Phela ka Tsela e Bonolo le e Itekanetseng
HO PHELA ka tsela e bonolo le e itekanetseng ho putsa e le ka ’nete. Empa seo se akarelletsa eng? Ntlha ea pele, u ka ’na ua lokela ho nahana ka lintho tse tlang pele bophelong ba hao. U ka etsa see joang?
Ipotse: ‘Ke finyeletse eng ho fihlela joale? Ke sa lokela ho finyella eng?’ Thathamisa lintho tse ka sehloohong tseo u batlang ho li finyella:
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
Batho ba bangata kajeno ba shebela lintho haufinyane, ba nahana haholo ka lintho tse bonahalang. Ha e le hantle, ba re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Ba lumela hore sohle seo motho a ka se finyellang bophelong ke ho sebetsa e le hore a fumane chelete e eketsehileng ea ho reka lintho. Empa Bibele ha e lumellane le maikutlo ana.
Papisong e ’ngoe ea hae, Jesu o ile a bua ka monna e mong ea ileng a bokella lintho tse ngata, empa a shoa le pele a li sebelisa. “Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.” (Luka 12:16-21) Na monna eo o ne a fositse ha a itšebeletsa ka thata? Che. Bothata ke hore o ne a amehile haholo ka lintho tse bonahalang. O ne a sa kenya Molimo mererong ea hae. Kahoo, leruo lohle la hae—e leng sohle seo a neng a se sebelelitse—le ne le ke ke la mo ruisa molemo qetellong. E bile ho utloisang bohloko hakaakang!—Moeklesia 2:17-21; Matheu 16:26.
Ka lehlakoreng le leng, Jesu o re khothalletsa hore re sebeletse moputso oa ka ho sa feleng. O re: “Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang, empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng.” (Johanne 6:27) Pejana o ne a ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Oo ke moputso o hlollang hakaakang!
Kamoo U ka Hlōlang Matšoenyeho Kateng?
Jesu o ile a lumela hore batho ba tloaetse ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang. Ke kahoo a ileng a phehella barutuoa ba hae, a re: “Khaotsang ho batla seo le ka se jang le seo le ka se noang, ’me le khaotse ho tšoenngoa ke lipelaelo; etsoe tsena tsohle ke lintho tseo lichaba tsa lefatše li li phehellang ka tabatabelo, empa Ntat’a lōna oa tseba hore le hloka lintho tsena. Leha ho le joalo, le batle ’muso oa hae le sa khaotse, ’me lintho tsena le tla li ekeletsoa.”—Luka 12:29-31.
Mantsoe ao a khothatsang a susumelelitse Bakreste ba bangata hore ba nolofatse tsela eo ba phelang ka eona. Juliet ea lulang Malaysia, o re: “Mosebetsi oa ka o ne o ntšiea ke khathetse ke bile ke ferekane. Kahoo ’na le monna oa ka re ile ra rapela Jehova hore a re thuse ho nolofatsa tsela eo re phelang ka eona. O ile a re araba ka potlako. Le pele ho feta khoeli, ke ile ka fumana mosebetsi oa nakoana oa ho ruta bana ba holofetseng.” Steve ea etsang mosebetsi oa ho rulela Australia, o ile a fetola tsela eo a sebetsang ka eona e le hore a qete nako e eketsehileng a e-na le ba lelapa la hae, ba etsa lintho tsa moea. Mosali oa hae, e leng Maureen o re: “Hona joale o thabile haholoanyane, ’me le rōna re thabile. Bana ba rata ha ho le joalo! Le ’na ke rata seo! Haeba u nolofatsa lintho, lelapa lohle lea atleha.”
Empa haeba u feletsoe ke mosebetsi ’me u le mothating oa ho lahleheloa ke ntlo, u lokela ho ba le tumelo e matla hore u latele keletso ea Jesu. Leha ho le joalo, haeba u etelletsa lintho tsa moea pele ’me u tšepa Molimo, le uena u ka phela ka tsela e bonolo, e itekanetseng. Ho etsa seo ho tla u thusa hore u finyelle “bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka, moo mosebetsi oohle e tlang ho ba o thabisang ’me ho se nang ea tlang ho sebeletsa lefeela.—1 Timothea 6:17-19; Esaia 65:21-23.
Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka ‘bophelo boo ba sebele,’ boo Bibele e bo tšepisang? Haeba ho joalo, iteanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno, kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
Lefatšeng le lecha la Molimo, mosebetsi oohle e tla ba o thabisang le o putsang
[Lebokose le leqepheng la 8]
NA U KA IKETSETSA MOSEBETSI KA NTLE HO LAPENG?
Litlhahiso tse ling tse ka thusang batho likarolong tse ling tsa lefatše ke tsena, nakong eo ho leng thata ho fumana mosebetsi:
● Ho sala le matlo (ha batho ba tsamaile ka mosebetsi kapa ba ile phomolong ’me ba batla motho ea tla sala a lebetse ntlo ea bona)
● Ho hloekisa: mabenkele; liofisi; mahae le lifolete ka mor’a hore li hahuoe, ka mor’a hore ho che, ka mor’a hore batho ba falle; mosebetsi oa lapeng (mahaeng a batho ba bang); lifensetere (tsa mabenkele le tsa malapeng)
● Ho lokisa: libaesekele; lisebelisoa tsa mefuta eohle (lilaebrari li na le libuka tseo ho leng bonolo ho li utloisisa mabapi le ho lokisa)
● Ho etsa mosebetsi oa matsoho malapeng: ho lokisa mabota a matlo; ho kenya lik’habote, mamati, ho etsa liforanta; liheke; ho penta; ho kenya terata; ho rulela
● Ho etsa mosebetsi oa temo: ho lema, ho kha litholoana, ho kotula
● Ho lokisa jarete le ho hlokomela limela: liofising, libankeng, litsing tsa mabenkele le liphasejeng, libakeng tsa kamohelo ea baeti
● Ho hlokomela thepa: ho hloekisa mehaho le ho e hlokomela (ka linako tse ling ho akarelletsa ho fuoa sebaka sa bolulo seo u sa se lefelleng)
● Ho kenya k’hapete le fuluru ea mapolanka, ho e hloekisa
● Ho tsamaisa likoranta le lintho tse ling (batho ba baholo le bana): lipampiri tsa papatso, mangolo a ’masepala
● Ho tsamaisa thepa le ho e boloka
● Ho lokisa mabala, ho faola lifate, ho kuta joang, ho ratha patsi
● Ho khanna bese ea sekolo
● Ho nka lifoto (tsa batho ka bo-mong le meketeng ea sechaba)
● Ho etsetsa batšoasi ba litlhapi maraba a ho cheha
● Ho fapanyetsana mosebetsi: ho lokisetsa motho e mong koloi e le hore a u etsetse mosebetsi oa motlakase, ho mo rōkela e le hore a u etsetse mosebetsi oa lipompo
Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Tsoha! ea March 8, 1996, leqepheng la 3-11.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
LINTHO TSEO U KA LI ETSANG U SEBELETSA LAPENG
Ithute lintho tse hlokahalang tikolohong ea heno. Botsa baahelani. Leka ho iqapela lintho.
● Ho sala le bana le ho ba hlokomela
● Ho rekisa meroho kapa lipalesa tse lenngoeng hae; ho rekisa juse
● Ho rōka le ho lokisa liphahlo
● Ho etsetsa bahlahisi lintho tse itseng
● Ho baka le ho pheha
● Ho etsa masela a koahelang bethe, ho loha ka koroche le ka mamao; ho etsa lileise, ho etsa lintho tsa letsopa; le mesebetsi e meng ea matsoho
● Ho koahela litulo ka masela
● Ho bolokela batho libuka, ho thaepa, ho fana ka litšebeletso tsa k’homphieutha tsa lapeng
● Ho arabella batho lifono
● Ho kuta le ho lokisa moriri
● Ho hirisa likamore tse ling
● Ho ngola liaterese lienfelopong le ho li faela bakeng sa baphatlalatsi
● Ho hlatsoa likoloi le ho li bentša (batho ba tlise likoloi lapeng ha hao)
● Ho hlokomela liphoofolo tsa lapeng le ho li koetlisa
● Ho lokisa liloko le ho etsa linotlolo (u sebeletsa lapeng)
Tlhokomeliso: Boholo ba mesebetsi ena e boletsoeng ka holimo e ka phatlalatsoa ntle ho tefo kapa ka tefello e tlaase likoranteng tsa mabenkele tse tsoang ka mafelo-beke kapa mamatjaneng a litsebiso a lisuphamakete.