Laboraro, la 16 July
Jehova oa tseba hore menahano ea ba bohlale ha e na thuso.—1 Bakor. 3:20.
Re lokela ho qoba ho nahana joaloka batho ba sa mameleng melao ea Jehova. Haeba re nahana joaloka batho ba sa mameleng melao ea Jehova, re ka qetella re sa hlomphe Jehova ebile re sa mamele melao ea hae. (1 Bakor. 3:19) Hangata “bohlale ba batho ba lefatše lena” bo etsa hore batho ba se ke ba mamela Molimo. Bakreste ba bang ba phutheho ea Pergame le ea Thiatire ba ile ba susumetsoa ke batho ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo le ba neng ba etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ba neng ba lula libakeng tseo. Jesu o ile a khalemela Bakreste ba liphutheho tseo tse peli hobane ba ne ba lumella batho hore ba etse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Tšen. 2:14, 20) Le kajeno batho ba ka re susumetsa hore re lumele ho etsa lintho tse fosahetseng. Ba malapa a rona le batho bao re tloaelaneng le bona ba ka etsa hore re nahane hore re itšoere ka thata le ho re khothaletsa ho tlola melao ea Jehova. Ka mohlala, ba ka re ha ho bohlokoa ho lula u itšoere hantle le hore melao ea Molimo e buang ka boitšoaro e feletsoe ke nako. Ka linako tse ling re ka ’na ra nahana hore litaelo tseo Jehova a re fang tsona ha lia hlaka. Re ka ba ra batla ho “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng.”—1 Bakor. 4:6. w23.07 16 ¶10-11
Labone, la 17 July
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.—Liprov. 17:17.
Maria o ne a hloka ho matlafatsoa. O ne a tl’o ima empa a e-s’o nyaloe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e joang ho holisa ngoana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngoana eo hamorao e neng e tla ba Mesia. Hape kaha o ne a e-s’o ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ea neng a tl’o mo nyala hore o imme? (Luka 1:26-33) Maria o ile a etsa’ng e le hore a fumane matla? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe litaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mor’a moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ea “motseng oa Juda e leng sebaka se lithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le eena. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetsoa ke moea oa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo khothatsang ka mora oa Maria ea e-s’o hlahe. (Luka 1:39-45) Maria o ile a re Jehova “o entse lintho tse kholo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebelisa Gabariele le Elizabetha. w23.10 14-15 ¶10-12
Labohlano, la 18 July
O re entse marena le baprista hore re sebeletse Molimo Ntate oa hae.—Tšen. 1:6.
Ke barutuoa ba ’maloa feela ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang ’me ba na le setsoalle se ikhethang le Jehova. Batlotsuoa bana ba 144 000 e tl’o ba baprista leholimong le Jesu. (Tšen. 14:1) Karolo ea Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tšoantšetsa hore batlotsuoa ba khethiloe hore e be bana ba Molimo ha ba ntse ba le lefatšeng. (Bar. 8:15-17) Karolo ea Sehalalelisiso e neng e le tabernakeleng e emela leholimo e leng moo Jehova a lulang teng. “Kharetene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalalelisiso e emela ’mele oa Jesu oa nama, o neng o etsa hore a se ke a khona ho kena leholimong e le Moprista ea Phahameng ka ho fetisisa oa tempele ea tšoantšetso. Ha Jesu a fana ka ’mele oa hae oa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuoa monyetla oa ho phela leholimong. Le bona ba lokela ho siea ’mele ea bona ea nama e le hore ba ka fumana moputso oa bona oa ho phela leholimong.—Baheb. 10:19, 20; 1 Bakor. 15:50. w23.10 28 ¶13