Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 5 leq. 18-leq. 19 ser. 5
  • Areka ea Noe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Areka ea Noe
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Noe o Haha Areka
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Nakong ea Moroallo o Moholo—Ke Bo-mang ba Ileng ba Mamela? Ke Bo-mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 5 leq. 18-leq. 19 ser. 5
Noe le lelapa la hae ba haha areka

THUTO EA 5

Areka ea Noe

Ha nako e ntse e ea, batho ba ile ba ata lefatšeng. Bongata ba bona ba ne ba etsa lintho tse mpe. Le mangeloi a mang a ile a etsa lintho tse mpe. A ile a tloha leholimong moo a lulang teng eaba a tla lefatšeng. Na oa tseba hore ke hobane’ng ha a ile a tloha leholimong? A ne a batla ho iphetola batho e le hore a nyale basali.

Mangeloi ao a ile a nyala ’me a ba le bana. Bana bao ba ile ba hola, ea e-ba linatla ’me ba ne ba hlorisa batho. Jehova o ne a sa batle hore boemo bona bo tsoele pele. Kahoo, a etsa qeto ea ho felisa batho ba khopo ka moroallo.

Noe le lelapa la hae ba haha areka le ho etsa lijo

Empa ho ne ho e-na le monna e mong ea lokileng. O ne a rata Jehova. Lebitso la hae e ne e le Noe. O ne a e-na le mosali le bara ba bararo e leng Sema, Kama le Jafeta. Bara ba hae le bona ba ne ba e-na le basali. Jehova o ile a re Noe a hahe areka e le hore eena le ba lelapa la hae ba pholohe Moroallo. Areka ke lebokose le leholo le phaphamalang ka holim’a metsi. Jehova o ile a re Noe a kenye le liphoofolo tse ngata ka arekeng e le hore le tsona li pholohe.

Hang-hang Noe o ile a qala ho haha areka. Eena le ba lelapa la hae ba nkile lilemo tse ka bang 50 ba ntse ba e haha. Ba ile ba e haha hantle feela joalokaha Jehova a ba laetse. Ka nako eo, Noe o ne a ntse a bolella batho hore Moroallo oa tla empa ha baa ka ba mo mamela.

Nako ea ho kena arekeng e ile ea fihla. Khaolong e latelang, re tl’o utloa hore na ho ile ha etsahala’ng.

“Ha Mor’a motho a e-ba teng, ho tla tšoana le mehleng ea Noe.”—Matheu 24:37

Lipotso: Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tlisa Moroallo? Jehova o ile a re Noe a etse’ng?

Genese 6:1-22; Matheu 24:37-41; 2 Petrose 2:5; Juda 6

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela