Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 12/15 maq. 4-5
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mosebetsi o Moholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Botlallo ba Bona bo Koala Khaello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 12/15 maq. 4-5
Motho o ntša monehelo

Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata

’MŌPI oa rōna o hlomphile batho ka ho ba fa bolokolohi ba ho ikhethela. Ho feta moo, o hlohonolofatsa ka ho enneng bao ka ho rata ba ikhethelang ho ntšetsa pele borapeli ba hae le ho kopanela ho halaletseng lebitso la hae le hlomphehang le ho tšehetsa morero oa hae o hlollang. Jehova ha a batle hore re mo mamele hobane feela re tšosoa re bile re qobelloa. Ho e-na le hoo, o oa thaba ha re inehela ho eena hobane re mo rata e le kannete re bile re mo ananela ka ho teba.

Ka mohlala, ha Baiseraele ba le lefeelleng la Sinai, Jehova o ile a ba laela hore ba hahe sebaka sa borapeli. O ile a re: “Har’a lōna nkang monehelo oa Jehova. E mong le e mong ea nang le pelo e ratang a ke a o tlise e le monehelo oa Jehova.” (Ex. 35:5) Moiseraele e mong le e mong o ne a ka fana ka ntho leha e le efe eo a ka e khonang—ho sa tsotellehe hore na e kae—’me monehelo oo oa boithatelo o ne o ka sebelisoa ka tsela leha e le efe e loketseng ho phethahatsa morero oa Molimo. Baiseraele ba ile ba etsa’ng?

“E mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa” le “eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa” a etsa nyehelo ea boithatelo ka “pelo e ratang.” Banna le basali ba ile ba tšehetsa mosebetsi oa Jehova ka ho rata, ’me ba tlisa: lipele, masale, masale a monoana, khauta, silevera, koporo, tšoele e putsoa, boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase, line ea boleng bo botle, boea ba pōli, matlalo a lipheleu a kentsoeng ’mala o mofubelu, matlalo a liqibi, lehong la leoka, majoe a bohlokoa, balsame le oli. Ba ile ba tlisa ‘thepa e lekaneng bakeng sa mosebetsi oohle, ea ba ea feta tekanyo.’—Ex. 35:21-24, 27-29; 36:7.

Ntho e ileng ea thabisa Jehova haholo hase thepa, empa ke tsela eo ba ileng ba fana ka ho rata ka eona ho tšehetsa borapeli bo hloekileng. Ba ile ba boela ba ithaopela ho fana ka nako le matla a bona. Tlaleho e re: “Basali bohle ba nang le lipelo tse bohlale ba ohla ka matsoho.” Ha e le hantle, “basali bohle ba ileng ba susumetsoa ke lipelo tsa bona ka bohlale ba ohla boea ba pōli.” Ho feta moo, Jehova o ile a fa Bezaliele ‘bohlale, kutloisiso le tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho.’ Ha e le hantle, Molimo o ile a fa Bezaliele le Oholiabe tsebo eo ba e hlokang e le hore ba phethe mosebetsi oohle oo ba neng ba lokela ho o etsa.—Ex. 35:25, 26, 30-35.

Ha Jehova a ne a re Baiseraele ba ntše monehelo, o ne a tseba hore “e mong le e mong ea nang le pelo e ratang” o tla tšehetsa borapeli ba ’nete. ’Me eena o ile a ba hlohonolofatsa ka ho enneng ka ho ba tataisa le ho ba fa thabo e khaphatsehang. Ka tsela eo, Jehova o ile a bontša hore o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba fanang ka ho rata, ’me o ba fa thepa le tsebo e hlokahalang e le hore ba finyelle thato ea hae. (Pes. 34:9) Ka sebele, Jehova o tla u hlohonolofatsa ha u ntse u mo sebeletsa ka ho hloka boithati.

KAMOO BA BANG BA KHETHANG HO NEHELA KATENG BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Joaloka mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bangata kajeno ‘ba behella ka thōko’ chelete eo ba tla e tšela lebokoseng la monehelo la phutheho le ngotsoeng “Mosebetsi oa Lefatše Lohle.” (1 Bakor. 16:2) Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova eo li sebeletsang tlas’a eona. Hape, hoa khoneha hore u ka romela monehelo ka ho toba mokhatlong o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno. E le hore u fumane hore na Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno li sebelisa mokhatlo ofe, ka kōpo ikopanye le ofisi ea lekala. U ka fumana aterese ea ofisi ea lekala ho www.jw.org/st. U ka fana ka monehelo ka litsela tse latelang:

MONEHELO O TOBILENG

  • U ka etsa monehelo ka bank transfer, ka debit card, kapa ka credit card. Makaleng a mang, motho a ka khona ho etsa sena a sebelisa jw.org kapa Websaete e ’ngoe e reretsoeng seo.

  • U ka fana ka chelete, mabenyane kapa thepa e ’ngoe ea bohlokoa. U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete kapa thepa eo ke monehelo o tobileng.

HO FANA HO RERILOENG

Ho phaella ho faneng ka chelete le thepa e ’ngoe ea bohlokoa, ho na le litsela tse ling tseo ka tsona u ka tšehetsang mosebetsi oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Li thathamisitsoe ka tlaase mona. Ho sa tsotellehe hore na u batla ho sebelisa tsela efe, ikopanye le ofisi ea lekala pele e le hore u tsebe hore na ke litsela life tse sebetsang naheng ea heno. Kaha melao ea naha le ea lekhetho ha e tšoane, ke habohlokoa hore u buisane le litsebi litabeng tsa molao le lekhetho pele u khetha tsela eo u ka nehelang ka eona.

Inshorense: Ona ke monehelo o etsoang ka hore ho bontšoe hore mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova o tla fuoa chelete eo inshorense e tla e lefa ha motho a shoa kapa a tlohela mosebetsi, kapa a ea pensheneng.

Liak’haonte Tsa Banka: Ho ka etsoa hore liak’haonte tsa banka, lengolo la letsete kapa chelete eo motho a neng a tla e fuoa ha a tlohela mosebetsi, li oele mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha mong’a tsona a e-shoa, ho ea ka melao ea libanka ea sebaka ka seng.

Li-stock le Li-bond: Motho a ka ’na a fa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova li-stock le li-bond e le mpho kapa a etsa hore li oele mokhatlong oo ha a e-shoa.

Setša se Nang le Mehaho: Haeba u batla ho fana ka setša se nang le mehaho, ka kōpo ikopanye le ofisi ea lekala pele. Ofisi ea lekala e tla etsa qeto ea hore na setša seo se ka sebelisoa kapa ho ka ba molemo hore se rekisoe ebe chelete eo e neheloa mosebetsing oa lefatše lohle.

Mangolo a Kabo ea Lefa le Matlōle: Motho a ka fa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova thepa kapa chelete e le lefa ka ho o ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa. Tokisetso ena e ka ’na ea tsoela mofani molemo ha ho tluoa litabeng tsa lekhetho.

Mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno o ka ngolisoa e le oona mojalefa. Ha o oa lokela ho ngolisoa e le oona o tla bona hore thato ea mofu e ea phethoa, o tla aba kapa hona ho hlokomela thepa.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng ka tlaase mona, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela