Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 11/15 maq. 8-9
  • Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botlallo ba Bona bo Koala Khaello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Mosebetsi o Moholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • “Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 11/15 maq. 8-9

Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng

MOHOLO e mong ea bitsoang François ea lulang naheng e futsanehileng o re: “Ho ile ha e-ba le merusu ka mor’a hore ho phatlalatsoe sephetho sa likhetho, ’me Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa tlameha ho baleha. Ho ne ho se na lijo le meriana e lekaneng, ’me le tse teng li ne li bitsa haholo. Libanka li ile tsa koaloa, ’me mechine ea chelete e se na letho kapa e sa sebetse.”

Barab’abo rōna ba tsoang ofising ea lekala ba ile ba phallela Lipaki tse balehetseng Liholong Tsa ’Muso ka chelete le lintho tse ling. Batšehetsi ba mekha e loantšanang ba ne ba koala litsela, empa kaha ba ne ba tseba hore Lipaki ha li kenelle lipolotiking, hangata ba ne ba lumella likoloi tsa lekala hore li fete.

François o re: “Ha re ea Holong e ’ngoe ea ’Muso, litlokotsebe tse ipatileng li ile tsa thunya koloi ea rōna. Leha ho le joalo, likulo tseo li ile tsa re fosa. Ha re bona lesole le leng le tla le matha le re lebile le tšoere sebetsa, re ile ra emisa koloi eaba rea tjeka ’me ra e hata ho khutlela lekaleng. Re ile ra leboha Jehova ha a re sirelelitse. Ka le hlahlamang, barab’abo rōna ba 130 ba neng ba le Holong eo ea ’Muso ba ile ba fihla sebakeng se sireletsehileng. Ba bang ba ile ba tla ofising ea lekala, moo re ileng ra ba hlokomela moeeng le nameng ho fihlela lintho li khutletse setloaeling.”

François o re: “Hamorao ofisi ea lekala e ile ea fumana mangolo a mangata a liteboho a tsoang ho barab’abo rōna ba likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Ha ba hlokomela kamoo barab’abo bona ba libakeng tse ling ba ba thusitseng kateng, seo se ile sa etsa hore ba tšepe Jehova le ho feta.”

Ha bara le barali babo rōna ba oeloa ke likoluoa, ebang ke tsa tlhaho kapa tse bakiloeng ke batho, ha re re ho bona, “le futhumale ’me le khore.” (Jak. 2:15, 16) Ho e-na le hoo, re leka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang. Ka ho tšoanang, ka mor’a hore barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba lemosoe ka tlala e tlang, ba ile “ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo leha e le mang a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea.”—Lik. 11:28-30.

Kaha re bahlanka ba Jehova, re ithaopela ho thusa batho ba hlokang. Leha ho le joalo, batho ba boetse ba na le tlhoko ea moea. (Mat. 5:3) Ho ba thusa hore ba ele hloko tlhoko eo le hore ba e khotsofatse, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse batho barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ka bo-mong re fana ka nako ea rōna, matla le matlotlo ho phethahatsa thōmo eo. Re le mokhatlo, re sebelisa chelete e ’ngoe ea monehelo ho thusa batho ka lintho tseo ba li hlokang, empa ntho e ka sehloohong ke hore e sebelisetsoe ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso le ho phatlalatsa litaba tse molemo. Kahoo re bontša hore re rata Molimo le baahelani ba rōna.—Mat. 22:37-39.

Ba tšehetsang mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle ba ka kholiseha hore monehelo oo ba fanang ka oona o sebelisoa ka ho loketseng. Na u ka phallela barab’abo rōna ba hlokang thuso? Na u batla ho tšehetsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa? Haeba ho joalo, “u se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.”—Liprov. 3:27.

KAMOO BA BANG BA KHETHANG HO NEHELA KATENG BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Joaloka mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bangata kajeno ‘ba behella ka thōko’ chelete eo ba tla e tšela lebokoseng la monehelo la phutheho le ngotsoeng “Mosebetsi oa Lefatše Lohle.” (1 Bakor. 16:2) Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova eo li sebeletsang tlas’a eona. Hape, hoa khoneha hore u ka romela monehelo ka ho toba mokhatlong o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno. E le hore u fumane hore na Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno li sebelisa mokhatlo ofe, ka kōpo ikopanye le ofisi ea lekala. U ka fumana aterese ea ofisi ea lekala ho www.jw.org/st. U ka fana ka monehelo ka litsela tse latelang:

  • MONEHELO O TOBILENG

    • U ka fana ka chelete, mabenyane kapa thepa e ’ngoe ea bohlokoa.

    • U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete kapa thepa eo ke monehelo o tobileng.

  • HO FANA HO RERILOENG

    Ho phaella ho faneng ka chelete le thepa e ’ngoe ea bohlokoa, ho na le litsela tse ling tseo ka tsona u ka tšehetsang mosebetsi oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Li thathamisitsoe ka tlaase mona. Ho sa tsotellehe hore na u batla ho sebelisa tsela efe, ikopanye le ofisi ea lekala pele e le hore u tsebe hore na ke litsela life tse sebetsang naheng ea heno. Kaha melao ea naha le ea lekhetho ha e tšoane, ke habohlokoa hore u buisane le litsebi litabeng tsa molao le lekhetho pele u khetha tsela eo u ka nehelang ka eona.

    Inshorense: Ona ke monehelo o etsoang ka hore ho bontšoe hore mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova o tla fuoa chelete eo inshorense e tla e lefa ha motho a shoa kapa a tlohela mosebetsi, kapa a ea pensheneng.

    Liak’haonte Tsa Banka: Ho ka etsoa hore liak’haonte tsa banka, lengolo la letsete kapa chelete eo motho a neng a tla e fuoa ha a tlohela mosebetsi, li oele mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha mong’a tsona a e-shoa, ho ea ka melao ea libanka ea sebaka ka seng.

    Li-stock le Li-bond: Motho a ka ’na a fa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova li-stock le li-bond e le mpho kapa a etsa hore li oele mokhatlong oo ha a e-shoa.

    Setša se Nang le Mehaho: Haeba u batla ho fana ka setša se nang le mehaho, ka kōpo ikopanye le ofisi ea lekala pele. Ofisi ea lekala e tla etsa qeto ea hore na setša seo se ka sebelisoa kapa ho ka ba molemo hore se rekisoe ebe chelete eo e neheloa mosebetsing oa lefatše lohle.

    Mangolo a Kabo ea Lefa le Matlōle: Motho a ka fa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova thepa kapa chelete e le lefa ka ho o ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa. Tokisetso ena e ka ’na ea tsoela mofani molemo ha ho tluoa litabeng tsa lekhetho. Mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno o ka ngolisoa e le oona mojalefa. Ha o oa lokela ho ngolisoa e le oona o tla bona hore thato ea mofu e ea phethoa, o tla aba kapa hona ho hlokomela thepa.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla kapa ho letsetsa ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

ACCOUNTING OFFICE

Sheba aterese ea ofisi ea lekala ho www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela