Laboraro, la 29 October
Ke tla rorisa Jehova, ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ea ka eohle.—Pes. 103:1.
Bahlanka ba Molimo ba rorisa lebitso la hae ka lipelo tsohle hobane ba mo rata. Morena Davida o ne a utloisisa hore ho rorisa lebitso la Jehova ke ho rorisa Jehova ka boeena. Lebitso la Jehova le akareletsa botumo ba hae. Kahoo, le re hopotsa makhabane ’ohle a hae le lintho tsohle tse ntle tseo a li entseng. Davida o ne a batla ho nka lebitso la Ntate oa hae le halalela le ho le rorisa. O ne a batla ho etsa joalo ‘ka pelo ea hae eohle.’ Balevi le bona ba ile ba etella pele ho roriseng Jehova. Ka boikokobetso ba ile ba lumela hore ha ba na mantsoe a lekaneng a ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka tsela eo le tšoaneloang ho rorisoa ka eona. (Neh. 9:5) Joang kapa joang Jehova o ile a thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba mo rorisa ka pelo eohle ebile ba ikokobelitse. w24.02 9 ¶6
Labone, la 30 October
A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
Jehova a ke ke a nka hore u hlolehile haeba u sa khona ho etsa ntho e itseng e ka holim’a matla a hao. (2 Bakor. 8:12) Ithute linthong tse ileng tsa u sitisa ho finyella seo u se rerileng. Lula u nahana ka lintho tseo u li etselitseng Jehova. Bibele e re “Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa [hao].” (Baheb. 6:10) Kahoo, le uena u se ke oa lebala lintho tseo u mo etselitseng tsona. Nahana ka lintho tseo u seng u li entse tse kang ho ba motsoalle oa Jehova, ho bolella batho ba bang ka eena kapa ho kolobetsoa. U ntse u ka khona ho etsetsa Jehova lintho tse ling le hona joale feela joalokaha u ile oa khona ho mo etsetsa lintho tse itseng nakong e fetileng. Jehova a ka u thusa ho finyella lintho tseo u rerileng ho li etsa. Ha u ntse u tsoela pele ho sebetsa ka thata ho finyella lintho tseo u li rerileng, u se ke oa lebala ho thabela ho bona ha Jehova a u thusa le ho u hlohonolofatsa. (2 Bakor. 4:7) Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo haeba u sa tele.—Bagal. 6:9. w23.05 31 ¶16-18
Labohlano, la 31 October
Ntate oa le rata hobane lea nthata ebile lea lumela hore ke moemeli oa hae.—Joh. 16:27.
Jehova o batla litsela tseo a ka bontšang batho ba hae hore oa ba rata le hore baa mo thabisa. Bibele e bua ka makhetlo a mabeli ao Jehova a ileng a joetsa Jesu hore ke Mora oa hae eo a mo ratang ea mo khahlisang. (Mat. 3:17; 17:5) Na u ka rata ho utloa Jehova a u bolella hore oa mo khahlisa? Jehova ha a bue le rona a le leholimong empa o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Ha re bala mantsoe ao Jesu a a buileng ho barutuoa ba hae a bontšang hore oa ba rata, ho tšoana le ha re “utloa” Jehova a bua mantsoe ao ho rona. Jesu o ne a etsisa makhabane a Ntate oa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ba tšepahalang empa ba sa phethahala hore oa ba rata. Kahoo, ha re bala litlaleho tse joalo, re ka nka e le Jehova ea buang mantsoe ao ho rona. (Joh. 15:9, 15) Haeba re e-na le mathata, ha ho bolele hore Molimo ha a sa re amohela. Ho e-na le hoo, re ba le monyetla oa ho bontša Jehova hore re mo rata haholo le hore rea mo tšepa.—Jak. 1:12. w24.03 28 ¶10-11