Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 12/15 maq. 15-16
  • Bontša Hore U Ananela ho Fana ha Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Hore U Ananela ho Fana ha Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MPHO E KHŌLŌ KA HO FETISISA EO A FANENG KA EONA
  • “Mosebetsi o Moholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Mosebetsi oa Lōna o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 12/15 maq. 15-16
Mosali o sebelisa mochine oa banka

Bontša Hore U Ananela ho Fana ha Jehova

JEHOVA ke Molimo ea seatla se bulehileng. (Jakobo 1:17) Re bona sena ha re sheba lintho tsohle tseo a li bōpileng. O entse sepakapaka se e-na le linaleli tse ngata, ’me a koahela lefatše ka limela tse ntle.—Pesaleme ea 65:12, 13; 147:7, 8; 148:3, 4.

Mongoli oa Pesaleme ea 104 o ne a ananela lintho tsohle tseo Jehova a li bōpileng, hoo a ileng a mo rorisa ka pina. Ha u bala pesaleme eo, na u ananela pōpo ea Jehova joaloka mopesaleme? O ile a re: “Ke tla binela Jehova bophelong bohle ba ka; ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.” (Pesaleme ea 104:33) Na le uena u batla ho etsa se tšoanang?

MPHO E KHŌLŌ KA HO FETISISA EO A FANENG KA EONA

Jehova o batla hore re fane ka seatla se bulehileng joaloka eena. ’Me o re fa mabaka a utloahalang a ho etsa joalo. O ile a bululela moapostola Pauluse hore a ngole a re: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele; hore ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana, ba ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:17-19.

Lengolong la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore na re lokela ho ba le sepheo sefe ha re fa ba bang. O ile a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Ke mang ea ruang molemo ha re fana ka seatla se bulehileng? Pauluse o ile a re re thusa ba bang ha re ba fa seo ba se hlokang, empa le rōna re rua molemo ha re etsa joalo hobane Jehova o tla re hlohonolofatsa.—2 Bakorinthe 9:11-14.

Ka mor’a moo, Pauluse o ile a bua ka mpho e khōlō ka ho fetisisa e bontšang hore Molimo o fana ka seatla se bulehileng, ha a re: “Ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.” (2 Bakorinthe 9:15) ‘Mpho e sa lefelloeng’ eo Jehova a faneng ka eona e akarelletsa lintho tsohle tse molemo tseo a re fang tsona ka Jesu Kreste. Mpho ena ke ea bohlokoa hoo re haelloang ke mantsoe a ho e hlalosa.

Re ka bontša joang hore re ananela sohle seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona le seo ba tla re etsetsa sona? Tsela e ’ngoe ke ka ho fana ka nako, matla le thepa ea rōna ka seatla se bulehileng borapeling ba Jehova le ho thusa ba bang hore ba ithute ka eena. Re ka etsa sena ebang re na le ho hongata kapa ho seng hokae.—1 Likronike 22:14; 29:3-5; Luka 21:1-4.

Kamoo Ba Bang Ba Khethang Ho Nehela Kateng Bakeng Sa Mosebetsi Oa Lefatše Lohle

Joaloka Bakreste ba mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bangata kajeno ba behella ka thōko chelete eo ba tla e tšela lebokoseng la monehelo la phutheho bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. (1 Bakorinthe 16:2) Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova eo li sebeletsang tlas’a eona. U ka boela ua romela monehelo ka ho toba mokhatlong o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno. E le hore u fumane lebitso la mokhatlo oo, ka kōpo kena ho www.pr418.com/st ’me u ikopanye le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa heno. U ka fana ka monehelo ka litsela tse latelang:

MONEHELO O TOBILENG

  • U ka etsa monehelo ka bank transfer, ka debit card, kapa ka credit card. Makaleng a mang, motho a ka khona ho etsa sena a sebelisa jw.org kapa websaete e ’ngoe e reretsoeng seo.

  • U ka fana ka chelete, mabenyane kapa thepa e ’ngoe ea bohlokoa. U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete kapa thepa eo ke monehelo o tobileng.

MONEHELO O NANG LE LIPEHELO

  • U ka fana ka chelete ’me ua bolela hore u kōpa e khutlisoe ha u e hloka.

  • U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete eo e na le lipehelo.

LITSELA TSE LING TSEO U KA NEHELANG KA TSONA

Ka tlaase mona ho thathamisitsoe litsela tse ling tseo u ka nehelang ka tsona ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle. Pele u ntša monehelo ka kōpo ikopanye le ofisi ea lekala e tsamaisang mosebetsi naheng ea heno e le hore u tsebe hore na ke litsela life tse sebetsang. Kaha melao ea naha le ea lekhetho ha e tšoane, ke habohlokoa hore u buisane le motho ea tsebang molao pele u ntša monehelo.

Inshorense: Haeba u e-na le chelete eo inshorense e tla e lefa ha u hlokahala kapa ha u tlohela mosebetsi, kapa u ea pensheneng, u ka ntša monehelo ka eona ka hore u ngole mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova e le oona o lokelang ho e fuoa.

Liak’haonte Tsa Banka: Ho itšetlehile ka melao ea libanka ea sebakeng sa heno, u ka bula ak’haonte ea banka, kapa ua etsa certificate of deposit, kapa ua etsa hore chelete eo u tla e fuoa ha u tlohela mosebetsi e oele mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha u hlokahala.

Li-stock le Li-bond: U ka ’na ua fa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova li-stock le li-bond. U ka boela ua ngola hore li fetisetsoe ho mokhatlo oo ha u hlokahala.

Setša se Nang le Mohaho: Haeba u e-na le setša se nang le mohaho se ka rekisoang, u ka etsa monehelo ka sona mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Haeba u ntse u lula ho sona u ka lokisetsa hore mokhatlo o tle o se nke ha u se u hlokahetse.

Mangolo a Kabo ea Lefa le Matlōle: U ka lokisetsa hore thepa ea hao kapa chelete e fuoe mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha u hlokahala. U ka etsa sena ka ho ngola lengolo la kabo ea lefa ’me ua bontša hore mokhatlo ke oona mojalefa. Tokisetso ena e ka ’na ea u tsoela molemo ha ho tluoa litabeng tsa lekhetho.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, ikopanye le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela