Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w16 November maq. 19-20
  • “Mosebetsi o Moholo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mosebetsi o Moholo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Botlallo ba Bona bo Koala Khaello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
w16 November maq. 19-20
Morena Davida o bontša o bontša motho moralo oa tempele; mor’abo rōna o shebile moralo oa kaho

“Mosebetsi o Moholo”

KE NAKO ea seboka sa bohlokoa Jerusalema. Morena Davida o bitsitse likhosana tsohle tsa hae, balaoli ba lekhotla le banna bohle ba matla. Ba ile ba thaba ha ba utloa ho etsoa tsebiso e khethehileng. Jehova o ne a laetse mora oa Davida e leng Solomone hore a hahe ntlo e ikhethang e neng e tla neheloa borapeling ba Molimo oa ’nete. Morena ea neng a se a tsofetse oa Iseraele o ne a filoe moralo oa kaho ponong, ’me a o fa Solomone. Davida o ile a re: “Mosebetsi o moholo; etsoe qhobosheane ena hase ea motho, empa ke ea Jehova Molimo.”—1 Likron. 28:1, 2, 6, 11, 12; 29:1.

Eaba Davida o oa botsa o re: “Ke mang ea ithaopelang ho tlatsa letsoho la hae kajeno ka mpho bakeng sa Jehova?” (1 Likron. 29:5) Hoja u ne u le teng moo, u ka be u ile ua araba joang? Na u ka be u ile ua susumelletseha ho tšehetsa mosebetsi oo o moholo? Baiseraele ba ile ba ikakhela ka setotsoana. Ka sebele, ba ile “ba thaba ka lebaka la ho . . . etsetsa Jehova linyehelo tsa boithaopo ka pelo e feletseng.”—1 Likron. 29:9.

Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a qala mosebetsi o mong o moholo ho feta oa ho haha tempele. O ile a qala tempele ea moea e leng mocha oo batho ba ka o sebelisang ho mo rapela ba iphaphathile ka sehlabelo sa Jesu. (Baheb. 9:11, 12) Jehova o thusa batho joang hore ba boelane le eena mehleng ee? Ka mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa. (Mat. 28: 19, 20) Ka lebaka la mosebetsi ona, selemo le selemo batho ba limilione ba ithuta Bibele, ba likete baa kolobetsoa ’me ho thehoa liphutheho tse makholo.

Ho phaella moo, khōlo ena e etsa hore ho hatisoe lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse eketsehileng, ho hahoe ho be ho nchafatsoe Liholo Tsa ’Muso, ’me ho batloe libaka tseo ho tšoareloang likopano tse khōlō le tse nyenyane ho tsona. Ka sebele mosebetsi oo re o etsang oa ho phatlalatsa litaba tse molemo o moholo ebile o oa putsa!—Mat. 24:14.

Kaha re rata Molimo le moahelani ebile rea hlokomela hore mosebetsi oa ho paka o potlakile, sena se re susumelletsa ho ithaopela ho fana “ka mpho bakeng sa Jehova.” Ruri hoa thabisa ho “hlompha Jehova ka lintho tsa [rōna] tsa bohlokoa” le ho bona kamoo lekhoba le tšepahalang le le masene le li sebelisang kateng molemong oa ho etsa mosebetsi ona o moholo ka ho fetisisa.—Liprov. 3:9.

Kamoo Ba Bang Ba Khethang Ho Nehela Kateng Bakeng Sa Mosebetsi Oa Lefatše Lohle

Joaloka Bakreste ba mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bangata kajeno ba behella ka thōko chelete eo ba tla e tšela lebokoseng la monehelo la phutheho bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. (1 Bakor. 16:2) Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova eo li sebeletsang tlas’a eona. U ka boela ua romela monehelo ka ho toba mokhatlong o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova naheng ea heno. E le hore u fumane lebitso la mokhatlo oo, ka kōpo kena ho www.jw.org/st ’me u ikopanye le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa heno. U ka fana ka monehelo ka litsela tse latelang:

MONEHELO O TOBILENG

  • U ka etsa monehelo ka bank transfer, ka debit card, kapa ka credit card. Makaleng a mang, motho a ka khona ho etsa sena a sebelisa jw.org kapa websaete e ’ngoe e reretsoeng seo.

  • U ka fana ka chelete, mabenyane kapa thepa e ’ngoe ea bohlokoa. U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete kapa thepa eo ke monehelo o tobileng.

MONEHELO O NANG LE LIPEHELO

  • U ka fana ka chelete ’me ua bolela hore u kōpa e khutlisoe ha u e hloka.

  • U lokela ho ngola lengolo le bontšang hore chelete eo e na le lipehelo.

LITSELA TSE LING TSEO U KA NEHELANG KA TSONA

Ka tlaase mona ho thathamisitsoe litsela tse ling tseo u ka nehelang ka tsona ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle. Pele u ntša monehelo ka kōpo ikopanye le ofisi ea lekala e tsamaisang mosebetsi naheng ea heno e le hore u tsebe hore na ke litsela life tse sebetsang. Kaha melao ea naha le ea lekhetho ha e tšoane, ke habohlokoa hore u buisane le motho ea tsebang molao pele u ntša monehelo.

Inshorense: Haeba u e-na le chelete eo inshorense e tla e lefa ha u hlokahala kapa ha u tlohela mosebetsi, kapa u ea pensheneng, u ka ntša monehelo ka eona ka hore u ngole mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova e le oona o lokelang ho e fuoa.

Liak’haonte Tsa Banka: Ho itšetlehile ka melao ea libanka ea sebakeng sa heno, u ka bula ak’haonte ea banka, kapa ua etsa certificate of deposit, kapa ua etsa hore chelete eo u tla e fuoa ha u tlohela mosebetsi e oele mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha u hlokahala.

Li-stock le Li-bond: U ka ’na ua fa mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova li-stock le li-bond. U ka boela ua ngola hore li fetisetsoe ho mokhatlo oo ha u hlokahala.

Setša se Nang le Mohaho: Haeba u e-na le setša se nang le mohaho se ka rekisoang, u ka etsa monehelo ka sona mokhatlong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Haeba u ntse u lula ho sona u ka lokisetsa hore mokhatlo o tle o se nke ha u se u hlokahetse.

Mangolo a Kabo ea Lefa le Matlōle: U ka lokisetsa hore thepa ea hao kapa chelete e fuoe mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha u hlokahala. U ka etsa sena ka ho ngola lengolo la kabo ea lefa ’me ua bontša hore mokhatlo ke oona mojalefa. Tokisetso ena e ka ’na ea u tsoela molemo ha ho tluoa litabeng tsa lekhetho.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bula link ea “Nehela Mosebetsing oa rōna oa Lefatše Lohle” e botlaaseng ba leqephe le qalang la websaeteng ea rōna ea jw.org/st, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela