SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 43
Jehova o Tla u Matlafatsa Joang?
“[Jehova] o tla le tiisa, a le thuse hore le lule le tšepahala a be a le matlafatse.”—1 PET. 5:10.
PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale ba ile ba matlafatsoa ke’ng?
HANGATA ha Lentsoe la Molimo le bua ka banna ba neng ba rata Molimo, le re ba matla. Empa ha se ka linako tsohle ba neng ba ikutloa ba le matla. Mohlala, maemong a mang Morena Davida o ne a utloa a le “matla joaloka thaba” empa ka linako tse ling o ile a “tšoha haholo.” (Pes. 30:7) Le hoja Samsone a ne a e-na le matla a sa tloaelehang ka lebaka la moea oa Molimo, o ne a tseba hore o ‘tla fokola a be joaloka banna ba bang kaofela’ haeba a se na matla a tsoang ho Molimo. (Baahl. 14:5, 6; 16:17) Banna bana ba ratang Molimo ba ne ba le matla hobane feela Jehova a ba file matla.
2. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a re o matla leha a fokola? (2 Bakorinthe 12:9, 10)
2 Moapostola Pauluse o ile a elelloa hore le eena o hloka matla a tsoang ho Jehova. (Bala 2 Bakorinthe 12:9, 10.) Pauluse o ne a kula joaloka ba bangata ba rona. (Bagal. 4:13, 14) Ka linako tse ling o ne a thatafalloa ke ho etsa lintho tse nepahetseng. (Bar. 7:18, 19) Hape ka linako tse ling o ne a ikutloa a tšoenyehile a bile a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka eena. (2 Bakor. 1:8, 9) Leha ho le joalo, o ile a ba matla a ntse a fokola joalo. O khonne joang? Jehova o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka e le hore a mamelle mathata a hae.
3. Ke lipotso life tse tla arajoa sehloohong see?
3 Jehova o tšepisa hore le rona o tla re matlafatsa. (1 Pet. 5:10) Empa re ke ke ra lebella ho fumana matla a tsoang ho eena re phuthile matsoho feela. A re etse mohlala. Enjene e ka thusa koloi ho tsamaea empa mokhanni o lokela ho hata lefura e le hore koloi e ee pele. Ka tsela e tšoanang, Jehova o ikemiselitse ho re fa matla ao re a hlokang empa re lokela ho etsa boiteko bo itseng e le hore a re fe ’ona. Jehova o re fa matla joang? Hape re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane matla ao? Re tla fumana likarabo tsa lipotso tseo ka ho hlahloba tsela eo ka eona Jehova a ileng a matlafatsa moprofeta Jonase, Maria ’mè oa Jesu le moapostola Pauluse. Re tla boela re bone hore na Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae ka tsela e tšoanang joang mehleng ena.
HO RAPELA LE HO ITHUTA HO KA RE FA MATLA
4. Re ka etsa’ng e le hore Jehova a re fe matla?
4 Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang e le hore Jehova a re fe matla ke ho mo rapela. Jehova o tla araba lithapelo tsa rona ka ho re fa “matla a sa tloaelehang.” (2 Bakor. 4:7) Hape ho bala Lentsoe la hae le ho nahanisisa ka lona ho tla re fa matla. (Pes. 86:11) Molaetsa oo Jehova a re fileng oona ka Bibeleng o “fana ka matla.” (Baheb. 4:12) Ha u rapela Jehova u bile u bala Lentsoe la hae, u tla fumana matla ao u a hlokang e le hore u mamelle, u lule u thabile kapa u etse mosebetsi ofe kapa ofe o boima. Hlokomela hore na Jehova o ile a matlafatsa moprofeta Jonase joang.
