Labohlano, la 24 October
Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.—1 Pet. 4:8.
Temaneng ena, ka Segerike lentsoe “haholo” le bolela “ho saroloha.” Karolo ea bobeli ea temana ena ea bontša hore na ho tla etsahala’ng ha re ratana haholo. Re tla lula re itokiselitse ho tšoarela kapa ho koahela liphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengoapo e mengata. Motho a ka khona ho nka lesela ebe o le ala holim’a tafole eo ho koahela mengoapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tšoanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho koahela kapa ho tšoarela liphoso tsa bona tse ngata. Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tšoarelang ha ba re sitetsoe, le haeba ho etsa joalo ho ka ba thata haholo ka linako tse ling. (Bakol. 3:13) Ha re tšoarela batho ba bang, rea bontša hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. w23.11 11-12 ¶13-15
Moqebelo, la 25 October
Shafane o e balla morena.—2 Likron. 34:18.
Ha Morena Josiase a le lilemo li 26, o ile a qala ho nchafatsa tempele. Ha ho ntse ho etsoa mosebetsi oo, ho ile ha fumanoa “buka ea Molao oa Jehova oo a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe.” Ha morena a utloa mantsoe ao, o ile a laela hore ho etsoe lintho tse neng li ngotsoe bukeng eo. (2 Likron. 34:14, 19-21) Na u batla ho bala Bibele kamehla? Haeba u se u qalile, na hoa u natefela? Na u tšoaea litemana tsa Bibele tse ka u thusang? Ha Josiase a le lilemo li ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ea etsa hore a bolaoe. O ile a itšepa ho e-na le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Likron. 35:20-25) Re ithuta’ng? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tsoela pele re batla tataiso ea Jehova. Sena se akareletsa hore kamehla re rapelle tataiso ea hae, re ithute Lentsoe la hae le ho mamela likeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa liphoso tse kholo.—Jak. 1:25. w23.09 12 ¶15-16
Sontaha, la 26 October
Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang empa o mosa ho ba ikokobelitseng.—Jak. 4:6.
Bibele e bua ka makhabane a mangata a basali ba neng ba rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ne ba e-na le “teka-tekano linthong tsohle” ’me ba ‘tšepahala linthong tsohle.’ (1 Tim. 3:11) Ho ekelletsa moo, barali ba bo rona ba ka fumana mehlala ea barali ba bo rona ba holileng bao ba ka ba etsisang liphuthehong tsa habo bona. Barali ba bo rona ba bacha, na ho na le barali ba bo rona ba behang mohlala o motle oo le ka o etsisang? Sheba makhabane a matle ao ba nang le ’ona. Nahana ka hore na u ka bontša makhabane ao joang. Re lokela ho ikokobetsa e le hore re be le tumelo e matla. Haeba morali oa bo rona a ikokobelitse, o tla ba le setsoalle se setle le Jehova le batho ba bang. Ka mohlala, morali oa bo rona ea ratang Jehova o ikokobeletsa tokisetso ea bohlooho eo Ntate oa hae ea leholimong a e thehileng. (1 Bakor. 11:3) Jehova o boetse o entse hore ho be le bohlooho ka phuthehong le ka lapeng. w23.12 18-19 ¶3-5