Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Betsileo
  • Kajeno

Moqebelo, la 25 October

Shafane o e balla morena.—2 Likron. 34:18.

Ha Morena Josiase a le lilemo li 26, o ile a qala ho nchafatsa tempele. Ha ho ntse ho etsoa mosebetsi oo, ho ile ha fumanoa “buka ea Molao oa Jehova oo a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe.” Ha morena a utloa mantsoe ao, o ile a laela hore ho etsoe lintho tse neng li ngotsoe bukeng eo. (2 Likron. 34:​14, 19-21) Na u batla ho bala Bibele kamehla? Haeba u se u qalile, na hoa u natefela? Na u tšoaea litemana tsa Bibele tse ka u thusang? Ha Josiase a le lilemo li ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ea etsa hore a bolaoe. O ile a itšepa ho e-na le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Likron. 35:​20-25) Re ithuta’ng? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tsoela pele re batla tataiso ea Jehova. Sena se akareletsa hore kamehla re rapelle tataiso ea hae, re ithute Lentsoe la hae le ho mamela likeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa liphoso tse kholo.—Jak. 1:25. w23.09 12 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Sontaha, la 26 October

Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang empa o mosa ho ba ikokobelitseng.—Jak. 4:6.

Bibele e bua ka makhabane a mangata a basali ba neng ba rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ne ba e-na le “teka-tekano linthong tsohle” ’me ba ‘tšepahala linthong tsohle.’ (1 Tim. 3:11) Ho ekelletsa moo, barali ba bo rona ba ka fumana mehlala ea barali ba bo rona ba holileng bao ba ka ba etsisang liphuthehong tsa habo bona. Barali ba bo rona ba bacha, na ho na le barali ba bo rona ba behang mohlala o motle oo le ka o etsisang? Sheba makhabane a matle ao ba nang le ’ona. Nahana ka hore na u ka bontša makhabane ao joang. Re lokela ho ikokobetsa e le hore re be le tumelo e matla. Haeba morali oa bo rona a ikokobelitse, o tla ba le setsoalle se setle le Jehova le batho ba bang. Ka mohlala, morali oa bo rona ea ratang Jehova o ikokobeletsa tokisetso ea bohlooho eo Ntate oa hae ea leholimong a e thehileng. (1 Bakor. 11:3) Jehova o boetse o entse hore ho be le bohlooho ka phuthehong le ka lapeng. w23.12 18-19 ¶3-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 27 October

Banna ba rate basali ba bona joalokaha ba rata ’mele ea bona.—Baef. 5:28.

Jehova o lebeletse hore monna a rate mosali oa hae le ho mo hlokomela ka lintho tseo a li hlokang, e be motsoalle oa hae le ho mo thusa hore a lule a rata Jehova. Ho ba motho ea nang le kelello, ho hlompha basali le ho ba motho ea ka tšeptjoang li tla u thusa hore u be monna ea molemo. Ka mor’a hore u nyale, u ka khetha ho ba le bana. U ka ithuta ho ba ntate ea molemo joang ho Jehova? (Baef. 6:4) Jehova o ile a bolella Mora oa hae Jesu hore oa mo rata le hore oa mo khahlisa. (Mat. 3:17) Haeba u ba le bana, etsa bonnete ba hore kamehla oa ba tiisetsa hore oa ba rata. Lula u ba babatsa ha ba etsa lintho tse ntle. Bo-ntate ba etsisang mohlala oa Jehova ba thusa bana ba bona hore e be banna le basali ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. U ka itokisetsa boikarabelo bona hona joale ka hore u hlokomele lelapa leno le ba bang ka phuthehong le ka hore u ithute ho ba bolella hore oa ba rata ebile oa ba ananela.—Joh. 15:9. w23.12 28-29 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela