Labohlano, la 5 September
Jehova o tšehetsa bohle ba oang ebile o phahamisa bohle ba imetsoeng.—Pes. 145:14.
Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang le hoja re ne re ikemiselitse ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. Ka mohlala, re ka hlaheloa ke “lintho ka tšohanyetso” tse ka re sitisang ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. (Moek. 9:11) Re ka hlaheloa ke mathata hoo re ka nyahamang ’me ra felloa ke matla. (Liprov. 24:10) Kaha re baetsalibe, re ka etsa liphoso tse ka etsang hore ho be thata ho finyella lintho tseo re batlang ho li etsa. (Bar. 7:23) Ka linako tse ling re ka ikutloa re khathetse. (Mat. 26:43) Re ka thusoa ke’ng ha re hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang? Ha ho etsahala ntho eo u sa e lebellang e u sitisang ho finyella seo u se rerileng, seo ha se bolele hore u hlolehile. Bibele e re re ka hlaheloa ke mathata hangata. Leha ho le joalo, e boetse e bontša hore Jehova a ka re thusa hore re finyelle lintho tseo re li rerileng. Ha u leka ho finyella seo u se rerileng le hoja ho le thata, u bontša Jehova hore u batla ho mo thabisa ’me o thaba haholo ha a bona u etsa joalo. w23.05 30 ¶14-15
Moqebelo, la 6 September
Le behele mohlape mohlala.—1 Pet. 5:3.
Tšebeletso ea nako e tletseng. Bara ba bo rona ba bangata ba nang le tumelo e matla ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng e sa le bacha. Ho ba pula-maliboho ho thusa mor’abo rona e mocha hore a sebetse le batho ba fapaneng hantle. Ho boetse ho mo thusa hore a khone ho sebelisa chelete hantle. (Bafil. 4:11-13) Haeba mor’abo rona e mocha a batla ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, a ka qala pele ka hore e be pula-maliboho e thusang, ’me seo se ka mo thusa hore e be bo-pula-maliboho ea kamehla. Ho ba pula-maliboho ho ka u bulela menyetla e meng ea tšebeletso joaloka ho sebeletsa kahong kapa Bethele. Bara ba bo rona ba lokela ho leka ho etsa hore ba tšoanelehe hore e be baholo. Bibele e re bara ba bo rona ba batlang ho ba baholo ba “lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Pele mor’abo rona o lokela ho sebetsa ka thata hore e be mohlanka ea sebeletsang. Bahlanka ba sebeletsang ba thusa baholo ka litsela tse ngata. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba hlokomela phutheho ebile ba chesehela ho bolela litaba tse monate. w23.12 28 ¶14-16
Sontaha, la 7 September
Ha . . . e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.—2 Likron. 34:3.
Ha Morena Josiase e sa le moshanyana, o ile a qala ho sebeletsa Jehova. O ne a batla ho ithuta ka Jehova le ho etsa thato ea hae. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo. O ile a tlameha ho emela borapeli bo hloekileng nakong eo borapeli ba bohata bo neng bo atile. O ile a fela a etsa joalo. Pele Josiase a ka ba lilemo li 20, o ile a qala ho felisa borapeli ba bohata naheng eohle. (2 Likron. 34:1, 2) U ka etsisa Josiase ka ho sebeletsa Jehova le ho ithuta ho ananela makhabane a hae le haeba u le monyenyane haholo. Ha u etsa joalo, u tla batla ho inehela ho Jehova. Boinehelo boo bo tla ama bophelo ba hao joang letsatsi le letsatsi? Luke ea kolobelitsoeng ha a le lilemo li 14 o re: “Ho tloha hona joale ho ea pele, ke tla etsa hore ho sebeletsa Jehova le ho mo thabisa e be eona ntho e tlang pele bophelong ba ka.” (Mar. 12:30) E tla ba tlhohonolofatso e kaakang haeba le uena u ikemiselitse ho etsa ntho e tšoanang! w23.09 11 ¶12-13