Laboraro, la 22 October
Tumelo, ha e sa bontšoe ka liketso e shoele.—Jak. 2:17.
Jakobo o ile a bontša hore motho a ka ’na a re o na le tumelo empa liketso tsa hae li hanana le seo. (Jak. 2:1-5, 9) Jakobo o ile a boela a bua ka motho ea bonang ngoana oabo ‘a se na liaparo kapa lijo tse lekaneng’ empa joale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. (Jak. 2:14-16) Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala oa motho ea ileng a bontša ka liketso tsa hae hore o na le tumelo. (Jak. 2:25, 26) Rahaba o ne a ile a utloela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:9-11) O ile a bontša tumelo ea hae ka liketso ka hore a sireletse lihloela tse peli tsa Baiseraele ha li ne li le kotsing ea ho bolaoa. Ka lebaka leo, joaloka Abrahama, mosali enoa ea neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkoa a lokile. Mohlala oa Rahaba o re ruta bohlokoa ba hore tumelo ea rona e bontšoe ka liketso. w23.12 5-6 ¶12-13
Labone, la 23 October
E se eka le ka ema le tiile holim’a motheo oa tumelo joaloka sefate se metseng ka metso.—Baef. 3:17.
Kaha re Bakreste, ha rea lokela ho ithuta feela lithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moea oa Molimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:9, 10) U ka boela oa etsa lipatlisiso ka lintho tse tla u thusa hore u lule u le motsoalle oa Jehova. Ka mohlala, u ka ithuta ka hore na Molimo o ile a bontša joang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontša joang hore le uena oa u rata. U ka ’na oa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele joang ’me oa bapisa seo le kamoo a batlang hore Bakreste ba mo rapele kateng mehleng ena. Kapa u ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatšeng. Ha u etsa lipatlisiso, u ka thusoa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha u ithuta Bibele ka ho tebileng, u tla matlafatsa tumelo ea hao ’me e tla u thusa hore u ‘tsebe Molimo.—Liprov. 2:4, 5. w23.10 18-19 ¶3-5
Labohlano, la 24 October
Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.—1 Pet. 4:8.
Temaneng ena, ka Segerike lentsoe “haholo” le bolela “ho saroloha.” Karolo ea bobeli ea temana ena ea bontša hore na ho tla etsahala’ng ha re ratana haholo. Re tla lula re itokiselitse ho tšoarela kapa ho koahela liphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengoapo e mengata. Motho a ka khona ho nka lesela ebe o le ala holim’a tafole eo ho koahela mengoapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tšoanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho koahela kapa ho tšoarela liphoso tsa bona tse ngata. Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tšoarelang ha ba re sitetsoe, le haeba ho etsa joalo ho ka ba thata haholo ka linako tse ling. (Bakol. 3:13) Ha re tšoarela batho ba bang, rea bontša hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. w23.11 11-12 ¶13-15