Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w17 November maq. 18-19
  • “Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mosebetsi o Moholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Botlallo ba Bona bo Koala Khaello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
w17 November maq. 18-19
Anna o isa Samuele tabernakeleng

“Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”

MAHLABELO e bile karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete ka lilemo tse ngata. Baiseraele ba ’nile ba etsa mahlabelo ka liphoofolo ’me Bakreste esale ba tsejoa ka ho etsetsa Molimo “sehlabelo sa thoriso.” Leha ho le joalo, ho na le mahlabelo a mang a thabisang Molimo. (Baheb. 13:15, 16) Mahlabelo ana a tlisa thabo le tlhohonolofatso joalokaha mehlala e latelang e bontša.

Mohlanka e mong oa Jehova e leng Anna o ne a batla mora empa a sa khone ho ba le bana. O ile a kopa Jehova ’me a hlapanya hore ha a ka a ba le ngoan’a moshanyana o ne a “tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.” (1 Sam. 1:10, 11) Hamorao, Anna o ile a ima ’me a ba le mora eaba o mo reha Samuele. Ka mor’a hore Samuele a khoe, Anna o ile a mo isa tabernakeleng joalokaha a ne a tšepisitse. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka lebaka la boitelo ba hae. Anna o ile a ba le bana ba bang ba bahlano ’me Samuele ea e-ba moprofeta le mongoli oa Bibele.—1 Sam. 2:21.

Joaloka Anna le Samuele, mehleng ena Bakreste ba na le tokelo ea ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba bona. Hape Jesu o ile a re tšepisa hore re tla fumana litlhohonolofatso ka lebaka la mahlabelo ao re a etsetsang Jehova.—Mar. 10:28-30.

Lekholong la pele la lilemo, mosali oa Mokreste eo lebitso la hae e leng Dorkase o ne a tsebahala ka “liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” Ka masoabi Dorkase o ile a “kula a ba a shoa” ’me phutheho e ile ea sareloa ka lebaka la seo. Ha baapostola ba utloa hore Petrose o teng sebakeng seo, ba ile ba mo kopa hore a tle hang-hang. Ak’u nahane feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a tsosa Dorkase. E ne e le tlaleho ea pele ka Bibeleng ea motho ea tsositsoeng ke moapostola. (Lik. 9:36-41) Molimo o ne a sa lebala mahlabelo a Dorkase. (Baheb. 6:10) Tlaleho ea hae ea ho fana e bolokiloe ka lentsoeng la Molimo e le mohlala o motle oo re ka o etsisang.

Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse ke mohlala o motle oa motho ea ileng a fa batho ba bang nako ea hae. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Korinthe a re: “Ka nyakallo e khōlō ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng bakeng sa meea ea lōna.” (2 Bakor. 12:15) Ka lebaka la boiphihlelo, Pauluse o ile a ithuta hore ho itella ba bang ho ka re khotsofatsa bophelong, hape Jehova o tla re hlohonolofatsa ’me re be le kamano e ntle le eena.—Lik. 20:24, 35.

Ho hlakile hore Jehova oa thaba ha re sebelisa nako le matla a rona ho mo sebeletsa le ho thusa Bakreste-’moho le rona. Empa na ho na le litsela tse ling tseo re ka tšehetsang mosebetsi oa boboleli ka tsona? E, li teng. Re ka boela ra ntša menehelo. Menehelo ea rona e thusa baromuoa le bara le barali babo rona ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ’me e boetse e thusa ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli. Hape e sebelisetsoa ho thusa batho ba hlahetsoeng ke likoluoa, ho fetolela lingoliloeng tsa rona le livideo le ho haha Liholo Tsa ’Muso. Re kholisehile hore “ea leihlo le mosa o tla hlohonolofatsoa.” Hape, haeba re fa Jehova lintho tsa rona tsa bohlokoa, rea mo hlompha.—Liprov. 3:9; 22:9.

Kamoo Ba Bang Ba Khethang Ho Nehela Kateng Bakeng Sa Mosebetsi Oa Lefatše Lohle

Joaloka Bakreste ba mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bangata ba behella ka thoko chelete eo ba tla e tšela lebokoseng la monehelo la phutheho bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. (1 Bakor. 16:2) Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova eo li sebeletsang tlas’a eona. U ka boela oa romela monehelo ka ho toba mokhatlong o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno. E le hore u fumane lebitso la mokhatlo oo, ka kopo kena ho www.jw.org/st ’me u ikopanye le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa heno. U ka fana ka monehelo ka litsela tse latelang:

MONEHELO O TOBILENG

  • U ka ntša monehelo ka bank transfer, ka debit card kapa ka credit card. Makaleng a mang, motho a ka khona ho o ntša a sebelisa jw.org kapa websaete e ’ngoe.

  • U ka fana ka chelete, mabenyane kapa thepa e ’ngoe ea bohlokoa. U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete kapa thepa eo ke monehelo o tobileng.

MONEHELO O NANG LE LIPEHELO

  • U ka fana ka chelete ’me oa bolela hore u kopa e khutlisoe ha u e hloka.

  • U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete eo e na le lipehelo.

LITSELA TSE LING TSEO U KA NEHELANG KA TSONA

Ka tlaase mona ho thathamisitsoe litsela tse ling tseo u ka nehelang ka tsona ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle. Pele u ntša monehelo, ka kopo ikopanye le ofisi ea lekala e tsamaisang mosebetsi naheng ea heno e le hore u tsebe hore na ke litsela life tse sebetsang. Kaha melao ea naha le ea lekhetho ha e tšoane, u lokela ho buisana le motho ea tsebang molao pele u ntša monehelo.

Inshorense: Haeba u e-na le chelete eo inshorense e tla e lefa ha u hlokahala kapa ha u tlohela mosebetsi, kapa u ea pensheneng, u ka ntša monehelo ka eona ka hore u ngole mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova e le oona o lokelang ho e fuoa.

Liak’haonte Tsa Banka: Ho itšetlehile ka melao ea libanka ea sebakeng sa heno, u ka bula ak’haonte ea banka e le hore ha u hlokahala, chelete eo e oele mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

Li-stock le Li-bond: U ka ’na ua fa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova li-stock le li-bond. U ka boela ua ngola hore ha u hlokahala, li fetisetsoe ho mokhatlo oo.

Setša se Nang le Mohaho: Haeba u e-na le setša se nang le mohaho se ka rekisoang, u ka etsa monehelo ka sona mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Haeba u ntse u lula ho sona u ka lokisetsa hore mokhatlo o tle o se nke ha u se u hlokahetse.

Mangolo a Kabo ea Lefa le Matlole: U ka lokisetsa hore thepa ea hao kapa chelete e fuoe mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha u hlokahala. U ka etsa joalo ka ho ngola lengolo la kabo ea lefa ’me ua bontša hore mokhatlo ke oona mojalefa. Tokisetso ena e ka ’na ea u tsoela molemo ha ho tluoa litabeng tsa lekhetho.

Ho fumana litaba tse eketsehileng, bula link ea “Nehela Mosebetsing oa rōna oa Lefatše Lohle” e botlaaseng ba leqephe le qalang la websaeteng ea rona ea jw.org/st, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela