Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Betsimisaraka (Northern), Betsimisaraka (Southern), Konkomba, Matses, Mi'kmaq
  • Kajeno

Labobeli, la 21 October

Ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.—Mat. 24:13.

Nahana ka melemo e tlisoang ke ho mamella. Ha re e-na le mamello, re tla ba le khotso le khutso. Ka lebaka leo, ho ba le mamello ho ka re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng le kelellong. Ha re mamella batho ba bang, re khona ho sebelisana hantle le bona. Phutheho ea habo rona e tla momahana le ho feta. Haeba re lieha ho halefa ha motho e mong a entse ntho e re tenang, re tla qoba ho mpefatsa boemo. (Pes. 37:​8, nal.; Liprov. 14:29) Ka holimo ho tsohle, re tla be re etsisa Ntate oa rona ea leholimong ebile setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta. Ho ba le mamello ke ntho e ntle ebile ho tla re tsoela molemo. Ha se kamehla ho leng bonolo hore re be le mamello empa Jehova o tla re thusa hore re lule re e-na le eona. Ha re ntse re emetse hore lefatše le lecha le fihle, re ka kholiseha hore “leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang, ba emetseng hore a ba bontše hore oa ba rata.” (Pes. 33:18) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho lula re e-na le mamello. w23.08 22 ¶7; 25 ¶16-17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 22 October

Tumelo, ha e sa bontšoe ka liketso e shoele.—Jak. 2:17.

Jakobo o ile a bontša hore motho a ka ’na a re o na le tumelo empa liketso tsa hae li hanana le seo. (Jak. 2:​1-5, 9) Jakobo o ile a boela a bua ka motho ea bonang ngoana oabo ‘a se na liaparo kapa lijo tse lekaneng’ empa joale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. (Jak. 2:​14-16) Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala oa motho ea ileng a bontša ka liketso tsa hae hore o na le tumelo. (Jak. 2:​25, 26) Rahaba o ne a ile a utloela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:​9-11) O ile a bontša tumelo ea hae ka liketso ka hore a sireletse lihloela tse peli tsa Baiseraele ha li ne li le kotsing ea ho bolaoa. Ka lebaka leo, joaloka Abrahama, mosali enoa ea neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkoa a lokile. Mohlala oa Rahaba o re ruta bohlokoa ba hore tumelo ea rona e bontšoe ka liketso. w23.12 5-6 ¶12-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 23 October

E se eka le ka ema le tiile holim’a motheo oa tumelo joaloka sefate se metseng ka metso.—Baef. 3:17.

Kaha re Bakreste, ha rea lokela ho ithuta feela lithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moea oa Molimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:​9, 10) U ka boela oa etsa lipatlisiso ka lintho tse tla u thusa hore u lule u le motsoalle oa Jehova. Ka mohlala, u ka ithuta ka hore na Molimo o ile a bontša joang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontša joang hore le uena oa u rata. U ka ’na oa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele joang ’me oa bapisa seo le kamoo a batlang hore Bakreste ba mo rapele kateng mehleng ena. Kapa u ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatšeng. Ha u etsa lipatlisiso, u ka thusoa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha u ithuta Bibele ka ho tebileng, u tla matlafatsa tumelo ea hao ’me e tla u thusa hore u ‘tsebe Molimo.—Liprov. 2:​4, 5. w23.10 18-19 ¶3-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela