Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 5/15 maq. 2-4
  • Re Tlameha ho Tseba Hore na Molimo ke Mang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Tlameha ho Tseba Hore na Molimo ke Mang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Rapela Molimo Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Molimo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 5/15 maq. 2-4

Re Tlameha ho Tseba Hore na Molimo ke Mang

NA HA u thabe bosiu ha ho elile ’me u bona linaleli li itse shatalala! leholimong? Na ha u natefeloe ke lephoka le monate la lipalesa tse mebala-bala? Na ha u thabele ho mamela lipina tsa linonyana le molumo oa makhasi ha ho foka moea o mosesaane? Maruarua a matla le libōpuoa tse ling tsa leoatle li hlolla hakaakang! Joale e ntan’o ba batho ka letsoalo le sebetsang ka tlhaho le boko bo rarahaneng ka mokhoa o tsotehang. Na u ka bolela hore na lintho tsee tsohle tse hlollang tse re potolohileng li bile teng joang?

Ba bang ba lumela hore li itlhahetse feela tjee ka tsietsi. Empa haeba ho joalo, ke hobane’ng ha batho ba lumela hore Molimo o teng? Ho kopana ka tsietsi ha metsoako e fapa-fapaneng ho ke ke ha hlahisa libōpuoa tse nang le seo li se hlokang moeeng.

“Bolumeli bo metse ka metso mothong ’me bo fumanoa maemong ’ohle a moruo le limelong tsohle tsa thuto.” Polelo ena e akaretsa phuputso eo Moprofesa Alister Hardy a ileng a e ngola bukeng ea hae e bitsoang The Spiritual Nature of Man. Liteko tse entsoeng ka boko morao tjena li susumelelitse litsebi tse ling tsa methapo ho bolela hore ka tlhaho batho ba bōpelletsoe le borapeli. Buka e nang le sehlooho se reng Is God the Only Reality? e re: “Ho tloha tšimolohong haesale batho ba limelo tsohle le ba mehla eohle . . . ba sebelisa bolumeli ha ba hlalosa lintho.”

Hlahloba qeto e ileng ea fihleloa ke motho e mong oa morutehi lilemong tse fetileng tse 2 000. O ile a ngola a re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Ha e le hantle, temana ea pele feela ea Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.”—Genese 1:1.

Leha ho le joalo, Molimo ke mang? Batho ba araba potso ena ka litsela tse sa tšoaneng. Ha mocha e mong oa Lejapane ea bitsoang Yoshi a ne a botsoa hore na Molimo ke mang, o ile a araba ka ho re: “Ha ke tsebe hantle. ’Na ke Mobuddha, ’me hase habohlokoa hore ke tsebe hore na Molimo ke mang.” Leha ho le joalo, Yoshi o ile a lumela hore ba bangata baa amohela hore Buddha ke molimo. Nick, eo e leng mohoebi ea ka bang ka holimo ho lilemo tse 60, o lumela ho Molimo ’me o nahana hore ke matla a maholo ka ho fetisisa. Ha a ne a kōptjoa hore a hlalose seo a se tsebang ka Molimo, ka mor’a ho imamela ho se hokae, Nick o ile a araba a re: “Motsoall’a ka, potso ena e thata haholo. Seo nka se bolelang feela ke hore Molimo o teng.”

Batho ba bang ba “rapela le ho sebeletsa seo Molimo a se bōpileng ho e-na le ho rapela Molimo ka boeena.” (Baroma 1:25, Today’s English Version) Batho ba limilione ba rapela balimo, ba lumela hore Molimo o hōle haholo. Bolumeling ba Mahindu, ho na le melimo le melimotsana e mengata. Melimo e fapa-fapaneng e kang Zeuse le Hermese e ne e rapeloa mehleng ea baapostola ba Jesu Kreste. (Liketso 14:11, 12) Likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li ruta hore Molimo ke Boraro-bo-bong, e leng Molimo Ntate, Molimo Mora le Molimo Moea o Halalelang.

Ka sebele, Bibele e re ‘ho na le “melimo” e mengata le “marena” a mangata.’ Leha ho le joalo, ea phaella: “Ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong Ntate, eo lintho tsohle li tsoang ho eena.” (1 Bakorinthe 8:5, 6) E, ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete. Empa ke mang? O joang? Ke habohlokoa hore re tsebe likarabo tsa lipotso tsena. Jesu ka boeena ha a ne a rapela Enoa o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho na le lebaka la ho lumela hore boiketlo ba rōna ba ka ho sa feleng bo itšetlehile ka ho tseba ’nete ka Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Li bile teng joang?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Whale: Courtesy of Tourism Queensland

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Index Stock Photography © 2002

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela