Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/13 maq. 14-15
  • Mafutsana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mafutsana
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o tsotella mafutsana?
  • Ke eng seo motho ea futsanehileng a ka se etsang ho ntlafatsa boemo ba hae?
  • Na ho na le bopaki bo bontšang hore bohlale bo tsoang ka Bibeleng bo thusa mafutsana?
  • Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?
    Tsoha!—2007
  • Etsa ho Fetang ho re: “Le Futhumale, le Khore”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Latela Mohlala oa Jesu ’me U Amehe ka Mafutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 2/13 maq. 14-15

PONO EA BIBELE

Mafutsana

Na Molimo o tsotella mafutsana?

“Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete . . . Etsoe [Molimo] o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’”—Baheberu 13:5.

KAMOO MOLIMO A BONTŠANG KATENG HORE OA TSOTELLA

Ha morapeli oa Jehova Molimo a thulana le mathata, Molimo a ka ’na a mo hlokomela ka litsela tse sa tšoaneng. E ’ngoe ea litsela tseo ke tšehetso e lerato e tsoang ho Bakreste-’moho le eena.a Jakobo 1:27 e re: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.”

Bakreste ba pele ba ne ba thusana. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho boletsoe esale pele hore ho tla ba le tlala e khōlō naheng ea Judea, Bakreste ba tsoang motseng oa Antioke, Syria, ba ile ba ikemisetsa ‘ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo bona ba lulang Judea.’ (Liketso 11:28-30) Ka hona, Bakreste-’moho le bona ba futsanehileng ba ile ba fumana thuso eo ba neng ba e hloka. Ho fana hona ho neng ho etsoa ka ho rata ho ile ha bontša lerato la Bokreste.—1 Johanne 3:18.

Ke eng seo motho ea futsanehileng a ka se etsang ho ntlafatsa boemo ba hae?

“’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”—Esaia 48:17, 18.

MOLIMO O RE FA TATAISO E RE TSOELANG MOLEMO

Joalokaha batho ba limilione ba hlokometse, bohlale bo fumanoang ka Bibeleng boa sebetsa ebile bo ke ke ba lekanngoa. Liproverbia 2:6, 7 e re: “Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho. O tla bolokela ba lokileng bohlale bo sebetsang.” Ha batho ba batla bohlale bona le ho bo sebelisa ba itsoela molemo.

Ka mohlala, ba qoba litloaelo tse kotsi le tse senyang chelete tse kang ho sebelisa lithethefatsi le ho tahoa. (2 Bakorinthe 7:1) Ba boetse baa tšepahala, ba sebetsa ka thata ebile ba na le boikarabelo, e leng se ba thusang ho boloka mesebetsi ea bona le ho etsa hore e be ba bohlokoa ho bahiri ba bona. Baefese 4:28 e re: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata . . . e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.”

Na ho na le bopaki bo bontšang hore bohlale bo tsoang ka Bibeleng bo thusa mafutsana?

“Bohlale [ba Molimo] bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.”—Matheu 11:19.

BATHO BA BONENG BONNETE BA SENA

Mosebetsi oa nakoana oa Wilson ea lulang Ghana, o ne o le haufi le ho fela. Ka letsatsi la hae la ho qetela a le mosebetsing, ha a ntse a hlatsoa koloi ea mookameli oa hae, o ile a fumana chelete ka buting. E mong oa basebetsi-’moho le eena o ile a re a inkele chelete eo. Empa Wilson, eo e leng Paki ea Jehova o ile a hana ho utsoa. Ho e-na le hoo, o ile a khutlisetsa chelete eo ho mong’a eona. Wilson ha aa ka a felloa ke mosebetsi, ho fapana le hoo o ile a fumana mosebetsi oa nako eohle ’me hamorao a nyolloa mosebetsing.

Géraldine oa Europe, o ile a felloa ke mosebetsi hobane mohiri oa hae a ne a sa rate Lipaki Tsa Jehova. ’Mè oa mohiri eo o ile a bolella morali oa hae hore o entse phoso e khōlō. O ile a re, “Haeba u batla mosebetsi ea tšepahalang le ea sebetsang ka thata, u tla mo fumana ho Lipaki Tsa Jehova.” Morali oa hae o ile a batlisisa ka Lipaki ’me Géraldine a khutlisetsoa mosebetsing.

Ha Sarah, eo e leng motsoali ea se nang molekane oa Afrika Boroa a ne a thulana le mathata, o ile a hlokomela kamoo Bakreste ba nang le lerato kateng ha litho tsa phutheho ea habo li mo fa lijo le ho mo thusa ka lipalangoang. Hamorao bana ba hae ba ile ba re, “Re na le batsoali ba bangata ka phuthehong.”

Ho ka phetoa mehlala e mengata e tšoanang le ena. Mehlala ena e re hopotsa mantsoe a Liproverbia 1:33, a reng: “Ha e le ea ’mamelang [Jehova], o tla lula a sireletsehile.” Ruri sena ke ’nete!

a Linaheng tse ling ’muso o fana ka thuso ea lichelete ho batho ba futsanehileng. Libakeng tseo ho se nang thuso e joalo, boikarabelo ba ho thusa motho ea hlokang e ba ba beng ka eena.—1 Timothea 5:3, 4, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela