ea hae ha baa ka ba bolaoa. w23.08 3 ¶4
Labobeli, la 21 October
Ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.—Mat. 24:13.
Nahana ka melemo e tlisoang ke ho mamella. Ha re e-na le mamello, re tla ba le khotso le khutso. Ka lebaka leo, ho ba le mamello ho ka re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng le kelellong. Ha re mamella batho ba bang, re khona ho sebelisana hantle le bona. Phutheho ea habo rona e tla momahana le ho feta. Haeba re lieha ho halefa ha motho e mong a entse ntho e re tenang, re tla qoba ho mpefatsa boemo. (Pes. 37:8, nal.; Liprov. 14:29) Ka holimo ho tsohle, re tla be re etsisa Ntate oa rona ea leholimong ebile setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta. Ho ba le mamello ke ntho e ntle ebile ho tla re tsoela molemo. Ha se kamehla ho leng bonolo hore re be le mamello empa Jehova o tla re thusa hore re lule re e-na le eona. Ha re ntse re emetse hore lefatše le lecha le fihle, re ka kholiseha hore “leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang, ba emetseng hore a ba bontše hore oa ba rata.” (Pes. 33:18) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho lula re e-na le mamello. w23.08 22 ¶7; 25 ¶16-17
Laboraro, la 22 October
Tumelo, ha e sa bontšoe ka liketso e shoele.—Jak. 2:17.
Jakobo o ile a bontša hore motho a ka ’na a re o na le tumelo empa liketso tsa hae li hanana le seo. (Jak. 2:1-5, 9) Jakobo o ile a boela a bua ka motho ea bonang ngoana oabo ‘a se na liaparo kapa lijo tse lekaneng’ empa joale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. (Jak. 2:14-16) Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala oa motho ea ileng a bontša ka liketso tsa hae hore o na le tumelo. (Jak. 2:25, 26) Rahaba o ne a ile a utloela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:9-11) O ile a bontša tumelo ea hae ka liketso ka hore a sireletse lihloela tse peli tsa Baiseraele ha li ne li le kotsing ea ho bolaoa. Ka lebaka leo, joaloka Abrahama, mosali enoa ea neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkoa a lokile. Mohlala oa Rahaba o re ruta bohlokoa ba hore tumelo ea rona e bontšoe ka liketso. w23.12 5-6 ¶12-13