5. Ke hobane’ng ha moprofeta Jonase a ne a hloka ho matlafatsoa?
5 Moprofeta Jonase o ne a hloka ho matlafatsoa. Ha Jehova a ne a mo fa mosebetsi o boima, o ile a baleha. Ka lebaka leo, eena le batho bao a neng a palame sekepe le bona ba ile ba batla ba shoa ka lebaka la leoatle le befileng. Ka mor’a hore a lahleloe ka leoatleng, o ile a iphumana a le ka mpeng ea tlhapi e leng sebaka se tšosang seo a neng a sa nahana hore ka le leng o tla ba ho sona. U nahana hore Jonase o ile a ikutloa joang? Na o ne a bonela lefu haufi? Na mohlomong o ile a nahana hore Jehova o mo lahlile kherehloa? E tlameha ebe Jonase o ne a tšoenyehile haholo.
Joaloka moprofeta Jonase, re ka etsa’ng e le hore re be matla ha re e-na le mathata? (Sheba serapa sa 6-9)
6. Ho ea ka Jonase 2:1, 2, 7, Jonase o ile a etsa’ng e le hore a be matla ha a le ka mpeng ea tlhapi?
6 Jonase o ile a etsa’ng e le hore a be matla nakong eo a neng a le mong ka mpeng ea tlhapi? O ile a rapela. (Bala Jonase 2:1, 2, 7.) Le hoja Jonase a ne a sa ka a mamela Jehova, o ile a baka ’me a kholiseha hore Jehova o tla mamela thapelo ea hae. Jonase o ile a boela a nahanisisa ka Mangolo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Thapelong ea hae e hlahang ho Jonase khaolo ea bobeli, o ile a sebelisa mantsoe le lipolelo tse ngata tse tšoanang le tse hlahang bukeng ea Lipesaleme. (Mohlala, bapisa Jonase 2:2, 5 le Pesaleme ea 69:1; 86:7.) Ho hlakile hore Jonase o ne a tseba mangolo ao hantle. Kaha o ile a nahanisisa ka ’ona nakong eo a leng tsietsing, o ile a kholiseha hore Jehova o tla mo thusa. Hamorao Jehova o ile a khutlisetsa Jonase lebopong la leoatle eaba ka mor’a moo o se a le malala-a-laotsoe ho etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.—Jon. 2:10–3:4.
7, 8. Mor’abo rona e mong oa Taiwan o ile a matlafatsoa ke’ng ha a ne a e-na le mathata?
7 Mohlala oa Jonase o ka re thusa ha re hlaheloa ke mathata a fapaneng. Mohlala, Mor’abo rona Zhimingb oa Taiwan o kula hampe. Hape ba lelapa la hae ba mo hanyetsa haholo hobane a sebeletsa Jehova. O fumana matla a tsoang ho Jehova ka hore a rapele le ho ithuta. O re: “Ka linako tse ling ha ke e-na le mathata, ke tšoenyeha haholo hoo ke sitoang ho khoba matšoafo e le hore nka khona ho ithuta Bibele.” Empa ha a nyahame. O boetse o re: “Ke qala pele ka ho rapela Jehova ebe ka mor’a moo ke mamela lipina tsa ’Muso ka li-headphone. Ka linako tse ling ke li bina ka lentsoe le tlase ho fihlela ke khoba matšoafo ebe ka mor’a moo kea ithuta.”
8 Lintho tseo Mor’abo rona Zhiming a ileng a ithuta tsona Bibeleng le lingoloeng tse thehiloeng Bibeleng li ile tsa mo matlafatsa ka tsela eo a neng a sa e lebella. Mohlala, ka mor’a hore a etsoe opereishene e kholo, mooki e mong o ile a mo bolella hore o tl’o lokela ho tšeloa mali hobane mali a hae a fokotsehile haholo. Bosiung ba pele a etsoa opereishene eo, o ne a ile a bala ka morali oa bo rona e mong ea ileng a etsoa opereishene e tšoanang le ea hae. Mali a hae a ne a fokotsehile le ho feta a Mor’abo rona Zhiming empa ha aa ka a lumela ho tšeloa mali eaba oa fola. Pale ea morali eo oa bo rona e ile ea fa Mor’abo rona Zhiming matla a hore a lule a tšepahala.
9. Haeba mathata a etsa hore u tšoenyehe, u ka etsa’ng? (Sheba litšoantšo.)
9 Ha u e-na le mathata, na u tšoenyeha haholo hoo u sitoang ho rapela Jehova? Kapa na u ee u utloe u khathetse hoo u sitoang le ho ithuta? Hopola hore Jehova o utloisisa boemo ba hao hantle. Kahoo, esita leha u etsa thapelo e khutšoanyane, u ka kholiseha hore o tla u fa ntho eo u e hlokang hantle. (Baef. 3:20) Haeba u utloa ho le thata ho bala le ho ithuta hobane u kula, u khathetse kapa u utloile bohloko, u ka leka ho mamela Bibele kapa lingoloa tse rekotiloeng. U ka boela oa thusoa ke ho mamela pina kapa oa shebella video e hlahang ho jw.org. Ha u rapela Jehova ebile u batla likarabo tsa lithapelo tsa hao ka Bibeleng le lingoloeng tse thehiloeng ho eona tseo a fanang ka tsona, u tla ba matla.
BAKRESTE-’MOHO LE UENA BA KA U MATLAFATSA
10. Bakreste-’moho le rona ba ka re matlafatsa joang?
10 Jehova a ka sebelisa Bakreste-’moho le rona ho re matlafatsa. Ba ka re ‘tšelisa haholo’ ha re hlahetsoe ke bothata bo itseng kapa re utloa ho le thata ho etsa mosebetsi oo re o fuoeng. (Bakol. 4:10, 11) Re hloka metsoalle haholo “linakong tsa mahlomola.” (Liprov. 17:17) Ha re se na matla, bana ba bo rona ba ka re fa lintho tseo re li hlokang, ba re tšelisa le ho re khothatsa e le hore re ’ne re sebeletse Jehova ka botšepehi. Hlokomela hore na Maria ’mè oa Jesu o ile a matlafatsoa ke batho ba bang joang.
11. Ke hobane’ng ha Maria a ne a hloka ho matlafatsoa?
11 Maria o ne a hloka ho matlafatsoa. U se u ka inahanela hore na o ne a imetsoe hakae kelellong ka mor’a hore lengeloi le bitsoang Gabariele le mo fe boikarabelo bo boima. O ne a tl’o ima empa a e-s’o nyaloe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e joang ho holisa ngoana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngoana eo hamorao e neng e tla ba Mesia. Hape kaha o ne a e-s’o ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ea neng a tl’o mo nyala hore o imme?—Luka 1:26-33.
12. Ho ea ka Luka 1:39-45, Maria o ile a etsa’ng e le hore a fumane matla ao a a hlokang?
12 Maria o ile a etsa’ng e le hore a fumane matla ao a a hlokang bakeng sa ho phetha boikarabelo bo sa tloaelehang le bo boima boo a neng a bo fuoe? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe litaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mor’a moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ea “motseng oa Juda e leng sebaka se lithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le eena. Leeto leo le ile la mo tsoela molemo. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetsoa ke moea oa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo khothatsang ka mora oa Maria ea e-s’o hlahe. (Bala Luka 1:39-45.) Maria o ile a re Jehova “o entse lintho tse kholo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebelisa Gabariele le Elizabetha.
13. Morali oa bo rona e mong oa Bolivia o ile a thuseha joang ka mor’a hore a kope thuso ho Bakreste-’moho le eena?
13 Le uena u ka matlafatsoa ke Bakreste-’moho le uena joaloka Maria. Morali oa bo rona Dasuri oa Bolivia le eena o ne a hloka ho matlafatsoa. Ntate oa hae o ile a tšoaroa ke lefu le sa foleng. Ha a ntse a le sepetlele, Morali oa bo rona Dasuri o ile a leka kahohle-hohle ho mo hlokomela. (1 Tim. 5:4) Ka linako tse ling o ne a imeloa. O re: “Ka makhetlo a mangata ke ne ke utloa hore kannete ha ke sa khona.” Qalong ha aa ka a kopa thuso hobane o re: “Ke ne ke sa batle ho khathatsa Bakreste-’moho le ’na. Ke ne ke itjoetsa hore ke Jehova ea tla nthusa. Empa hamorao ka hlokomela hore ha ke ikarola ho batho ba bang, ke ne ke leka ho itharollela mathata a ka ke le mong.” (Liprov. 18:1) Morali oa bo rona Dasuri o ile a etsa qeto ea ho ngolla e meng ea metsoalle ea hae le ho e hlalosetsa hore na o tšoere mathata a makae. O re: “Ke sitoa le ho hlalosa hore na bana beso bao ke ba ratang ba ile ba ’matlafatsa hakae. Ba ile ba tlisa lijo sepetlele le ho mpalla Mangolo a tšelisang. Ha ho na ntho e thabisang ho feta ho tseba hore ha re bang. Re karolo ea lelapa le leholo la Jehova ’me bana ba bo rona ba ikemiselitse ho re thusa, ho lla le rona le ho re khothatsa e le hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova.”
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela thuso e tsoang ho baholo?
14 Jehova o boetse o sebelisa baholo ho re fa matla. Baholo ke limpho tseo a li sebelisang ho re matlafatsa le ho re khatholla. (Esa. 32:1, 2) Kahoo, ha u utloa u tšoenyehile, bua le baholo ka lintho tse u tšoenyang. U se ke oa tsila-tsila ho amohela thuso eo ba u fang eona. Jehova a ka ba sebelisa ho u matlafatsa.
TŠEPO EO U NANG LE EONA KA BOKAMOSO E KA U MATLAFATSA
15. Ke tšepo efe eo Bakreste bohle ba nang le eona?
15 Litšepiso tse hlahang Bibeleng li ka re fa tšepo tsa ba tsa re fa matla. (Bar. 4:3, 18-20) Re na le tšepo ea ho fumana monyetla o ikhethang oa ho phela ka ho sa feleng, ebang re tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise kapa leholimong. Tšepo eo re nang le eona e re fa matla a ho mamella mathata, a ho bolella batho litaba tse monate le ho etsa mesebetsi e fapaneng eo re e fuoang ka phuthehong. (1 Bathes. 1:3) Moapostola Pauluse le eena o ile a matlafatsoa ke tšepo eo.
16. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a hloka ho matlafatsoa?
16 Pauluse o ne a hloka ho matlafatsoa. Lengolong leo a neng a le ngoletse Bakorinthe, o ile a re o tšoana le sejana sa letsopa se pshatlehang habonolo. O ne a “petelitsoe,” a “tsielehile,” a “hlorisoa” a bile a “imetsoe ke mathata.” Le bophelo ba hae bo ne bo le kotsing ka linako tse ling. (2 Bakor. 4:8-10) Pauluse o ile a ngola mantsoe ao nakong eo a neng a le leetong la hae la boraro la boromuoa. Ntho eo e ka ’nang eaba o ne a sa e tsebe ka nako eo ke hore mathata a hae a ne a le hole le ho fela. O ne a tla hlaseloa ke mokhopi o halefileng, a tšoaroe, a robeheloe ke sekepe a be a lahleloe teronkong.
17. Ho ea ka 2 Bakorinthe 4:16-18, ke’ng e ileng ea fa Pauluse matla a ho mamella mathata?
17 Ntho e ileng ea etsa hore Pauluse a be matla ke ho lula a nahana ka tšepo eo a nang le eona. (Bala 2 Bakorinthe 4:16-18.) O ile a bolella Bakorinthe hore leha ’mele oa hae o ntse o “senyeha,” o ne a ke ke a lumella seo hore se mo nyahamise. Pauluse o ile a lula a nahana ka bokamoso ba hae. Tšepo eo a neng a e-na le eona ea ho phela ka ho sa feleng leholimong e ne e le “moputso o moholo ka ho fetisisa” hoo a neng a ikemiselitse ho mamella mathata ’ohle hore a o fumane. Pauluse o ile a nahanisisa ka tšepo eo ’me e ile ea etsa hore a ikutloe a ‘nchafetse letsatsi le letsatsi.’
18. Tšepo eo Mor’abo rona Tihomir le lelapa la hae ba nang le eona ka bokamoso e ile ea ba matlafatsa joang?
18 Mor’abo rona Tihomir oa Bulgaria o ile a matlafatsoa ke tšepo eo a nang le eona ka bokamoso. Lilemo tse seng kae tse fetileng, ngoana oabo oa moshanyana e leng Zdravko o ile a hlokahalla kotsing ea koloi. Ka lebaka leo, Mor’abo rona Tihomir o ile a nka nako a utloile bohloko haholo. E le hore a mamelle, eena le ba lelapa la hae ba ile ba nahana ka hore na ho tla ba joang mohla bafu ba tsosoang. O re: “Re na le ho buisana ka hore na re tla kopana kae le Zdravko, re tla mo phehela eng, ke bo-mang ba tla mengoa phathing eo re tla mo etsetsa eona ha a se a tsositsoe le hore na re tla mo bolella’ng ka mehla ea bofelo.” Mor’abo rona Tihomir o re ho lula ba nahana ka tšepo eo ba nang le eona ho matlafatsa ba lelapa la hae e le hore ba lule ba mameletse le ho emela nako eo Jehova a tla tsosa ngoana oabo ka eona.
U nahana hore bophelo ba hao bo tla ba joang lefatšeng le lecha? (Sheba serapa sa 19)c
19. U ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta? (Sheba setšoantšo.)
19 U ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, bala litemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise ’me u nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha. Ipone u le moo. U bona bo-mang? U utloa melumo efe? U ikutloa joang? E le hore u khone ho ipona u le lefatšeng le lecha, sheba litšoantšo tse hlahang lingoloeng tsa rona tse bontšang Paradeise kapa u shebelle livideo tsa lipina tse kang Lefatšeng le Lecha, Ho Haufi Moo re Eang kapa Nahana ka Lefatše le Lecha. Haeba re lula re nahanisisa ka tšepo eo re nang le eona ea lefatše le lecha, mathata a rona e tla ba ‘a nakoana ’me a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tšepo eo Jehova a u fileng eona e tla u matlafatsa.
20. Leha re ka utloa re se na matla, re ka etsa’ng e le hore re be le ’ona?
20 Leha re ka ikutloa re se na matla, “Molimo o tla re fa matla.” (Pes. 108:13) Jehova o se a ntse a u file lintho tseo u li hlokang e le hore u fumane matla a tsoang ho eena. Kahoo, ha u hloka matla e le hore u etse mosebetsi o itseng, u mamelle mathata kapa u lule u thabile, rapela Jehova ho tsoa pelong ’me u ithute Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng e le hore u fumane tataiso ea hae. Amohela likhothatso tseo Bakreste-’moho le uena ba u fang tsona. Lula u nahanisisa ka tšepo eo u nang le eona ka bokamoso. Ha u etsa joalo, Molimo o tla u ‘matlafatsa ka matla a hae a maholo, e le hore u tle u mamelle lintho tsohle u tiiselitse ebile u thabile.’—Bakol. 1:11.
PINA EA 33 Lahlela Moroalo oa Hao ho Jehova
a Sehlooho sena se tla thusa batho ba utloang ba imetsoe ke mathata kapa ba fuoeng mosebetsi oo ba utloang eka ba ke ke ba o khona. Re tla ithuta hore na Jehova a ka re matlafatsa joang le hore na re ka etsa’ng e le hore a re thuse.
b Mabitso a mang a fetotsoe.
c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Morali oa bo rona ea sa utloeng litsebeng o nahanisisa ka litšepiso tse hlahang ka Bibeleng ebe o bapala video ea pina e le hore a nahane hore na bophelo ba hae bo tla ba joang lefatšeng le lecha.