Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwfq sehlooho 12
  • Mosebetsi oa Lōna o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi oa Lōna o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
  • Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa ea ho ntša monehelo
  • “Mpho Bakeng sa Jehova”
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Bontša Hore U Ananela ho Fana ha Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Re ka fa Jehova Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ke Lokela ho Nehela Bokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
ijwfq sehlooho 12
’Mè o tšela chelete lebokoseng la monehelo.

Mosebetsi oa Lōna o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Mosebetsi oa rona oa lefatše lohle o tšehetsoa ka monehelo oa baithaopi bao e leng Lipaki Tsa Jehova.a Liholong tsa rona tsa Lipaki Tsa Jehova ho na le mabokose a monehelo ao batho ba ka ithaopelang ho ntša monehelo ka ho ona, hape hona le litsela tse ling tsa ho nehela tse hlahang websaeteng ea rona ea monehelo. Motho e mong le e mong o iketsetsa qeto ea hore na o batla ho ntša monehelo bakeng sa litšenyehelo tsa phutheho kapa monehelo bakeng sa mosebetsi oa rona oa lefatše lohle kapa oa tsona li le peli.

Ha hoa lebelloa hore Lipaki Tsa Jehova li ntše karolo ea leshome kapa li bolelloe hore na li lokela ho ntša chelete e kae mokholong oa tsona. (2 Bakorinthe 9:7) Ha re nke koleke kapa chelete ea ho kena liholong tsa Lipaki Tsa Jehova, kapa hona hore baholo ba phutheho ba batle chelete ea kolobetso, mafu, manyalo kapa litšebeletso tse ling tsa bolumeli. Ha re etse chelete ka ho pheha, ho bula mabenkele, ho bapala lipapali tsa bingo, boithabiso, ho pheha lijo tsa motšehare, ho rekisa lirafole, kapa liketsahalo tse tšoanang le tseo le ho kopa menehelo. Ba ntšang monehelo ha ba boleloe ka mabitso. (Matheu 6:2-4) Websaete le lingoloa tsa rona ha li na lipapatso.

Liphuthehong ho fanoa ka tlaleho ea lichelete khoeli le khoeli e le hore phutheho e tsebe. Tlaleho ea lichelete e shejoa nako le nako phuthehong ka ’ngoe ho bona hore na menehelo e ntse e sebelisoa hantle kapa joang.—2 Bakorinthe 8:20, 21.

Mekhoa ea ho ntša monehelo

  • Lebokose la monehelo: O ka tšela monehelo oa chelete kapa cheke mabokoseng a monehelo Liholong tsa Lipaki Tsa Jehova, Liholong Tsa Kopano kapa libakeng tse ling tseo re kopanelang ho tsona.

  • Ho fana ka monehelo ka Inthanete: Linaheng tse ngata o ka sebelisa websaete ea rona “Donate to Jehovah’s Witnesses” ho ntša monehelo o sebelisa credit cards, debit cards, bank transfers kapa mekhoa e meng ea elektronike.b Lipaki tse ling li khetha ho ‘behella ka thoko’ chelete ea monehelo o tla huloa khoeli le khoeli ba sebelisa e ’ngoe ea litsela tsena.—1 Bakorinthe 16:2.

    Ntate o shebile websaete ea Monehelo ea Lipaki Tsa Jehova ho jw.org.
  • Menehelo e reroang esale pele: Mekhoa e meng ea ho nehela e hloka ho reroa esale pele kapa e hloka keletso e tsoang molaong. Ho etsa joalo ho ka etsa hore o fumane melemo ea lekhetho ea sebakeng sa heno. Batho ba bangata ba fumane melemo ka hore ba tsebisoe hore ba tla etsetsoa lintho tse itseng hona joale ha ba ntse ba phela kapa ba tla thusoa ka lintho tse itseng ha ba ka hlokahala. Re kopa u bue le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova haeba u batla ho tseba haholoanyane ka ho fana ka monehelo o sebelisa lintho tse latelang:

    • liakhaonte tsa banka

    • inshorense

    • setša se nang le mohaho

    • listock le libond

    • mangolo a kabo ea lefa le matlole

Ho fumana tlhahiso leseling mabapi le hore na ke mekhoa efe ea ho nehela e sebelisoang sebakeng sa heno sheba karolo ea “Donate to Jehovah’s Witnesses.”

a Batho ba bang bao eseng Lipaki le bona ba thabela ho fana ka monehelo bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa rona..

b Shebella video ea Litsela Tsa ho Fana ka Monehelo Inthaneteng bakeng sa ho ithuta haholoanyane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela