Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labohlano, la 31 October

Ntate oa le rata hobane lea nthata ebile lea lumela hore ke moemeli oa hae.—Joh. 16:27.

Jehova o batla litsela tseo a ka bontšang batho ba hae hore oa ba rata le hore baa mo thabisa. Bibele e bua ka makhetlo a mabeli ao Jehova a ileng a joetsa Jesu hore ke Mora oa hae eo a mo ratang ea mo khahlisang. (Mat. 3:17; 17:5) Na u ka rata ho utloa Jehova a u bolella hore oa mo khahlisa? Jehova ha a bue le rona a le leholimong empa o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Ha re bala mantsoe ao Jesu a a buileng ho barutuoa ba hae a bontšang hore oa ba rata, ho tšoana le ha re “utloa” Jehova a bua mantsoe ao ho rona. Jesu o ne a etsisa makhabane a Ntate oa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ba tšepahalang empa ba sa phethahala hore oa ba rata. Kahoo, ha re bala litlaleho tse joalo, re ka nka e le Jehova ea buang mantsoe ao ho rona. (Joh. 15:​9, 15) Haeba re e-na le mathata, ha ho bolele hore Molimo ha a sa re amohela. Ho e-na le hoo, re ba le monyetla oa ho bontša Jehova hore re mo rata haholo le hore rea mo tšepa.—Jak. 1:12. w24.03 28 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 1 November

U etsa hore masea le bana ba banyenyane ba u rorise.—Mat. 21:16.

Haeba u motsoali, thusa bana ba hao hore ba lokisetse likarabo ho latela lilemo tsa bona. Ka linako tse ling ha re le libokeng, re ka ithuta lintlha tse buang ka lenyalo kapa boitšoaro empa ho ka ’na ha e-ba le lirapa tseo ngoana a ka khonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utloisisa hore ha se kamehla ba ka khethoang ha ba batla ho arabela. Ha ba utloisisa taba ena ba ke ke ba utloa bohloko haeba ba sa khethoe. (1 Tim. 6:18) Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka likarabo tse tla khothatsa Bakreste-’moho le ho tlotlisa Jehova. (Liprov. 25:11) Ka linako tse ling re ka ’na ra bua ka lintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Liprov 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho loanela ho bua ka Jehova, Lentsoe la hae le batho ba hae.—Tšen. 4:11. w23.04 24-25 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Sontaha, la 2 November

A re se keng ra robala joalokaha ba bang ba robetse empa re lule re falimehile ebile re e-na le likelello tse hlaphohetsoeng.—1 Bathes. 5:6.

Ke habohlokoa hore re be le lerato e le hore re lule re falimehile le ho hlaphoheloa kelellong. (Mat. 22:​37-39) Ho rata Molimo ho re thusa hore re mamelle ha re ntse re etsa mosebetsi oa boboleli le hoja re ka hlaheloa ke mathata. (2 Tim. 1:​7, 8) Kaha re rata le batho ba sa sebeletseng Jehova, re lula re ba bolella litaba tse monate ebile rea ba founela le ho ba ngolla mangolo ho ba bolella molaetsa oo. Re lula re e-na le tšepo ea hore ka le leng batho bao ba tla fetoha, ba etse lintho tse nepahetseng. (Ezek. 18:​27, 28) Re rata Bakreste-’moho le rona. Re bontša hore rea ratana ka “ho khothatsana le ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) Rea khothatsana joaloka masole a loanang ntoeng. Re ke ke ra utloisa bara le barali ba bo rona bohloko ka boomo kapa ra iphetetsa ha ba re utloisitse bohloko. (1 Bathes. 5:​13, 15) Hape re bontša hore re rata bara ba bo rona ba etellang pele phutheho ka ho ba hlompha.—1 Bathes. 5:12. w23.06 10 ¶6; 11 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela