Labone, la 4 September
Ho tla ba le tsela e kholo e bitsoang Tsela ea Khalalelo.—Esa. 35:8.
Bajuda ba tsoang Babilona e ne e lokela ho ba “sechaba se halalelang” sa Molimo. (Deut. 7:6) Leha ho le joalo, taba ena e ne e sa bolele hore ba ne ba sa lokela ho etsa liphetoho e le hore ba thabise Jehova. Ho bonahala eka boholo ba Bajuda ba hlahetseng Babilona bo ne bo se bo tloaetse mekhoa ea Bababilona bo bile bo se bo nahana joaloka bona. Lilemo tse ngata ka mor’a hore Bajuda ba khutlele Iseraele, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ea Bajuda. (Deut. 6:6, 7; Neh. 13:23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova joang empa ba sa utloisise Seheberu e leng puo eo Lentsoe la Molimo le neng le ngotsoe ka eona? (Esdr. 10:3, 44) Kahoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa liphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba li etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapeloa ka tsela eo a e batlang.—Neh. 8:8, 9. w23.05 15 ¶6-7
Labohlano, la 5 September
Jehova o tšehetsa bohle ba oang ebile o phahamisa bohle ba imetsoeng.—Pes. 145:14.
Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang le hoja re ne re ikemiselitse ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. Ka mohlala, re ka hlaheloa ke “lintho ka tšohanyetso” tse ka re sitisang ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. (Moek. 9:11) Re ka hlaheloa ke mathata hoo re ka nyahamang ’me ra felloa ke matla. (Liprov. 24:10) Kaha re baetsalibe, re ka etsa liphoso tse ka etsang hore ho be thata ho finyella lintho tseo re batlang ho li etsa. (Bar. 7:23) Ka linako tse ling re ka ikutloa re khathetse. (Mat. 26:43) Re ka thusoa ke’ng ha re hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang? Ha ho etsahala ntho eo u sa e lebellang e u sitisang ho finyella seo u se rerileng, seo ha se bolele hore u hlolehile. Bibele e re re ka hlaheloa ke mathata hangata. Leha ho le joalo, e boetse e bontša hore Jehova a ka re thusa hore re finyelle lintho tseo re li rerileng. Ha u leka ho finyella seo u se rerileng le hoja ho le thata, u bontša Jehova hore u batla ho mo thabisa ’me o thaba haholo ha a bona u etsa joalo. w23.05 30 ¶14-15
Moqebelo, la 6 September
Le behele mohlape mohlala.—1 Pet. 5:3.
Tšebeletso ea nako e tletseng. Bara ba bo rona ba bangata ba nang le tumelo e matla ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng e sa le bacha. Ho ba pula-maliboho ho thusa mor’abo rona e mocha hore a sebetse le batho ba fapaneng hantle. Ho boetse ho mo thusa hore a khone ho sebelisa chelete hantle. (Bafil. 4:11-13) Haeba mor’abo rona e mocha a batla ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, a ka qala pele ka hore e be pula-maliboho e thusang, ’me seo se ka mo thusa hore e be bo-pula-maliboho ea kamehla. Ho ba pula-maliboho ho ka u bulela menyetla e meng ea tšebeletso joaloka ho sebeletsa kahong kapa Bethele. Bara ba bo rona ba lokela ho leka ho etsa hore ba tšoanelehe hore e be baholo. Bibele e re bara ba bo rona ba batlang ho ba baholo ba “lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Pele mor’abo rona o lokela ho sebetsa ka thata hore e be mohlanka ea sebeletsang. Bahlanka ba sebeletsang ba thusa baholo ka litsela tse ngata. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba hlokomela phutheho ebile ba chesehela ho bolela litaba tse monate. w23.12 28 ¶14-16