Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labone, la 30 October

A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.

Jehova a ke ke a nka hore u hlolehile haeba u sa khona ho etsa ntho e itseng e ka holim’a matla a hao. (2 Bakor. 8:12) Ithute linthong tse ileng tsa u sitisa ho finyella seo u se rerileng. Lula u nahana ka lintho tseo u li etselitseng Jehova. Bibele e re “Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa [hao].” (Baheb. 6:10) Kahoo, le uena u se ke oa lebala lintho tseo u mo etselitseng tsona. Nahana ka lintho tseo u seng u li entse tse kang ho ba motsoalle oa Jehova, ho bolella batho ba bang ka eena kapa ho kolobetsoa. U ntse u ka khona ho etsetsa Jehova lintho tse ling le hona joale feela joalokaha u ile oa khona ho mo etsetsa lintho tse itseng nakong e fetileng. Jehova a ka u thusa ho finyella lintho tseo u rerileng ho li etsa. Ha u ntse u tsoela pele ho sebetsa ka thata ho finyella lintho tseo u li rerileng, u se ke oa lebala ho thabela ho bona ha Jehova a u thusa le ho u hlohonolofatsa. (2 Bakor. 4:7) Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo haeba u sa tele.—Bagal. 6:9. w23.05 31 ¶16-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 31 October

Ntate oa le rata hobane lea nthata ebile lea lumela hore ke moemeli oa hae.—Joh. 16:27.

Jehova o batla litsela tseo a ka bontšang batho ba hae hore oa ba rata le hore baa mo thabisa. Bibele e bua ka makhetlo a mabeli ao Jehova a ileng a joetsa Jesu hore ke Mora oa hae eo a mo ratang ea mo khahlisang. (Mat. 3:17; 17:5) Na u ka rata ho utloa Jehova a u bolella hore oa mo khahlisa? Jehova ha a bue le rona a le leholimong empa o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Ha re bala mantsoe ao Jesu a a buileng ho barutuoa ba hae a bontšang hore oa ba rata, ho tšoana le ha re “utloa” Jehova a bua mantsoe ao ho rona. Jesu o ne a etsisa makhabane a Ntate oa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ba tšepahalang empa ba sa phethahala hore oa ba rata. Kahoo, ha re bala litlaleho tse joalo, re ka nka e le Jehova ea buang mantsoe ao ho rona. (Joh. 15:​9, 15) Haeba re e-na le mathata, ha ho bolele hore Molimo ha a sa re amohela. Ho e-na le hoo, re ba le monyetla oa ho bontša Jehova hore re mo rata haholo le hore rea mo tšepa.—Jak. 1:12. w24.03 28 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 1 November

U etsa hore masea le bana ba banyenyane ba u rorise.—Mat. 21:16.

Haeba u motsoali, thusa bana ba hao hore ba lokisetse likarabo ho latela lilemo tsa bona. Ka linako tse ling ha re le libokeng, re ka ithuta lintlha tse buang ka lenyalo kapa boitšoaro empa ho ka ’na ha e-ba le lirapa tseo ngoana a ka khonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utloisisa hore ha se kamehla ba ka khethoang ha ba batla ho arabela. Ha ba utloisisa taba ena ba ke ke ba utloa bohloko haeba ba sa khethoe. (1 Tim. 6:18) Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka likarabo tse tla khothatsa Bakreste-’moho le ho tlotlisa Jehova. (Liprov. 25:11) Ka linako tse ling re ka ’na ra bua ka lintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Liprov 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho loanela ho bua ka Jehova, Lentsoe la hae le batho ba hae.—Tšen. 4:11. w23.04 24-25 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela