Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Betsimisaraka (Northern), Betsimisaraka (Southern), Konkomba, Matses, Mi'kmaq
  • Kajeno

Labone, la 23 October

E se eka le ka ema le tiile holim’a motheo oa tumelo joaloka sefate se metseng ka metso.—Baef. 3:17.

Kaha re Bakreste, ha rea lokela ho ithuta feela lithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moea oa Molimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:​9, 10) U ka boela oa etsa lipatlisiso ka lintho tse tla u thusa hore u lule u le motsoalle oa Jehova. Ka mohlala, u ka ithuta ka hore na Molimo o ile a bontša joang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontša joang hore le uena oa u rata. U ka ’na oa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele joang ’me oa bapisa seo le kamoo a batlang hore Bakreste ba mo rapele kateng mehleng ena. Kapa u ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatšeng. Ha u etsa lipatlisiso, u ka thusoa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha u ithuta Bibele ka ho tebileng, u tla matlafatsa tumelo ea hao ’me e tla u thusa hore u ‘tsebe Molimo.—Liprov. 2:​4, 5. w23.10 18-19 ¶3-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 24 October

Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.—1 Pet. 4:8.

Temaneng ena, ka Segerike lentsoe “haholo” le bolela “ho saroloha.” Karolo ea bobeli ea temana ena ea bontša hore na ho tla etsahala’ng ha re ratana haholo. Re tla lula re itokiselitse ho tšoarela kapa ho koahela liphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengoapo e mengata. Motho a ka khona ho nka lesela ebe o le ala holim’a tafole eo ho koahela mengoapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tšoanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho koahela kapa ho tšoarela liphoso tsa bona tse ngata. Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tšoarelang ha ba re sitetsoe, le haeba ho etsa joalo ho ka ba thata haholo ka linako tse ling. (Bakol. 3:13) Ha re tšoarela batho ba bang, rea bontša hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. w23.11 11-12 ¶13-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 25 October

Shafane o e balla morena.—2 Likron. 34:18.

Ha Morena Josiase a le lilemo li 26, o ile a qala ho nchafatsa tempele. Ha ho ntse ho etsoa mosebetsi oo, ho ile ha fumanoa “buka ea Molao oa Jehova oo a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe.” Ha morena a utloa mantsoe ao, o ile a laela hore ho etsoe lintho tse neng li ngotsoe bukeng eo. (2 Likron. 34:​14, 19-21) Na u batla ho bala Bibele kamehla? Haeba u se u qalile, na hoa u natefela? Na u tšoaea litemana tsa Bibele tse ka u thusang? Ha Josiase a le lilemo li ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ea etsa hore a bolaoe. O ile a itšepa ho e-na le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Likron. 35:​20-25) Re ithuta’ng? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tsoela pele re batla tataiso ea Jehova. Sena se akareletsa hore kamehla re rapelle tataiso ea hae, re ithute Lentsoe la hae le ho mamela likeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa liphoso tse kholo.—Jak. 1:25. w23.09 12 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela