Laboraro, la 3 September
Eaba Josefa . . . o etsa kamoo lengeloi la Jehova le neng le mo laetse kateng, a isa mosali oa hae lapeng.—Mat. 1:24.
Josefa o ne a mamela tataiso ea Jehova hang-hang ’me seo se ile sa etsa hore e be monna ea molemo. Liketsahalong tse tharo, o ile a fumana litaelo tse tsoang ho Molimo mabapi le lelapa la hae. O ile a mamela litaelo tseo hang-hang le ha ho ne ho se bonolo. (Mat. 1:20; 2:13-15, 19-21) Kaha Josefa o ne a mamela tataiso ea Molimo, o ile a khona ho sireletsa Maria, ho mo tšehetsa le ho mo hlokomela. Nahana feela hore na lintho tseo Josefa a ileng a li etsa li ile tsa etsa hore Maria a mo rate le ho mo hlompha hakae. Banna, le ka etsisa Josefa ka hore le batle likeletso tse tsoang ka Bibeleng e le hore le hlokomele malapa a lona. Ha u mamela likeletso tsena le haeba u tlameha ho etsa liphetoho, u tla be u bontša hore u rata mosali oa hao ebile le tla ratana le ho feta. Morali oa bo rona ea lulang Vanuatu ea seng a qetile lilemo tse 20 a nyetsoe o re: “Ha monna oa ka a batla tataiso ea Jehova a bile a e mamela, ke mo hlompha le ho feta. Ke ikutloa ke sireletsehile ebile ke tšepa liqeto tsa hae.” w23.05 21 ¶5
Labone, la 4 September
Ho tla ba le tsela e kholo e bitsoang Tsela ea Khalalelo.—Esa. 35:8.
Bajuda ba tsoang Babilona e ne e lokela ho ba “sechaba se halalelang” sa Molimo. (Deut. 7:6) Leha ho le joalo, taba ena e ne e sa bolele hore ba ne ba sa lokela ho etsa liphetoho e le hore ba thabise Jehova. Ho bonahala eka boholo ba Bajuda ba hlahetseng Babilona bo ne bo se bo tloaetse mekhoa ea Bababilona bo bile bo se bo nahana joaloka bona. Lilemo tse ngata ka mor’a hore Bajuda ba khutlele Iseraele, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ea Bajuda. (Deut. 6:6, 7; Neh. 13:23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova joang empa ba sa utloisise Seheberu e leng puo eo Lentsoe la Molimo le neng le ngotsoe ka eona? (Esdr. 10:3, 44) Kahoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa liphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba li etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapeloa ka tsela eo a e batlang.—Neh. 8:8, 9. w23.05 15 ¶6-7
Labohlano, la 5 September
Jehova o tšehetsa bohle ba oang ebile o phahamisa bohle ba imetsoeng.—Pes. 145:14.
Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang le hoja re ne re ikemiselitse ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. Ka mohlala, re ka hlaheloa ke “lintho ka tšohanyetso” tse ka re sitisang ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. (Moek. 9:11) Re ka hlaheloa ke mathata hoo re ka nyahamang ’me ra felloa ke matla. (Liprov. 24:10) Kaha re baetsalibe, re ka etsa liphoso tse ka etsang hore ho be thata ho finyella lintho tseo re batlang ho li etsa. (Bar. 7:23) Ka linako tse ling re ka ikutloa re khathetse. (Mat. 26:43) Re ka thusoa ke’ng ha re hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang? Ha ho etsahala ntho eo u sa e lebellang e u sitisang ho finyella seo u se rerileng, seo ha se bolele hore u hlolehile. Bibele e re re ka hlaheloa ke mathata hangata. Leha ho le joalo, e boetse e bontša hore Jehova a ka re thusa hore re finyelle lintho tseo re li rerileng. Ha u leka ho finyella seo u se rerileng le hoja ho le thata, u bontša Jehova hore u batla ho mo thabisa ’me o thaba haholo ha a bona u etsa joalo. w23.05 30 ¶14-15